Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka October: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Moo ho fumanoang thahasello ho ka ’na ha nehelanoa ka lipeeletso. (Ena ke phetoho e mabapi le lingoliloeng tse thathamisitsoeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona tse boletsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September.) Ho qala ka la 12 October, ho tla abuoa Kingdom News No. 35. November: Ho abuoa ha Kingdom News No. 35 ho tla tsoela pele. Liphutheho tse phethang tšimo ea tsona ka ho finyella beng ba matlo lelapeng le leng le le leng kapa sebakeng se seng le se seng sa bolulo ka kopi ea Kingdom News No. 35 li ka nehelana ka buka ea Tsebo ka monehelo oa R4,00. December: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R8,00. January: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R12,00, kapa Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R6,00.
◼ Kenyelletso e leng tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ke ea “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1998” ’me e lokela ho bolokoa bakeng sa litšupiso ho pholletsa le 1998.
◼ Kaha khoeli ea November e na le mafelo-beke a mahlano, mohlomong e ka ba nako e loketseng hore ba bangata e be bo-pula-maliboho ba thusang.
◼ Linako tsa liboka tsa liphutheho tse ngata li tla fetoha ka la 1 January. Ka lebaka leo, ho ka ’na ha hlokahala hore li odare limemo tse ncha tse bontšang linako tse fetotsoeng tsa liboka.
◼ Ka kōpo tsebisang molebeli oa lōna ea okamelang ka litlaleho leha e life tsa bohlokoa tsa phatlalatso ea litaba, ebang ke tse ntle kapa tse mpe tse ka ’nang tsa ama pono ea batho ka Lipaki tsa Jehova. O lokela ho li romela ho Mokhatlo.
◼ Liphutheho joale li ka odara temana ea selemo ea 1998 ka Seafrikanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa le Sezulu ka monehelo oa R14,00 e le ’ngoe, ’me e tla lefisoa molatong oa libuka. Liphutheho tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le liodara tsa tsona. Ho etsoa tlhahiso ea hore liphutheho tsohle li manehe temana e ncha ea selemo ka la 1 January, 1998.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1998 hammoho le liodara tsa tsona tsa kamehla tsa libuka ho tloha ka la 1 October. Libukana tseo li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sechichewa, Sefora, Segerike, Sejeremane, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela ha libukana tsena li fumaneha le ho romeloa, ho tla ’ne ho ngoloe “Back Ordered” ho li-invoice tsa phutheho. Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka R2,00 e le ’ngoe, e leng theko ea bahoeletsi le bo-pula-maliboho. Bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng ba bileng lethathamong pele ho la 1 July, 1997, ba ka fumana kopi e le ’ngoe e sa lefelloeng. Liphutheho tse se nang molato ho Mokhatlo kapa tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le liodara tsa tsona. Ho lokela hore ho tlatsoe foromo e ’ngoe e ka thōko ea Tefello le Kōpo ea Phokoletso (S-AB-20) e bontšang likopi tse sa lefelloeng tsa bo-pula-maliboho. Tsena li lokela ho odaroa ka phutheho. RE KHOTHALLETSA SETHO SE SENG LE SE SENG SA LELAPA, HO AKARELLETSA LE BANA BA TSEBANG HO BALA, HO BA LE LIKOPI TSA BONA TSA BUKANA ENA.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Pampitšana ea Kingdom News No. 35 HA EA lokela ho tlalehoa maqetšoaneng a peho a S-4 kapa kareteng ea Peho ea Phutheho (S-1) e le tse tsamaisitsoeng.
◼ Likhatiso Tse Ncha Tse Fumanehang:
Watch Tower Publications Index 1996 (phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho: R2,00)—Senyesemane