Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/95 maq. 3-4
  • “Ho Hongata Hoo le ho Etsang Mosebetsing oa Morena”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Hongata Hoo le ho Etsang Mosebetsing oa Morena”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Aba Kingdom News No. 35 ka ho Pharaletseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • “Lilemo Tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Phutuho e Khethehileng ka la 16 October–12 November!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • E-ba ea “Chesehelang Mesebetsi e Metle” ka April!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 4/95 maq. 3-4

“Ho Hongata Hoo le ho Etsang Mosebetsing oa Morena”

1 Ka sebele re lebeletse kemiso e nang le ho hongata ea mesebetsi ea puso ea Molimo ka April le May! Ka la 14 April re tla keteka Sehopotso sa lefu la Kreste. Batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba lokela ho khothalletsoa ho ba teng ketsahalong ena ea bohlokoa: bao re sebetsang le bona, beng ka rōna ba sa lumelang, bao re kenang sekolo le bona, batho ba sa tsoa thahasella, le liithuti tsa Bibele. Etsa lethathamo la bao u rerileng ho ba mema e le hore ho se be le ea tla lebaleha.

2 Bekeng e latelang eo re tla khothalletsa bohle ba bileng teng Sehopotsong ho tla mamela puo e khethehileng ea phatlalatsa ka la 23 April, sehloohong se reng “Bofelo ba Bolumeli ba Bohata bo Haufi.” Re tšepa hore ba bangata ba thahasellang ba utloang molaetsa ona o sa hlatheng koana le koana ba tla hlokomela tlhokahalo ea hore ba kopanele kamehla le phutheho, eseng feela ha ho e-na le liketsahalo tse khethehileng.

3 Ho Tla Lokolloa Pampitšana e Khethehileng ea Litaba Tsa ’Muso: Taba e thahasellisang haholo sebokeng sa la 23 April e tla ba ho lokolloa ha pampitšana e nakong e maqephe a mane ea Litaba Tsa ’Muso No. 34 e tla abuoa ka bongata ho fihlela ka la 14 May. Na ha u lumele hore ho tla ba le “ho hongata hoo le ho etsang mosebetsing oa Morena” nakong ee ea Sehopotso?—1 Ba-Kor. 15:58, NW.

4 Phutheho ka ’ngoe e tla fuoa lenane le itseng la Litaba Tsa ’Muso. Mabokose a tšetseng Litaba Tsa ’Muso a lokela ho bolokoa sebakeng se sireletsehileng ’me ha aa lokela ho buloa ho fihlela qetellong ea lenaneo ka la 23 April. Ka nako eo pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso e tla abeloa baena le batho bohle. Qetellong ea liboka tsa phutheho, likopano tsa potoloho, kapa mananeo a letsatsi le khethehileng la kopano ka la 23 April, ba leng teng ba tla iphumanela e mong le e mong kopi e le hore ba ka tloaelana le litaba tsa eona tse ka hare ’me ba itlhomelle bakeng sa ho e aba.

5 Baholo ba Tla ba le Ho Hongata Hoo ba ho Etsang: Mathoasong a khoeli ena sehlopha sa baholo se lokela ho kopana ho tšohla makolopetso a amang phutuho e khethehileng. Liphutheho li lokela ho ikitlaetsa ho koahela tšimo eohle eo li e abetsoeng. Pele phutuho e fela, etsa boiteko bo khethehileng ba ho sebetsa masimo a sa kang a koaheloa likhoeling tse tšeletseng tse fetileng. Ka lebaka la bohlokoa ba mosebetsi ona, re tla rata ho behella ka thōko nako e ngata kahohle kamoo ho ka khonehang bakeng sa tšebeletso. Ha ho pelaelo hore bahoeletsi ba bangata ho feta kamoo ho tloaelehileng ba tla ngolisetsa bopula-maliboho bo thusang. Ho ka etsahala hore liithuti tse ngata tsa Bibele le tsona li tla ikopanya le rōna e le bahoeletsi ba bacha ba sa kolobetsoang ba amohelehang. Re tla ba le nako e monate hakaakang ha re sebetsa hammoho mosebetsing oa Morena!

