Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 5/15 maq. 17-21
  • Ha U sa Ntse U le Mocha, Khetha ho Sebeletsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha U sa Ntse U le Mocha, Khetha ho Sebeletsa Jehova
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebeletsa Jehova ke Sona Seo Motho a Lokelang ho se Etsa
  • Ha ba Bang ba U Botsa Lipotso Kapa ba U Hanyetsa
  • U Buletsoe “Monyako o Moholo”
  • “Latsoang ’Me le Bone Hore Jehova o Molemo”
  • Lentsoe la Jehova ha le Hlōlehe le ka Mohla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Buka ea Bibele ea 6—Joshua
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Seo Joshua a Ileng a se Hopola
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • “Re Tla Sebeletsa Jehova, . . . Molimo oa Rōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 5/15 maq. 17-21

Ha U sa Ntse U le Mocha, Khetha ho Sebeletsa Jehova

“U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele.”—2 TIM. 3:14.

1. Jehova o talima tšebeletso ea bacha ba hae ba Lipaki joang?

TŠEBELETSO e halalelang eo bacha ba e etsang ke ea bohlokoa haholo ho Jehova hoo a ileng a bululela boprofeta bo buang ka bona. Mopesaleme o ile a bina a re: “Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata letsatsing la lebotho la hao la sesole. Bokhabaneng ba khalalelo, ho tsoa pōpelong ea mafube, u na le sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka.” (Pes. 110:3) Ka sebele, Jehova o nka bacha ba ikemiselitseng ho mo sebeletsa e le ba bohlokoa haholo.

2. Lefatše le susumetsa bacha joang mabapi le bokamoso ba bona?

2 Lōna bacha ba ka phuthehong ea Bokreste, na le inehetse ho Jehova? Bacha ba bangata ba ka ’na ba fumana ho le thata ho etsa qeto ea hore na ba tla sebeletsa Molimo oa ’nete kapa che. Baeta-pele ba khoebo, barupeli ’me ka linako tse ling le litho tsa lelapa le metsoalle ba khothalletsa bacha hore ba hahamalle lipakane tsa lintho tse bonahalang. Ha bacha ba hahamalla lipakane tsa moea, hangata lefatše lea ba soma. Empa ’nete ke hore ho sebeletsa Molimo oa ’nete ke tsela e molemo ka ho fetisisa eo u ka e hahamallang. (Pes. 27:4) Tabeng ena, nahana ka lipotso tsena tse tharo: Ke hobane’ng ha u lokela ho sebeletsa Molimo? U ka atleha joang ho phela u le motho ea inehetseng ho Molimo ho sa tsotellehe seo batho ba bang ba ka ’nang ba se bua kapa ba se etsa? Ke menyetla efe e babatsehang ea tšebeletso e halalelang eo u ka bang le eona?

Ho Sebeletsa Jehova ke Sona Seo Motho a Lokelang ho se Etsa

3. Pōpo ea Jehova e lokela ho re ama joang?

3 Ke hobane’ng ha u lokela ho sebeletsa Molimo oa ’nete le ea phelang? Tšenolo 4:11 e fana ka lebaka la sehlooho: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” Jehova ke ’Mōpi ea babatsehang oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e teng. Lefatše le letle hakaakang! Lifate, lipalesa, liphoofolo, maoatle, lithaba le liphororo—kaofela li entsoe ke Jehova. Pesaleme ea 104:24 e re: “Lefatše le tletse lihlahisoa tsa [Molimo].” Re motlotlo hakaakang hore ebe Jehova ka lerato o re file ’mele le likelello hore re thabele lefatše le lintho tse molemo tse ho lona! Na ho ba le kananelo e tsoang botebong ba pelo bakeng sa pōpo ee e babatsehang ha hoa lokela ho re susumelletsa hore re batle ho mo sebeletsa?

4, 5. Ke liketso life tsa Molimo tse ileng tsa atametsa Joshua ho Jehova?

4 Lebaka le leng la ho sebeletsa Jehova le fumanoa mantsoeng a moeta-pele oa Moiseraele, Joshua. Ha a le haufi le ho shoa, Joshua o ile a re ho batho ba Molimo: “Le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna.” Ke hobane’ng ha Joshua a ne a ka bua mantsoe aa?—Josh. 23:14.

5 Ha Joshua a ntse a hōla e le ngoana Egepeta, e tlameha ebe o ile a tseba hore Jehova o tšepisitse Baiseraele hore o tla ba fa naha ea bona. (Gen. 12:7; 50:24, 25; Ex. 3:8) Joale Joshua o ile a bona ha Jehova a qala ho phethahatsa tšepiso eo ka ho tlisetsa Egepeta Likotlo Tse Leshome le ka ho qobella Faro ea manganga hore a tlohele bara ba Iseraele hore ba tsamaee. Joshua o ne a le har’a ba ileng ba lopolloa Leoatleng le Lefubelu, ’me o ile a shebella ha leoatle le metsa Faro le lebotho la hae. Leetong le lelelele “lefeelleng le leholo le le tšabehang” la Lehoatata la Sinai, Joshua o ile a bona kamoo Jehova a ileng a fa Baiseraele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e hloka. Ha ho le ea mong ea ileng a bolaoa ke lenyora kapa tlala. (Deut. 8:3-5, 14-16; Josh. 24:5-7) Ha ho fihla nako ea hore Baiseraele ba hape lichaba tse matla tsa Kanana le ho rua Naha e Tšepisitsoeng, Joshua o ile a bona kamoo Molimo eo eena le Baiseraele ba bang ba neng ba mo rapela a ileng a ba tšehetsa kateng mosebetsing ona.—Josh. 10:14, 42.

6. Ke eng e tla u thusa hore u be le takatso ea ho sebeletsa Molimo?

6 Joshua o ile a tseba hore Jehova o ne a phethahalitse litšepiso ea Hae. Kahoo, Joshua o ile a re: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.” (Josh. 24:15) Uena u tla etsa joang? Ha u nahana ka litšepiso tseo Molimo oa ’nete a seng a li phethahalitse le tseo a sa ntseng a tla li phethahatsa, na u lakatsa ho mo sebeletsa joaloka Joshua?

7. Ke hobane’ng ha ho kolobetsoa metsing e le bohato ba bohlokoa bo lokelang ho nkoa?

7 Ho nahana ka mesebetsi ea Jehova ea pōpo le ka litšepiso tsa hae tse babatsehang le tse ka tšeptjoang ka ho feletseng, ho lokela ho u susumelletsa hore u se ke ua inehela feela ho Jehova empa hape u tšoantšetse boinehelo boo ka ho qoelisoa metsing. Kolobetso ke bohato ba bohlokoa bo lokelang ho nkoa ke ba batlang ho sebeletsa Molimo. Taba ena e hlakisitsoe ke ’Mehi-mohlala oa rōna, Jesu. Nakoana pele a qala mosebetsi oa hae e le Mesia, o ile a itlhahisa ho Johanne Mokolobetsi hore a mo kolobetse. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a nka bohato boo? O ile a re, “ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka,” eaba ka mor’a moo o re, “empa ho etsa thato ea ea nthomileng.” (Joh. 6:38) Jesu o ile a kolobetsoa e le ho tšoantšetsa hore o itlhahisa hore a phethe thato ea Ntate oa hae.—Mat. 3:13-17.

8. Ke hobane’ng ha Timothea a ile a etsa qeto ea ho rapela Molimo, hona ho ka ’na ha hlokahala hore u etse’ng?

8 Hape nahana ka Timothea, e leng mocha oa Mokreste eo hamorao Jehova a ileng a mo fa mosebetsi o mongata le likabelo tse ngata. Ke hobane’ng ha Timothea a ile a etsa qeto ea ho rapela Molimo oa ’nete? Bibele e re bolella hore ‘o ne a ithutile lintho tse itseng ’me o ile a susumelletsoa hore a li lumele.’ (2 Tim. 3:14) Haeba u ithutile Lentsoe la Molimo ’me u susumelelitsoe ho lumela hore lithuto tsa lona ke ’nete, u boemong bo tšoanang le ba Timothea. Joale u lokela ho etsa qeto. Ke hobane’ng ha u sa buisane le batsoali ba hao ka seo u lakatsang ho se etsa? Bona hammoho le baholo ba phutheho, ba ka u thusa hore u utloisise seo Mangolo a se hlokang hore motho a kolobetsoe.—Bala Liketso 8:12.

9. Batho ba bang ba ka ’na ba ameha joang ha u kolobetsoa?

9 Haeba u kolobetsoa, u tla be u qalile ka leoto le letle hore u sebeletse Molimo oa ’nete. Ha u nka bohato bona, u kena lebelong la mokoka leo meputso ea lona e leng bophelo bo sa feleng le thabo e tlisoang ke ho etsa thato ea Molimo. (Baheb. 12:2, 3) U tla boela u thabise lelapa leno le seng le ntse le le peisong ena le metsoalle ea hao e ka phuthehong ea Bokreste. Habohlokoa ka ho fetisisa, u tla thabisa pelo ea Jehova. (Bala Liproverbia 23:15.) Ke ’nete hore ba bang ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hore na ke hobane’ng ha u entse qeto ea ho rapela Jehova, ’me ba ka ’na ba nahana hore qeto ea hao ha ea nepahala. Mohlomong ba ka ba ba u hanyetsa. Empa u ka hlōla mathata ana.

