Phutuho e Khethehileng ka la 16 October–12 November!
1 “Bolumeli ba Bohata bo Haufi le ho Fela!” Seo ke sehlooho sa Kingdom News No. 37, e tla tsamaisoa lefatšeng lohle ho tloha khoeling e tlang. Ho tloha qalong ea October ho fihlela bohareng ba eona, re tla tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho tloha ka Mantaha oa la 16 October, ho fihlela ka Sontaha sa la 12 November, re tla kena letšolong le matla la ho tsamaisa Kingdom News No. 37. Nakong ea phutuho ena re tla tsamaisa Kingdom News le limakasine tsa morao-rao bofelong ba beke.
2 Ke Mang ea ka Kenelang Phutuho ee? Re khothalletsa bohle ba bolelang litaba tse molemo ka mafolofolo hore ba ikakhele ka setotsoana phutuhong ena. Ba bang ba tla khona ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Na u na le bana kapa liithuti tsa Bibele tse hatelang pele hantle moeeng? Ba thuse hore ba bue le baholo e le hore ba hloloe hore na ba tšoaneleha ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Baholo ba lokela ho ithaopela ho bua le bahoeletsi ba sa kopaneleng tšebeletsong ’me ba ba khothalletse ho etsa joalo, mohlomong ba sebetse ’moho le bahoeletsi ba nang le phihlelo.
3 Liphutheho tsohle li rometsoe lipampitšana tse lekaneng tsa Kingdom News No. 37 e le hore bonyane bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba fumane tse 50. Batho ba thahasellang le hoja e e-s’o be bahoeletsi ba ka fumana tse hlano e le hore ba li fe beng ka bona le metsoalle. Bohle ba lokela ho ngola palo ea tseo ba li tsamaisitseng ’me ba e ngole ka mor’a litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo qetellong ea October le November. Mongoli o tla kopanya kakaretso ea tse tsamaisitsoeng ke phutheho ebe o romela tlaleho ofising ea lekala bofelong ba khoeli ka ’ngoe. Lipampitšana leha e le life tsa Kingdom News tse tla beng li setse ka mor’a phutuho li ka ’na tsa sebelisoa likarolong leha e le life tsa tšebeletso.
4 Seo U ka se Buang: Bua ka bokhutšoanyane, kaha sena se tla u fa monyetla oa ho phatlalatsa molaetsa ona haholo. Mohlomong u ka re: “Ke ntse ke etsa mosebetsi o etsoang lefatšeng lohle oa ho hasa molaetsa o molemong oa sechaba. Pampitšana ea hao e sa lefelloeng ke ena. Ke kōpa hore u e bale.” Ho ka ’na ha e-ba molemo hore u se ke ua nka mokotla oa tšimo ha u ea ka ntlo le ntlo. Tiisa hore u ngola tlaleho ea bohle ba bontšitseng thahasello.
5 Tsela ea ho Sebetsa Tšimo Eohle ea Lōna: Ho e-na le ho tsamaisa Kingdom News mosebetsing oa seterateng, tsepamisang mohopolo tabeng ea ho sebetsa tšimo ea ntlo le ntlo le ea khoebo ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ho khothalletsoa liphutheho hore li qete ho sebetsa tšimo e sa abuoang ka la 15 October e le hore ho tloha ka la 16 October li sebetse tšimo ea tsona ntle ho tšitiso. Pampitšana ena ha ea rereloa ho tsamaisoa tšimong e sa abuoang. Ngola matlo a se nang batho, ebe u leka ho khutlela ka nako e ’ngoe kapa ka letsatsi le leng la beke. Ho tloha ka Mantaha oa la 6 November, ho ka ’na ha siuoa pampitšana matlong ao ho se nang batho ho ’ona. Leha ho le joalo, haeba phutheho e na le tšimo e ngata eo e ke keng ea e qeta ka nako e behiloeng, baholo ba ka ’na ba etsa qeto ea hore Kingdom News e siuoe matlong leha e le afe a se nang batho nakong ea phutuho.
6 Nako ea hore “Babylona e Moholo” e felisoe e atamela ka potlako e khōlō. Batho ba lokela ho tsoa ho eona pele e timetsoa ka ho feletseng. (Tšen. 14:8; 18:8) Etsa litokisetso hona joale tsa ho kopanela ka botlalo phutuhong ena ea lefatše lohle ea ho tsebisa batho bohle hore bolumeli ba bohata bo haufi le ho fela!