6 Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba lokela ho etsa litokisetso tse tobileng tsa ho paka ka sehlopha ka Meqebelo le Lisontaha. E mong le e mong o lokela ho khothalletsoa ho ba le karolo e mafolo-folo. Ho phaella mosebetsing oa mafelo-beke, ho lokela hore ho etsoe kemiso ea bopaki ba mantsiboea bonyane hang ka beke nakong ea phutuho. Ba bang ba ka ’na ba lakatsa ho kopana bakeng sa ho ea tšebeletsong ha likolo li tsoile molemong oa liithuti tse ka batlang ho ba le karolo e eketsehileng.

7 Liboka tsa tšebeletso ea tšimo li lokela ho hlophisoa ka tsela e tlang ho nolofalletsa bahoeletsi le bo-pula-maliboho hore ba qale hoseng tšebeletsong letsatsi ka leng. Liboka tsena li lokela ho ba khutšoanyane. Seboka ka seng se lokela ho buella nehelano e bonolo ea Litaba Tsa ’Muso. Liboka tsa thapama bakeng sa tšebeletso li ka akarelletsa tlhahiso e le ’ngoe kapa tse peli mabapi le ho etsa maeto a ho boela ho ba amohetseng pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso. Leha ho le joalo, bahoeletsi ba bang ba ka ’na ba thabela ho e aba hoseng le thapama. Ho finyella seo, molebeli oa tšebeletso o tlameha ho tiisa hore ho na le tšimo e lekaneng. Lebitso le aterese tsa e mong le e mong ea bontšang thahasello li lokela ho ngoloa tlalehong ea ntlo le ntlo. Lintlha tse khōlō tsa puisano e khutšoanyane li ka kenyelletsoa moo ho ngoloang litlhaloso. Sena se tla lokisetsa hore ho be le leeto la ho boela bekeng e tlang kapa khoeling e tlang.

8 Haeba phutheho e ’ngoe e thusa e ’ngoe ho koahela tšimo ea eona, mabitso le liaterese tsa batho ba thahasellang li lokela ho isoa phuthehong e ikarabellang tšimong eo.

9 Batsoali, na bana ba lōna ba sebeletsa ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang? Ho hlokometsoe hore liphuthehong tse ling, bana ba itšoereng hantle ba felehetsa batsoali ba bona ba inehetseng ha ba ea tšebeletsong ka lilemo tse ngata, ’me bana ba bonahala ba atleha, le hoja e e-s’o be bahoeletsi ba litaba tse molemo. Batsoali ba lokela ho nahanela hore na ehlile bana ba bona baa tšoaneleha bakeng sa tokelo ena. Baholo ba babeli ba ka buisana ka lintlha tsohle le hlooho ea lelapa ho bona hore na ebe ngoana a ka nkoa e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang.—om-SU maq. 99-100.

10 Na bahoeletsi leha e le bafe ba leng tšimong ea phutheho ea lōna ha ba sa le mafolo-folo ho faneng ka sehlabelo sa poko ho Jehova? (Ba-Heb. 13:15) Ba bang ba seng ba sa tsoe e ka ’na eaba ba imetsoe ke ho nyahama kapa ke matšoenyeho a bophelo, le hoja ba ntse ba tsoela pele ho khomarela litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro. Ketelo ea botsoalle e etsoang ke e mong oa baholo e ka ba susumelletsa hore ba boele ba kopanele kamehla le phutheho, ’me ka nako e loketseng, ba tsosolose mosebetsi oa bona tšebeletsong.

