Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/97 leq. 12
  • Aba Kingdom News No. 35 ka ho Pharaletseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Aba Kingdom News No. 35 ka ho Pharaletseng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lilemo Tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Phutuho e Khethehileng ka la 16 October–12 November!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • “Ho Hongata Hoo le ho Etsang Mosebetsing oa Morena”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • E-ba ea “Chesehelang Mesebetsi e Metle” ka April!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 10/97 leq. 12

Aba Kingdom News No. 35 ka ho Pharaletseng

1 October le November e tla ba likhoeli tse maphathaphathe ho rōna bohle. Matsatsing a pele a 11 a October, re tla tsamaisa likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Joale, ho tloha ka Sontaha, la 12 October, ho fihlela ka Sontaha, la 16 November, re tla kopanela kabong ea lefatše lohle ea Kingdom News No. 35. E tla ba tokelo ea rōna ho isetsa batho bohle ba leng tšimong ea rōna molaetsa ona oa bohlokoa. Molaetsa ona ke karabo potsong ena, “Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?” Nakong ea phutuho ena e khethehileng, re tla aba Kingdom News No. 35 har’a beke. Mafelong a beke, ho phaella ho nehelaneng ka Kingdom News, re tla tsamaisa litokollo tsa limakasine tsa morao-rao.

2 Ke Bo-mang ba ka Kopanelang? Joalokaha ho tloaelehile, baholo ba tla etella pele mosebetsing ona. E mong le e mong o thabela ho tsamaisa Kingdom News, ’me ha ho pelaelo hore bahoeletsi ba bangata ba tla ngolisa joaloka bo-pula-maliboho ba thusang khoeli e le ’ngoe kapa tse peli nakong ea phutuho. Bahoeletsi ba bang ba tla rata ho sebetsa nako e eketsehileng ho feta ka ho tloaelehileng tšebeletsong.

3 Na u na le seithuti sa Bibele se seng se hatetse pele thutong ea sona ka buka ea Tsebo seo hape haufinyane se tla tšoaneleha ho kopanela tšebeletsong ea tšimo? Mohlomong se ka fetoha mohoeletsi ea sa kolobetsoang ka nako e le hore se ka kopanela phutuhong ea Kingdom News. Ho hlokahala feela nehelano ena e bonolo bakeng sa ho nehelana ka pampitšana. Ka mohlala, u ka ’na ua re: “Molaetsa ona o bohlokoa hoo o abuoang lefatšeng lohle khoeling ena ka lipuo tse 169. Ke rata ho u siela kopi ea hao.” Esita le bana ba banyenyane ba ka kopanela hamolemo mosebetsing ona o thabisang.

4 Bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho khothatsa setho se seng le se seng se leng sehlopheng sa bona ho kopanela ka botlalo kabong ea Kingdom News No. 35. Mohlomong ho boetse ho teng bahoeletsi ba neng ba se ba sa kopanele tšebeletsong empa ba rata ho boela ba kopanela hape haeba ba fuoa khothatso e hlokahalang. Pele ho phutuho, baholo ba lokela ho etela e mong le e mong oa bahoeletsi bana ho bona se ka etsoang ho ba thusa hore ba tsamaee le bahoeletsi ba nang le phihlelo tšobotsing ena ea boboleli.

5 Re ka Kopana Neng Bakeng sa Tšebeletso? Mosebetsi ona oohle o tla hloka litokisetso tse loketseng le tse sebetsang tsa ho paka ka sehlopha. Ha ho khoneha, liboka tsa tšebeletso li lokela ho hlophisoa bakeng sa letsatsi ka leng har’a beke, mafelong a beke le mantsiboea. Li lokela ho tšoaroa linakong tse tlang ho lumella bahoeletsi le bo-pula-maliboho ho sebelisa nako ea ho paka ka botlalo. Ho ka boela ha etsoa litokisetso tsa ho kopana motšehare oa mantsiboea molemong oa bana ba sekolo, ba sebetsang lichifi le ba bang. Molebeli oa tšebeletso o lokela ho tiisa hore ho tla ba le tšimo e lekaneng ea ntlo le ntlo le ea mabenkele hore e mong le e mong a ka kopanela ka botlalo mosebetsing. Moo ho nang le bahoeletsi ba bangata, ka bohlale ba lokela ho bona hore na ke ba bakae ba ka sebetsang karolong e fanoeng ea tšimo.

6 Ho Thoe’ng ka ba Sieo Malapeng? Re batla ho buisana ka seqo le beng ba matlo ba bangata kamoo ho ka etsahalang kateng bakeng sa ho ba hlalosetsa lebaka leo ka lona ba lokelang ho bala Kingdom News No. 35. Kahoo haeba ho se na motho lapeng leo nakong ea ketelo, ngola aterese le ho khutlela ka nako e ’ngoe e fapaneng ea letsatsi. Haeba bofelong ba beke ea ho qetela ea phutuho boiteko ba hao ba ho iteanya le beng bana ba matlo bo sa atleha, u ka siea kopi ea Kingdom News monyako moo batho ba fetang ka tsela ba ke keng ba e bona. Libakeng tsa bolulo, falimehela ho tsamaisetsa batho ba fetang seterateng Kingdom News. Ha le sebetsa tšimo e sa abuoang, libakeng tsa mahae kapa moo ho nang le tšimo e khōloanyane e ka akaretsoang nakong ea phutuho, kopi ea Kingdom News e ka siuoa malapeng a se nang batho ketelong ea pele.

7 Boikemisetso ba Rōna ke Bofe? Liphutheho li lokela ho ikitlaetsa ho tsamaisa thomello eohle ea tsona ea Kingdom News ho akaretsa tšimo eohle ea tsona pele phutuho e fela ka la 16 November. Haeba kabelo ea tšimo ea phutheho ea lōna e le khōlō haholo ’me ho sireletsehile ho sebetsa u le mong ho e-na le ho sebetsa le motho e mong, u ka ’na ua fumana ho le molemo ho etsa joalo. Sena se tla etsa hore u finyelle batho ba tšoanelehang ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang ka litaba tse molemo. (Mat. 10:11) Tiisa hore u boloka tlaleho e ntle ea ba bontšitseng thahasello.

8 Na U se U Loketse ho Qalisa? Baholo ba lokela ho lekanyetsa hore na ke limakasine tse kae tse eketsehileng tseo phutheho e tla li hloka le ho li odara ka ho loketseng. Ho tla romelloa thomello ea Kingdom News No. 35 phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe. Bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba kamehla le ba thusang ba tla fumana likopi tse 250 motho ka mong hore ba li abe, ha bahoeletsi ba phutheho bona ba tla amohela tse 50 motho ka mong. Re bebofalelitsoe mosebetsi. Na u labalabela ho kopanela mosebetsing ona o thabisang? Ha ho pelaelo hore ho joalo. A re abeng molaetsa ona oa bohlokoa o thehiloeng Bibeleng o leng ho Kingdom News No. 35 ka ho pharaletseng kamoo ho ka khonehang kateng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela