E-ba ea “Chesehelang Mesebetsi e Metle” ka April!
1 Selemong se fetileng ho fanoe ka bopaki boo ho seng bo lekanang le bona ha ho ne ho ajoa likopi tse limilione tsa Kingdom News No. 34 lefatšeng ka bophara. Bahoeletsi ba phutheho le bo-pula-maliboho ka ho tšoana ka cheseho ba ile ba kopanela mosebetsing ona o susumetsang. Na u ne u le har’a bona? Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore u ile ua thabela haholo ho ba le karolo phutuhong eo e tsotehang. Joale e ka ’na eaba ua ipotsa, Re letetsoe ke ‘mosebetsi ofe o motle’ selemong see?—Tite 2:14.
2 Ka April le mathoasong a May, re tla thabela ho aba khatiso e khethehileng ea makasine ea Tsoha! ea May 8, 1996, e nang le sehlooho se reng “Ha Lintoa li se li se Teng.” Kaha taba ena e tla ipiletsa ho beng ba matlo ba bangata, re tla ikemisetsa ho aba makasine ena haholo kamoo ho ka khonehang. Ka lebaka la bohlokoa ba boitsebiso boo e bo fupereng, tokollo ena ea Tsoha! e lokela ho buelloa ka April ho kenella ho May, ho fihlela ha e felile.
3 Pakane ea Rōna—Ho Kopanela ha Bahoeletsi Bohle: Ka sebele e tla ba ho khothatsang haeba mohoeletsi e mong le e mong naheng ena a ka kopanela mosebetsing ona oa ho bolela ka April. Re sa ntse re hopotse ho ketekoa ha Sehopotso sa lefu la Kreste, ka sebele re tla rata ho bontša kananelo ea rōna bakeng sa mosa oa Molimo ka ho nehelana ka “sehlabelo sa thoriso” se tobileng tšebeletsong ea tšimo.—Baheb. 13:15.
4 Ho lokela ho etsoe boiteko bo matla ho lemoha litlhoko tsa setho se seng le se seng sa phutheho e le hore bohle ba ka kopanela ka cheseho tšebeletsong ena ka April. (Baroma 15:1) Bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho hlokomela maemo a ba leng sehlopheng sa bona ka botlalo ’me ba fane ka thuso e sebetsang ha ho hlokahala. Na ho na le ea hlokang sepalangoang? Ke mang ea ka se lokisetsang? Na ho na le ba boi kapa ba sa phutholoheng? Na bahoeletsi ba nang le phihlelo e khōloanyane ba ka sebetsa le bona? Ho thoe’ng ka ba sa khoneng ho tsoha liphateng kapa ba kulang? Na ba ka kopanela bopaking ka ho sebelisa thelefono, ka ho ngola mangolo kapa ka tšebeletso e ’ngoe e behang litholoana?
5 Ba bang ba fetohileng ba sa tsoeng kamehla ba ’nile ba amohela khothatso ea moea kamehla, ’me e ka ’na eaba ba susumeletsehile ho kopanela mosebetsing oa ho bolela hape. Phutuho ka Tsoha! e khethehileng e tla ba neha monyetla o motlehali oa ho re ba tsosolosehe.
6 Koetlisa ba Bacha Lilemong Hore ba Kopanele: Bana ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba ’nile ba tsamaea le batsoali ba bona ka ntlo le ntlo ka lilemo, le hoja ba e-s’o sebeletse e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Na joale ke nako ea hore ba qale? Na ba susumeletsehile ho tloha pelong, hona na ba loketse ho kopanela ka tsela e nang le morero mosebetsing oa ntlo le ntlo? Lihlooho tsa malapa li lokela ho sebelisa nako e itseng nakong ea thuto ea lelapa ea Bibele ho thusa bana ba bona ba tšoanelehang ho lokisetsa nehelano e loketseng e mong le e mong ho latela lilemo tsa hae le ho khona ha hae. Ba baholoanyane ba ka khetha potso e susumeletsang motho ho nahana ka ho teba eo a ka tsosang thahasello ka eona ho mong’a ntlo ’me ebe u supa karabelo makasineng. Bana ba banyenyane ba ka fana ka bopaki bo hlahisang litholoana ka mantsoe a seng makae feela. Ka mohlala, ba ka khothaletsa mong’a ntlo ho “bala makasine e khethehileng e ntseng e fanoa lefatšeng ka bophara khoeling ena.” E le karolo ea ho lokisetsa ha lelapa la hao, etsa bonnete ba ho kopanyelletsa litlhahiso tsa ho hlōla likhanyetso tse tloaelehileng. U tla fumana likhopolo tse ngata tse ntle bukeng ea Ho Bea Mabaka. Linakong tsa lijo le liketsahalong tse ling tse loketseng, khothaletsa litho tsa lelapa ho pheta liphihlelo tseo ba bileng le tsona tšebeletsong ea tšimo.
7 Liithuti Tsa Bibele Tse Tšoanelehang li Etsa Mosebetsi o Entsoeng ke Jesu: Jesu ha aa ka a etsa hore ho ruta ha hae ho felle feela ka ho fana ka taelo mabapi le litaba tsa thuto ea motheo. O ile a tsamaea le liithuti tsa hae tšebeletsong ’me a li ruta mokhoa oa ho bolela. (Luka 8:1; 10:1-11) Boemo ke bofe kajeno? Ho khannoa lithuto tsa Bibele tse fetang 65 000 Afrika Boroa le linaheng tsa boahisani tse ka tlas’a lekala la rōna. Ha ho pelaelo hore ka khothatso e loketseng ba bangata ho liithuti tsena ba ka nka bohato bo latelang boikoetlisong ba bona ’me ba tšoanelehela ho sebeletsa e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang ka April.
8 Haeba u khanna thuto ea Bibele, nahana ka lipotso tsena: Na seithuti see se tsoela pele, ho lumellana le lilemo tsa sona le bokhoni ba sona? Na se se se qalile ho kopanela tumelo ea sona le ba bang ka tsela e sa reroang? Na se apara “botho bo bocha”? (Bakol. 3:10) Na se finyella litšoaneleho tsa bahoeletsi ba sa kolobetsoang, tse thathamisitsoeng leqepheng la 97 ho ea ho la 99 la buka ea Tšebeletso ea Rōna? Haeba u lumela hore sea tšoaneleha, ke hobane’ng ha u sa buisane le sona ka taba ee? Liithuti tse ling li hloka feela memo e tobileng bakeng sa ho kopanela mosebetsing ona. Ka ho hlakileng, haeba seithuti se rata, pele ho tla hlokahala hore molebeli ea okamelang a lokisetse ka tsela e tloaelehileng hore baholo ba babeli ba buisane le sona. Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba ho na le se khinang tsoelo-pele ea seithuti. Mohlomong e mong oa baholo a ka tsamaea le uena ha u e-ea thutong ea Bibele ’me a fata maikutlo a seithuti mabapi le hore na se ikutloa joang ka ’nete. Ka mor’a ho mamela seo seithuti se se buileng, moholo a ka ’na a khona ho fana ka litlhahiso tse sebetsang, hammoho le thuso ea Mangolo.
9 ‘Ithekele Nako’ ea ho ba Pula-maliboho ea Thusang: Selemo se seng le se seng ka nako ea Sehopotso, ho leboha thekollo ho susumelletsa ba likete ho ‘ithekela’ nako ea ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. (Baef. 5:15-17) Le hoja ho hlokahala boitelo bo bong bo itseng, meputso eona e meholo. Palo e babatsehang ea bacha e sebelisa monyetla oa ha likolo li koetsoe hore e be bo-pula-maliboho ba thusang. Batho ba baholo ba sebetsang nako e tletseng ba sebelisa linako tsa mantsiboea le mafelo a beke ka botlalo tšebeletsong ena e tšoanang. Kahoo, malapa kaofela a ’nile a tsebahala ka ho ba bo-pula-maliboho ba thusang hammoho! Liphuthehong tse ling boholo ba baholo le bahlanka ba sebeletsang le basali ba bona ba ’nile ba ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang. Ba susumelitsoe ke mohlala oa bona o chesehang, ba bang ba ile ba etsisa mohlala oa bona, ’me karolo e khōlō ea phutheho e ile ea sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka April.
10 Ebang u khona ho ba pula-maliboho ea thusang kapa che, batla litsela tsa ho eketsa tšebeletso ea hao tšimong ka April. Ipehele pakane ea botho, e tla hloka boiteko bo itseng ho e finyella empa e le eo u ka e finyellang. Takatso ea hao ea ho “sebelisa le ho sebelisoa ka ho feletseng” tšebeletsong ea Jehova, ho latela maemo a hao a botho, e tla hlohonolofatsoa ke eena.—2 Bakor. 12:15.
11 Liboka Tsa Tšebeletso ea Tšimo: Liboka tsa tšebeletso ea tšimo li lokela ho lokisetsoa letsatsi le leng le le leng la phutuho ea Tsoha! ena, ka nako e tla lumella hore ho qaloe esale hoseng tšebeletsong. Ho lokela ho etsoe le tokisetso ea ho paka mantsiboea. Bahoeletsi ba bangata ba tla kopanela tšebeletsong ea tšimo mafelong a beke, kahoo liphutheho li lokela ho etsa kemiso ea liboka tsa tšebeletso ea tšimo ka Meqebelo, hoseng le mantsiboea, bakeng sa nako ea ho ajoa ha Tsoha! e khethehileng.
