Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Mangolo a fana ka tataiso efe mabapi le ho ruta bana ha e mong oa batsoali e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me e mong e se Paki?
Ho na le melao-motheo e ’meli ea bohlokoa ea Mangolo e fanang ka tataiso mabapi le hore na motsoali oa Paki ea nang le molekane eo e seng Paki a ka ruta bana joang. O mong o re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) O mong oona o re: “Monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho.” (Baefese 5:23) Molao ona oa bobeli o sebetsa ho basali ba nang le banna bao e leng Lipaki le ho bao banna ba bona e seng Lipaki. (1 Petrose 3:1) Motsoali oa Paki oa monna kapa oa mosali a ka nyalanya melao ee e ’meli joang ha a ruta bana ba hae?
Haeba monna e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ikarabella ho lokisetseng lelapa la hae lintho tsa moea le tsa nama. (1 Timothea 5:8) Le hoja ’mè ea sa lumelang a ka ’na a ba le bana boholo ba nako, ntate oa Paki o lokela ho ruta bana ba hae ka ho ba koetlisa linthong tsa moea lapeng le ka ho ea le bona libokeng tsa Bokreste, moo ba tla rua molemo taeong ea boitšoaro le setsoalleng se hahang.
Ho thoe’ng haeba mosali oa hae ea sa lumelang a tsitlella tabeng ea ho ea le bana ba bona kerekeng ea hae kapa ho ba ruta bolumeli ba hae? Molao oa naha o ka ’na oa mo lumella ho etsa joalo. Tsela eo ntat’a bona a ba rutang lintho tsa moea ka eona, e ka ’na ea kenella tabeng ea hore na bana ba tšoaseha hakae hore ba kopanele liketsong tsa borapeli ha ba ile kerekeng. Thuto ea Mangolo eo ntat’a bona a ba fileng eona e lokela ho thusa bana hore ba latele ’nete ea Lentsoe la Molimo ha ba hōla. Monna ea lumelang o tla thaba hakaakang ha bana ba hae ba ka emela ’nete!
Haeba ’mè e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, o tlameha ho hlompha molao oa bohlooho empa a ntse a amehile ka boiketlo ba ka ho sa feleng ba bana ba hae. (1 Bakorinthe 11:3) Hangata, monna oa hae ea sa lumelang a ka ’na a se ke a hanyetsa ha mosali oa hae oa Paki a ruta bana litaba tsa boitšoaro le tsa bolumeli, ’me thuto ea mofuta ona e le teng libokeng tsa batho ba Jehova. ’Mè a ka thusa monna oa hae hore a bone melemo ea thuto ena e hahang eo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o e fang bana ba bona. Ka masene a ka hatisa molemo oa hore bana ba bona ba rutoe ka botebo melao ea boitšoaro ea Bibele kahobane ba phela lefatšeng le ntseng le nyotobela boitšoarong.
Leha ho le joalo, monna ea sa lumelang a ka ’na a tsitlella hore bana ba hae ba sebelise bolumeli ba hae, a e-ea le bona kerekeng ea hae ’me a ba ruta bolumeli ho latela tumelo ea hae. Kapa mohlomong monna a ka hanyetsa bolumeli bohle ’me a tsitlella hore bana ba hae ba se ke ba rutoa litaba tsa bolumeli. Kaha ke hlooho ea lelapa, ke eena ea ikarabellang bakeng sa ho etsa qeto.a
Kaha mosali oa Paki ke Mokreste ea inehetseng, o tla hlompha bohlooho ba monna oa hae a ntse a hopola boikutlo ba moapostola Petrose le moapostola Johanne, ba ileng ba re: “Ha e le rōna, re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Liketso 4:19, 20) Ka lebaka la ho ameha ka boiketlo ba moea ba bana, ’mè oa Paki o tla fumana menyetla ea ho tataisa bana boitšoarong. O na le boikarabelo ka pel’a Jehova ba ho ruta ba bang seo a tsebang hore ke ’nete, bana ba hae ha baa lokela ho qheleloa ka thōko. (Liproverbia 1:8; Matheu 28:19, 20) ’Mè oa Paki o tla sebetsa bothata boo joang?
Re etsa mohlala ka taba ea ho lumela ho Molimo. Mosali oa Paki a ka ’na a sitoa ho ba le thuto e tloaelehileng ea Bibele le bana ba hae ka lebaka la lithibelo tsa monna oa hae. Na ka lebaka lee a ka qoba ho bolella bana ba hae leha e le eng feela ka Jehova? Che. Ka tlhaho feela mantsoe a hae le liketso tsa hae li tla bontša hore o lumela ho ’Mōpi. Ha ho pelaelo hore bana ba hae ba tla ba le lipotso ka taba ena. O lokela ho ikutloa a lokolohile ho sebelisa tokoloho ea hae ea borapeli ka ho hlalosa hore o lumela ho ’Mōpi, ’me sena a se hlalosetsa le bana ba hae. Esita leha a ke ke a khona ho tšoara thuto ea Bibele le bana kapa ho ea le bona kamehla libokeng, a ka ba fa tsebo ea Jehova Molimo.—Deuteronoma 6:7.
Moapostola Pauluse o ile a ngola mabapi le kamano pakeng tsa monna kapa mosali oa Paki le molekane oa hae ea sa lumelang, a re: “Monna ea sa lumelang o halaletsoa kamanong le mosali oa hae, le mosali ea sa lumelang o halaletsoa kamanong le mor’abo rōna; ho seng joalo, ka sebele bana ba lōna e ne e tla ba ba sa hloekang, empa joale baa halalela.” (1 Bakorinthe 7:14) Jehova o nka kamano ea lenyalo e halalela ka lebaka la molekane ea lumelang, ’me bana le bona baa halalela mahlong a Jehova. Mosali oa Mokreste o lokela ho etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa bana ba hae ho utloisisa ’nete, a tlohela litaba matsohong a Jehova.
Ha bana ba ntse ba hōla, ba lokela ho sebelisa boitsebiso boo ba bo fumaneng ho batsoali ba bona ho etsa qeto ea hore na ba ema hokae. Ba ka ’na ba etsa qeto tumellanong le mantsoe a Jesu a reng: “Ea ratang ntate kapa ’mè ho mpheta ha a ntšoanele.” (Matheu 10:37) Ba boetse baa laeloa: “Bana, le mamele batsoali ba lōna bonngoeng le Morena.” (Baefese 6:1) Bacha ba bangata ba entse qeto ea ho “mamela Molimo e le ’musi” ho e-na le motsoali eo e seng Paki, ho sa tsotellehe hore motsoali eo oa ba hlokofatsa. E ka ba ho putsang hakaakang ha motsoali oa Paki a bona bana ba etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe khanyetso!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tokoloho ea borapeli eo mosali a e fuoang ke molao e akarelletsa tokelo ea ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Mabakeng a mang, monna ha a thabele ho hlokomela bana ba banyenyane linakong tseo, kahoo ’mè ea lerato o tlameha ho ea le bona libokeng.