Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb03 maq. 3-5
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Monyako o Moholo oa Tšebetso o Butsoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Ha U sa Ntse U le Mocha, Khetha ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Bolelang Litaba Tse Molemo ka Tabatabelo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • “Ha ke Molato oa Mali a Mang Kapa Mang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2003
yb03 maq. 3-5

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Bara le Barali Babo Rōna ba Ratehang:

RE MOTLOTLO hakaakang ho le ngolla! Rea le babatsa ka lerato le boitelo tseo le tsoelang pele ho li bontša. Bukeng ena ea Selemo le tla bona hore ho entsoe mosebetsi o mongata o motle selemong se fetileng sa tšebeletso. Re boetse re qetile lihora tse fetang limilione tse sekete mosebetsing oa ho bolela le ho ruta, re khothatsa batho ka ho toba hore ba atamele ho Jehova. Ke tokelo e kaakang hore ebe re sebetsa le Molimo oa rōna ea babatsehang le Ntate oa rōna oa leholimo!—1 Bakor. 3:9.

Ha re nahana ka mosebetsi oa nako e tlang, re kholisehile hore le tla tsoela pele ho ba le cheseho le tumelo tse kang tsa bahlanka ba Molimo, tseo Bibele e buang ka tsona. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a labalabela ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso ka hohle kamoo a ka khonang. Ho ka etsahala hore ebe o ngotse lengolo la hae la pele le eang phuthehong ea Bakreste e Korinthe selemong sa ho qetela a le Efese. O ile a ngola tjena mabapi le merero ea hae ea nakong eo: “Ke lutse Efese ho fihlela moketeng oa Pentekonta; etsoe ke buletsoe monyako o moholo o isang tšebetsong, empa ho na le bahanyetsi ba bangata.”—1 Bakor. 16:8, 9.

Pauluse o ne a rerile ho ea Macedonia le Korinthe. Leha ho le joalo, o ile a lemoha hore haeba a ne a ka lula Efese o ne a ka etsa mosebetsi o molemo. Pauluse o ne a ikamahanya le maemo; o ile a bona boemo bo molemo ba ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso sebakeng seo a neng a le ho sona, kahoo a etsa liphetoho tse hlokahalang kemisong ea hae. Pauluse o ne a buletsoe monyako o moholo oa tšebeletso, ’me o ne a chesehela ho sebelisa monyetla oo hamolemo hore a kene ka oona.

E le hore a ka finyella sena, ho ne ho hlokahala hore a sebetse ka thata—boboleling ba litaba tse molemo le ho haheng phutheho Efese. Hamorao ha a bua le banna ba hōlileng ba phutheho ea motse oo, Pauluse o ile a re: “Ke ne ke sa tlohele ho le bolella leha e le efe ea lintho tse neng li le molemo kapa ho le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo. Empa ke ile ka paka ka mokhoa o phethahetseng ho Bajuda le Bagerike mabapi le pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu.”—Lik. 20:20, 21.

Ka ho tšoanang, bongata ba lōna le sebelisitse menyetla e le bulehetseng. Selemong sa tšebeletso se fetileng, ka karolelano, ba 798 938 ba khonne ho lokisa maemo a bona e le hore ba ka kopanela mofuteng o itseng oa tšebeletso ea bopula-maliboho. Ba bang ba lōna ba ile libakeng tse hōle e le hore ba ka sebeletsa e le baromuoa. Le bolela litaba tse molemo ka cheseho le ho haha liphutheho. Ba bang ba lōna le ithutile lipuo tse ling e le hore le ka thusa batho ba buang lipuo tseo ba lulang haufi le lōna. Ba bang ba lokisitse maemo a bona e le hore ba ka sebetsa tšimo e sa abuoang kapa ba sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōlō. Ba bang ba hlokometse hore monyako o moholo oa tšebeletso o butsoe sekolong, mosebetsing, kapa maemong a mang ao ho ’ona bopaki bo phethahetseng bo ka fanoang ka litsela tse ling, tse kang ka thelefono. Liphihlelo tse tsoang lefatšeng lohle li bontšitse hore batho ba Molimo, ba bacha le ba hōlileng, ka cheseho ba sebelisa menyetla ea ho ruta batho ’nete libakeng tsohle.

Kholisehang hore Jehova o bona boiteko ba lōna ’me o bo ananela ka ho teba. Bibele e re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheb. 6:10) Tsoelang pele ho falimehela menyetla e le lumellang ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng. Ba bang ba lōna ba ka khona ho eketsa tšebeletso ea bona. Kaofela ha rōna re ka loanela ho etsa hore tšebeletso ea rōna e atlehe haholoanyane.

Ha re phethe tšebeletso ea rōna ntle ho khanyetso. Hopolang hore ka mor’a hore Pauluse a bue ka monyako o moholo oa tšebeletso oo a o buletsoeng, o ile a ngola: “Ho na le bahanyetsi ba bangata.” Ho Pauluse, bahanyetsi bao ba bangata ba ne ba akarelletsa Bajuda le Balichaba, bao ba bang ba bona ba ileng ba mo hlasela phatlalatsa ’me ba bang ba mo lohela mano.—Lik. 19:24-28; 20:18, 19.

Re tobane le boemo bo tšoanang kajeno. Ha re ntse re atamela timetso ea tsamaiso ena e khopo ea lintho, re lebeletse hore khanyetso e eketsehe. Satane o “halefile haholo,” ’me ka ho khetheha o halefetse batho ba sebeletsang Molimo. (Tšen. 12:12) Le ka mohla le se ke la lebala hore Satane ke “’musi oa lefatše” lena. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae a re: “Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona. Joale kahobane ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.”—Joh. 14:30; 15:19.

Re ikemiselitse ho se lumelle mang kapa mang ho fokolisa tumelo ea rōna ho Molimo kapa ho etsa hore re khoehlise mosebetsing oa rōna oa boboleli. Rea tseba hore ho tla ’ne ho be le ba re hlaselang le ho re lohela mano. Leha ho le joalo, re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, re kholisehile hore ka nako ea Jehova e loketseng Jesu o tla felisa Satane le makhotla a hae. Bahanyetsi ha baa ka ba khutsisa moapostola Pauluse; ebile ha ba khutsise bahlanka ba Jehova kajeno. Ho sa tsotellehe bohale ba Satane le lehloeo la lefatše, moea oa Jehova o sebetsa ka matla har’a batho ba Hae. Ke ho thabisang hakaakang ho tseba hore palo ea ba bolelang litaba tse molemo e fihletse tlhōrō e ncha ea ba 6 304 645!

Re rapella hore le tsoele pele ho sebelisa menyetla ea ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso oa Jehova o khanyang. Kholisehang hore re le thahasella ka lerato ha re ntse re eme ‘mahetla a bapile’ tšebeletsong ea Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Jehova.—Sof. 3:9.

Barab’abo lōna,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela