Na U Paki ea Nako e Tletseng?
1 Na u ka araba ka e, potsong ee? Le hoja e se bahlanka bohle ba Jehova ba ka ngolisang bakeng sa tšebeletso ea nako e tletseng, na hase ho utloahalang ho lebella hore kaofela ha rōna re lokela ho italima re le Lipaki tsa hae tsa nako e tletseng? Ka sebele re lokela ho etsa joalo.
2 Ha ho khonehe ho ba Mokreste ka nako e itseng feela. Jesu o itse ka Ntate oa hae: “Ka mehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” (Joh. 8:29) Pauluse ea ileng a ikutloa ka tsela e tšoanang, o re phehella ‘ho etsa lintho tsohle bakeng sa khanya ea Molimo.’ (1 Bakor. 10:31) Ka lebaka leo, kaofela ha rōna re lokela ho inka re le Lipaki tsa Jehova tsa nako e tletseng. Ho nahana ha rōna ka tsela ena ho tla re susumetsa ka tsela e molemo mosebetsing o mong le o mong oo re o phehellang.
3 Nahana ka Bopaki: Ponahalo ea rōna, puo le boitšoaro li ka bontša batho ba bang hore ka sebele re Lipaki tsa Jehova. Re hlokolosi ka hore hoa hlokahala hore re be le ponahalo e leka-lekaneng, puo e hlomphehang le boitšoaro bo loketseng ka linako tsohle ha re le tšebeletsong ea tšimo kapa ha re le libokeng tsa Bokreste. Leha ho le joalo, ebang re ea sekolong, mosebetsing oa boipheliso kapa re boithabisong, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang e lokela ho fana ka bopaki ba hore re phela ka litekanyetso tse lokileng tsa Jehova.
4 Jesu o itse: “Motse o ke ke oa pateha ha o lutse holim’a thaba. . . . Leseli la lōna a le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntate oa lōna ea leng maholimong.” (Mat. 5:14-16) Sena e lokela ho ba ’nete ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang ka linako tsohle. Haeba le ka mohla re ikutloa re le monyebe ho fana ka bopaki ka lebaka la sebaka seo re leng ho sona kapa ka lebaka la seo re se etsang, ho hlokahala hore re ipotse, ‘Na ke sebeletsa Jehova ka nako e itseng feela kapa ka nako e tletseng?’ E se eka le ka mohla re ke ke ra tlohela ho sebelisa monyetla o mong le o mong ho buisana le ba bang ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.
5 Hopola, re hlompha le ho thabisa Jehova haeba re arabela ka “E!” e utloahalang potsong ena, “Na U Paki ea Nako e Tletseng?”