Ha ba Bang ba U Botsa Lipotso Kapa ba U Hanyetsa

10, 11. (a) Batho ba ka ’na ba botsa lipotso life mabapi le qeto ea hao ea ho sebeletsa Molimo? (b) U ka ithuta eng tseleng eo Jesu a ileng a araba lipotso tse mabapi le borapeli ba ’nete ka eona?

10 Qeto ea hao ea ho sebeletsa Jehova e ka ’na ea makatsa bao u kenang sekolo le bona, baahelani le beng ka uena. Ba ka ’na ba u botsa hore na ke hobane’ng ha u khethile ho phela ka tsela ena ba ba ba u botsa lipotso mabapi le seo u se lumelang. U lokela ho etsa joang? Ho hlakile hore u lokela ho hlahloba monahano oa hao le maikutlo a hao e le hore u tsebe ho hlalosa mabaka a entseng hore u khethe tsela eo. Empa ha u araba lipotso tse mabapi le seo u se lumelang, na ho na le mohlala oo u ka o latelang o motle ho feta oa Jesu?

11 Ha baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba hloma Jesu lipotso ka tsoho, o ile a ba hlokomelisa lengolo leo ba neng ba sa le ele hloko. (Ex. 3:6; Mat. 22:23, 31-33) Ha mongoli e mong a ne a mo botsa hore na taelo e khōlō ka ho fetisisa ke efe, Jesu o ile a mo qotsetsa litemana tse loketseng tsa Bibele. Monna eo o ile a leboha Jesu ka karabo eo. (Lev. 19:18; Deut. 6:5; Mar. 12:28-34) Tšebeliso ea Jesu ea Mangolo le tsela ea hae ea ho bua li ile tsa baka “karohano mabapi le eena har’a bongata,” ’me bahanyetsi ba hae ba ile ba sitoa ho mo ntša kotsi. (Joh. 7:32-46) Ha u araba lipotso mabapi le tumelo ea hao, sebelisa Bibele ’me u arabe “ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Pet. 3:15) Haeba u sa tsebe karabo ea potso, lumela hore ha u tsebe karabo ’me u bolele hore u tla etsa lipatlisiso. Hamorao, etsa lipatlisiso ka taba eo u sebelisa Watch Tower Publications Index kapa Watchtower Library e ho CD-ROM haeba e le teng ka puo ea hao. Ha u lokiselitse hantle, u tla ‘tseba kamoo u tšoanelang ho fana ka karabo’ kateng.—Bakol. 4:6.

12. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho lumella mahloriso hore a u nyahamise?

12 U ka ’na ua se ke ua botsoa lipotso feela ka qeto eo u e entseng ea ho sebeletsa Molimo le ka seo u se lumelang. Etsoe sera sa Molimo, Satane Diabolose, o laola lefatše. (Bala 1 Johanne 5:19.) E ka ba ho sa utloahaleng ho lebella ho babatsoa kapa ho amoheloa ke motho e mong le e mong, ’me u ka ’na ua hanyetsoa. Batho ba bang ba ka ’na ba ‘u nyefola,’ ’me ba ka ’na ba tsoela pele ba etsa joalo. (1 Pet. 4:4) Empa u hopole hase uena feela ea hlaheloang ke lintho tsena. Jesu Kreste le eena o ile a hlorisoa. Moapostola Petrose le eena o ile a hlorisoa, ’me o ile a ngola a re: “Baratuoa, le se ke la makatsoa ke ho cha [ho hlokofatsoa] ho har’a lōna, ho le etsahallang hore e be teko, joalokaha eka le hlaheloa ke ntho e sa tloaelehang. Ho fapana le hoo, le tsoele pele ho thaba kahobane le e-na le karolo litlhokofatsong tsa Kreste.”—1 Pet. 4:12, 13.

13. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ka thaba ha ba hlorisoa?

13 U lokela ho thaba haeba u mamella mahloriso kapa khanyetso hobane u le Mokreste. Hobane’ng? Hobane ho amoheloa ke lefatše ho ne ho tla bontša hore u phela ka melao ea Satane—eseng ea Molimo. Jesu o ile a lemosa: “Ho malimabe lōna, neng kapa neng ha batho bohle ba le bua hantle, kaha lintho tse kang tsena ke tsona tseo baholo-holo ba bona ba ileng ba li etsa baprofeta ba bohata.” (Luka 6:26) Ho hlorisoa ke sesupo sa hore Satane le lefatše la hae ba u halefetse hobane u sebeletsa Jehova. (Bala Matheu 5:11, 12.) ’Me re lokela ho thaba ha re “nyelisetsoa lebitso la Kreste.”—1 Pet. 4:14.