11 Bohle ba Tšoanelehang ba ka Kopanela Mosebetsing Ona o Thabisang: Na ba bang ho lōna bana kapa bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 le fumana ho nyolosetsa ho kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo? Ho thoe’ng ka lōna ba bacha ’neteng bao phihlelo ea lōna mosebetsing oa boboleli e lekanyelitsoeng haholo? Le tla fumana hore ho sebetsa ka pampitšana ena e khethehileng ea Litaba Tsa ’Muso ho thabisa haholo! Ho hlokahala nehelano e bonolo feela.

U ka ’na ua bua mantsoe a kang ana:

◼ “Khoeling ena re aba molaetsa oa bohlokoa linaheng tse 232 lefatšeng lohle. Molaetsa ona ke oa bohlokoa hobane o re fa mabaka a tiileng a ho lumela hore ho na le tharollo mathateng ao re tobaneng le ’ona kajeno. Re tla rata hore u be le kopi ea hao ea botho.”

Kapa u ka ’na ua leka sena:

◼ “Khoeling ena hoo e ka bang baithaopi ba limilione tse hlano ba aba molaetsa oa bohlokoa ka lipuo tse ngata. O lokiselitsoe batho ba neng ba ka rata ho bona mathata ’ohle ao re tobaneng le ’ona kajeno a felisoa. Kopi ea hao ea botho ke ena.”

Nehelano ena e bonolo e ka ’na ea u lokela:

◼ “Re khothalletsa e mong le e mong ho bala molaetsa ona oa bohlokoa o nang le sehlooho [bala sehlooho sa Litaba Tsa ’Muso]. Hlokomela hore na o re’ng mona leqepheng la 2 mabapi le mathata a ntseng a eketseha a . . . [bala polelo e khethiloeng ho Litaba Tsa ’Muso]. Re kholisehile hore u tla thabela ho bala karolo e setseng ea molaetsa ona o nakong. Kopi ea hao ke ena.”

12 Bontša thahasello ea botho ho e mong le e mong ea amohelang Litaba Tsa ’Muso. Bua butle le ka mokhoa o hlakileng; ha ho hlokahale hore u bue u potlakile ha u etsa nehelano ea hao. Re batla ho koahela tšimo ea rōna kaofela le ho bona hore bohle ba bontšang thahasello ea ho bala Litaba tsa ’Muso ba fuoa kopi ea botho. Ha ho se motho lapeng, tšoaea ka hloko tlalehong ea hao ea ntlo le ntlo e le hore u ka khutlela ka nako e loketseng bakeng sa ho nehelana ka Litaba Tsa ’Muso ho mong’a ntlo. Pampitšana ena ea Litaba Tsa ’Muso e ka sebelisoa bopaking ba seterateng ho motho ea bontšang thahasello ea ho bala boitsebiso ba eona. Likopi tsa eona ha lia lokela ho fanoa feela ho leha e le mang joalokaha eka ke limemo. Ho e-na le hoo, atamela ba fetang ka tsela, ’me u hlalose bohlokoa ba molaetsa o buelloang. Sebelisa Litaba Tsa ’Muso bopaking bo sa reroang, joaloka ha u le leetong kapa u pakela basebetsi-’moho nakong ea lijo tsa motšehare. Ba sa khoneng ho tsoela kantle kapa mohlomong eba baa kula ba ka nehelana ka eona ho baeti, lingaka le baoki, barekisi le ba bang ba tlang malapeng a bona.

13 U tla etsa maeto a makae a ho boela phutuhong ee? Ha ho pelaelo hore a tla ba mangata, kaha bohle ba bontšitseng thahasello ho Litaba Tsa ’Muso ba lokela ho eteloa hape. Ketelong ea pele, ho molemo ho buella Litaba Tsa ’Muso feela. Joale, ha u khutlela, etsa litlhaloso tse seng kae mabapi le ho ba nakong ha molaetsa oa Litaba Tsa ’Muso. Mamela ka hloko ha mong’a ntlo a ntša maikutlo a hae ka seo a se balileng. Litlhaloso tsa hae li tla u thusa ho tseba hore na u tla nehelana ka makasine ofe oa morao-rao le kamoo mohlomong u ka lokisetsang kateng bakeng sa lipuisano tse tlang. Haeba a arabela hantle leetong la ho boela, leka ho qalisa thuto ea Bibele.—1 Ba-Kor. 3:6, 7.

