Ho Finyella Balekane Bao E Seng Lipaki
1 Ke ho thabisang haholo ha banyalani ba kopane borapeling ba ’nete. Leha ho le joalo, malapeng a mangata ke molekane a le mong feela ea amohetseng tsela ea ’nete. Ke joang re ka finyellang balekane bana bao e seng Lipaki le ho ba khothalletsa ho rapela Jehova hammoho le rōna?—1 Tim. 2:1-4.
2 Utloisisa Kamoo ba Nahanang Kateng: Le hoja balekane ba bang bao e seng Lipaki ba ka hanyetsa, hangata bothata e ka ba ho iphapanya kapa kutloisiso e fosahetseng. Motho a ka ikutloa a hlokomolohiloe kapa a le lefufa ka lithahasello tse ncha tsa bolumeli ba molekane oa hae. Monna e mong oa hopola: “Ha ke le mong ka tlung, ke ne ke ikutloa ke lahliloe.” E mong o re: “Ke ne ke ikutloa eka mosali oa ka le bana ba ka baa ntahla.” Banna ba bang ba ka ’na ba nahana hore ba lahleheloa ke malapa a bona ka lebaka la bolumeli. (Bona Molula-Qhooa oa August 15, 1990, leqepheng la 20-3.) Ke ka lebaka leo ho leng molemo haholo, haeba ho khoneha, hore monna a akarelletsoe le mosali oa hae tokisetsong ea thuto ea lehae ea Bibele ho tloha qalong feela.
3 Sebetsang Joaloka Sehlopha: Banyalani ba bang ba Lipaki ba ile ba sebetsa hammoho ka katleho ho thusa banyalani ho kena ’neteng. Ka mor’a hore morali’abo rōna a qalise thuto le mosali, mor’abo rōna o ne a etela monna oa mosali eo. Hangata o ne a khona ho qalisa thuto le monna eo.
4 E-ba le Botsoalle le ho ba ea Tsotellang: Malapa ka phuthehong a ka thusa ka ho thahasella malapa a sa kopanang borapeling ba ’nete. Maeto a ’maloa a botsoalle a ka ’na a thusa molekane eo e seng Paki ho bona Lipaki tsa Jehova e le Bakreste ba mofuthu, ba tsotellang le ba thahasellang boiketlo ba motho e mong le e mong.
5 Nako le nako baholo ba ka hlahloba boiteko ba morao-rao bo entsoeng ho finyella balekane bao e seng Lipaki esita le ho etsa qeto mabapi le se seng se eketsehileng se ka etsoang ka tšepo ea ho ba hapela ho Jehova.—1 Pet. 3:1, NW, ftn.