12 Ba khannang liboka tsa tšebeletso ea tšimo ba lokela ho etsa bonnete ba hore ho na le tšimo e ngata. Tšimo e e-song ho ka e sebetsoa morao tjena e lokela ho akaretsoa pele. Leha ho le joalo, tšimo e ka thōko e hlokomeloang ke Mokhatlo ha ea lokela ho sebetsoa ka ntle ho tumello ea Mokhatlo. Na u na le tšimo e le ’ngoe kapa ho feta ea botho e e-song ho akaretsoe morao tjee? Haeba u tla hloka thuso ea ho sebetsa masimo ana nakong ea phutuho, bua le molebeli oa tšimo kapa moena ea hlokomelang tšimo ’me ba tla thabela ho lokisetsa hore u fumane thuso.
13 U Tla Tsamaisa Limakasine Tse Kae? Potso eo e lokela ho arabeloa ke motho ka mong. Mabapi le ho lekanyetsa hore na u ka tsamaisa limakasine tse kae nakong ea phutuho, nahanela mofuta oa tšimo eo u tla beng u e sebetsa, lilemo tsa hao, bophelo ba hao ’meleng, nako eo u ka e qetang mosebetsing oo, le mabaka a mang. Leha ho le joalo, hlokomela khopotso e ileng ea fanoa tokollong ea Molula-Qhooa ea January 1, 1994: “Litlhahiso ke tsena, mohlomong bahoeletsi ba ka iketsetsa pakane ea ho tsamaisa limakasine tse 10 ka khoeli, ho itšetlehile ka maemo a bona; bo-pula-maliboho ba ka iketsetsa pakane ea ho tsamaisa tse 90.” Na pakane e tšoanang e ka ba ea sebele ho uena?
14 Baholo—Ho Hlokahala Tokisetso e Hlokolosi: Haeba ho khoneha, etsa bonnete ba hore tšimo eohle ea phutheho e tla sebetsoa ka tokollo ena e khethehileng ea Tsoha! Tlhokomelo e batsi e lokela ho lebisoa ho sebetsoeng ha tšimo leha e le efe ea khoebo eo phutheho e e abetsoeng. Ba e sebetsang e lokela ho ba ba lokiselitseng hantle le ba apereng ka makhethe. Ha ho hlokahale nehelano e rarahaneng. Ha u atamela rakhoebo, u ka bolela hore hase hangata u kopanang le batho ba khoebo ba le hae, kahoo u mo etetse mosebetsing oa hae ho tla mo neha sehlooho seo ka sebele a tlang ho se thahasella. Joale ebe ka bokhutšoanyane u arolelana le eena ntlha e khethehileng makasineng eo. Bopaki ba seterateng ka limakasine le bona bo lokela ho hlophisoa hantle tšimong ea phutheho. Tsela e molemohali ea ho kopanela mosebetsing oa seterateng ke ka ho nka bohato pele ’me u atamele batho ba fetang ka tsela, ho e-na le hore u ba emele hore ba u atamele. Kaha u tla be u le moo u bonoang ke batho, u lokela ho ameha ka ho ba le ponahalo e nang le seriti. E ka ’na eaba ho na le libaka tse ling tšimong ea lōna tse ka sebetsoang nakong ea phutuho, tse kang boema-fofane, lipetlele, moo ho pakoang makoloi, lirapeng tsa boikhathollo, le mahaeng a tlhokomelo ea batho ba hōlileng. Sehlopha sa baholo se lokela ho rera hore na ke litokisetso life tse ka etsoang bakeng sa ho paka libakeng tsena tsa tšimo ea phutheho ea lōna.
15 Jehova o sebetsa a sa khathale. (Joh. 5:17) O bōpile maholimo le lefatše hammoho le limela le liphoofolo; empa o ile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela a bōpile mosebetsi oa hae o tsoileng matsoho lefatšeng—motho. Taba ea hore ebe re na le bophelo ke phello e tobileng ea ho rata ho sebetsa ha Molimo. Joaloka “baetsisi ba Molimo,” re lokela ho susumetsoa ke ho mo rata ha rōna hore re be ba “chesehelang mesebetsi e metle.” (Baef. 5:1; Tite 2:14) Kaha Jehova o lokeloa ke ho fumana boiteko ba rōna bo molemohali ’me kaha takatso ea ho fumana liphello ke tšobotsi ea motho ea chesehang, re lokela ho thahasella ho etsa mosebetsi oa boleng bo phahameng tšebeletsong. Leha ho le joalo, Jehova o ananela boitelo leha e le bofe boo re bo etsang, ’me ha ho mohla mosebetsi oa rōna e leng oa lefeela. (1 Bakor. 15:58) Kahoo, ka lipelo tse tletseng teboho, a re ikitlaetseng tšebeletsong e chesehang ka April, re tšepile hore Jehova o tla re amohela le ho re hlohonolofatsa le ka ho ba le katleho e enneng!