14 “Mosebetsi oa Lōna Hase oa Lefeela”: Na mosebetsi ona oohle ke oa bohlokoa? Pauluse o ile a tiisetsa Bakorinthe: “Mosebetsi oa lōna hase oa lefeela kamanong le Morena.” (1 Ba-Kor. 15:58, NW) Ho theosa le lilemo, boiteko ba rōna ba ho aba Litaba Tsa ’Muso bo ’nile ba putsoa haholo. Banyalani ba bang ba ileng ba fallela foleteng e se nang batho ba ile ba fumana kopi ea khale ea Litaba Tsa ’Muso e le ka laeng. E ne e le eona feela ntho e setseng foleteng eohle. Ka mor’a ho e bala, ba ile ba ikopanya le phutheho ea sebaka seo ’me ba kōpa thuto ea Bibele. Ba ile ba qala ho ba teng libokeng tsohle ’me hamorao ba bontša takatso ea ho kolobetsoa. Mohlomong kopi eo u e sieang e tla tlisa liphello tse tšoanang!—Bona hape le Tsoha! ea July 8, 1977, leqepheng la 11.

15 Re na le mosebetsi o moholo o larileng ka pel’a rōna. Pakane ea rōna ke hore phutheho ka ’ngoe e koahele kabelo ea eona ea tšimo pele ho la 14 May kapa bofelong ba khoeli haeba ho hlokahala hore ho eketsoe nako bakeng sa ho aba Litaba Tsa ’Muso. Litokisetso li se li entsoe hore pula-maliboho e ’ngoe le e ’ngoe ea kamehla le e thusang e fumane likopi tse 250 tsa Litaba Tsa ’Muso. Mohoeletsi ka mong oa phutheho o tla fumana likopi tse ka bang 50. Bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba lokela ho amohela feela likopi tsa lipampitšana tseo ba tla khona ho li aba ’me ba lokela ho khutlisa tse setseng hore li sebelisoe ke ba bang. Tšebelisano-’moho e ntle tabeng ena e tla tiisa hore molaetsa ona oa bohlokoa o abuoa ka bongata kahohle kamoo ho ka khonehang. Haeba ka lebaka la ho abeloa tšimo e khōlō liphutheho tse ling li sa khona ho koahela tšimo ea tsona bohareng ba May ’me li ntse li e-na le likopi, ho ka ba molemo ho mema liphutheho tse haufi ho tla thusa. Liphuthehong tse ling tlhokahalo e ka finyelloa ke tsona liphutheho tseo ka botsona haeba bahoeletsi ba eketsa mosebetsi oa bona ka ho ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang kapa ba kopanela tšebeletsong hangata haholoanyane.

16 Ho tla hlokahala ho inehela ka soule eohle ho Jehova e le hore re ka finyella mosebetsi oa rōna. (Ba-Kol. 3:23) Bophelo boa ameha. Ha ho lebaka la hore batho ba hlokomolohe se boleloang ke maemo a lefatše kajeno. Nako ea fela. Ba tlameha ho tobana le ’nete ea hore motho ha a na tharollo mathateng a lefatše lena. Molimo o na le eona. Ba batlang ho fumana tlhohonolofatso ea Molimo ba tlameha ho nka khato, ntle ho tika-tiko, tumellanong le seo a se hlokang.

17 Ha re qeta phutuho e khethehileng ka la 14 May, na re tla nyehlisa mosebetsing oa rōna? Che! Re tla lula re tšoarehile tumellanong le keletso e bululetsoeng ea Pauluse.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela