Monyako o Moholo oa Tšebetso o Butsoe
1 Joaloka ’moleli oa litaba tse molemo ea chesehang, Pauluse ka tabatabelo o ile a batla masimo ao ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōloanyane ho ’ona, ’me e ’ngoe ea ’ona e ne e le motse oa Efese. O bile le katleho e babatsehang ea ho bolela moo hoo a ileng a ngolla Bakreste-’moho le eena: “Ke buletsoe monyako o moholo o isang tšebetsong.” (1 Bakor. 16:9) Pauluse o ile a tsoela pele ho sebeletsa tšimong eo le ho thusa Baefese ba bangata ho ba balumeli.—Lik. 19:1-20, 26.
2 Kajeno re buletsoe monyako o moholo o isang tšebetsong. Ho sa ntse ho e-na le liphutheho tse ngata tse sa khoneng ho akaretsa tšimo eohle ea tsona ka ho feletseng selemo le selemo. Haeba phutheho ea lōna e ka rata ho thusa, ka kōpo buisanang le molebeli oa potoloho kapa le ngolle Mokhatlo. Ka lebaka leo boiteko ba rōna bo ka sebeletsa ho leka-lekanya khaello e teng libakeng tse ling.—Bapisa le 2 Bakorinthe 8:13-15.
3 Na U ka Sebeletsa Moo ho Nang le Tlhokahalo e Khōloanyane? Na ka thapelo u ile ua nahanisisa ka monyetla oa ho sebeletsa sebakeng se seng? Mohlomong u ka khona ho thusa phutheho e leng hona motseng oa heno. Ke hobane’ng ha u sa buisane le molebeli oa potoloho ka taba ee le ho utloa litlhahiso tsa hae? Kapa mohlomong hona tšimong ea phutheho ea heno ho na le lenane le leholo la lithōlō kapa batho ba buang lipuo tse ling tsa sebakeng seo leo ho seng motho ea khonneng ho le hlokomela. Bakeng sa ho finyella tlhokahalo ena, na u ka ikitlaetsa ho ithuta lipuo tsa bona? Ho feta moo, mohlomong ho se ho e-na le sehlopha sa puo e ’ngoe kapa phutheho e haufi e ’nileng ea ‘kōpa Mong’a kotulo hore a romele basebetsi ba eketsehileng ba ’Muso.’ (Mat. 9:37, 38) Haeba ho joalo, na u ka thusa?
4 Ka mashome a lilemo morao tjena, malapa a likete a Bakreste a ile a fallela libakeng tse ling kapa esita le linaheng tse ling bakeng sa ho kopanela ka botlalo haholoanyane mosebetsing oa kotulo. Banyalani ba bang ba ileng ba etsa sena ba ile ba re: “Re ne re batla ho sebeletsa Jehova moo re neng re ka thusa haholo.” Haeba u na le takatso ena ’me ho khoneha ho fallela sebakeng se seng hona naheng ena kapa haeba u tšoaneleha ho sebeletsa naheng e ’ngoe, buisana pele le baholo ba phutheho ea heno ka boikemisetso ba hao.
5 Re ntse re rera ho fana ka lethathamo la libaka tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo e khōloanyane. Khabareng, haeba u lakatsa ho botsa Mokhatlo ka libaka tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo, ngola lengolo ’me u le nehe Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho ’me u bolele tabatabelo ea hao e khethehileng. Komiti eo e tla fana ka litlhaloso tsa eona le ho romela lengolo leo ho Mokhatlo. Leha ho le joalo, hafeela monyako o moholo o isang tšebetsong o sa ntse o butsoe, e se eka kaofela re ka tsoela pele ho ba ba tšoarehileng tšebeletsong ea Jehova.—1 Bakor. 15:58.