14. Ha motho a lula a tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe mahloriso, seo se ka hlahisa molemo ofe?

14 Ha u lula u tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe khanyetso, bonyane seo se ka hlahisa lintho tse ’nè tse molemo. U fana ka bopaki ka Molimo le Mora oa hae. Ho mamella ha hao ka botšepehi ho khothatsa bara le baralib’eno ba Bakreste. Batho ba bang ba shebelletseng ba sa tsebeng Jehova ba ka ’na ba susumelletseha hore ba mo batle. (Bala Bafilipi 1:12-14.) ’Me ha u ntse u bona kamoo Jehova a u fang matla a ho mamella liteko kateng, u tla mo rata haholo.

U Buletsoe “Monyako o Moholo”

15. Ke ‘monyako ofe o moholo’ o neng o buletsoe moapostola Pauluse?

15 Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena mabapi le tšebeletso ea hae Efese: “Ke buletsoe monyako o moholo o isang tšebetsong.” (1 Bakor. 16:8, 9) E ne e le monyako o isang mosebetsing o moholo oa ho bolela litaba tse molemo le oa ho etsa barutuoa motseng oo. Ka ho kena ka monyako oo, Pauluse o ile a thusa ba bangata hore ba ithute ka Jehova le hore ba Mo rapele.

16. Masala a tlotsitsoeng a ile a kena ka “monyako o bulehileng” joang ka 1919?

16 Ka 1919 Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o ile a beha “monyako o bulehileng” ka pel’a masala a tlotsitsoeng. (Tšen. 3:8) A ile a kena ka monyako oo eaba a qala ho bolela litaba tse molemo le ho ruta ’nete ea Bibele a cheseha ho feta leha e le neng pele. Tšebeletso ea ’ona e ile ea hlahisa litholoana life? Hona joale litaba tse molemo li fihlile lipheletsong tsa lefatše, ’me batho ba ka bang limilione tse supileng ba na le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo.

17. U ka kena ka “monyako o moholo o isang tšebetsong” joang?

17 “Monyako o moholo o isang tšebetsong” o sa ntse o bulehile haholo bakeng sa bahlanka bohle ba Jehova. Ba kenang ka ’ona ba fumana thabo le khotsofalo ha ba ntse ba kopanela haholo ho boleleng litaba tse molemo. Lōna bahlanka ba bacha ba Jehova, le ananela haholo hakae monyetla o ke keng oa lekanngoa oa ho thusa ba bang hore ba “be le tumelo litabeng tse molemo”? (Mar. 1:14, 15) Na le se le kile la nahana ka ho kenela bopula-maliboho ba kamehla kapa bo thusang? Menyetla e meng eo ba bangata ba lōna ba ka ’nang ba e-ba le eona ke ea ho haha Liholo Tsa ’Muso, tšebeletso ea Bethele le mosebetsi oa boromuoa. Kaha lefatše le khopo la Satane le ntse le felloa ke nako, ho kopanela mefuteng ena ea tšebeletso ea ’Muso e ba ho potlakileng le ho feta letsatsi le leng le le leng. Na u tla kena ka “monyako [oo] o moholo” ha nako e sa ntse e le teng?

“Latsoang ’Me le Bone Hore Jehova o Molemo”

18, 19. (a) Ke eng e ileng ea thusa Davida hore a be le takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova? (b) Ke eng e bontšang hore le ka mohla Davida ha aa ka a ikoahlaela ho sebeletsa Molimo?

18 Mopesaleme ea bululetsoeng o ile a mema ba bang hore ba ‘latsoe ’me ba bone hore Jehova o molemo.’ (Pes. 34:8) Ha Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo e ne e le moshanyana oa molisana, Jehova o ile a mo sireletsa ha liphoofolo tse hlaha li ne li mo hlasela. Molimo o ile a mo tšehetsa ha a ne a loana le Goliathe ’me a mo pholosa litlokotsing tse ling tse ngata. (1 Sam. 17:32-51; Pes. 18, sehloohoana) Ka lebaka la mosa o lerato o moholo oa Molimo, Davida o ile a susumelletseha hore a ngole: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna; ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena.”—Pes. 40:5.

19 Davida o ne a rata Jehova haholo ’me o ne a batla ho Mo rorisa ka pelo eohle ea hae le ka kelello eohle ea hae. (Bala Pesaleme ea 40:8-10.) Ha lilemo li ntse li feta, ha ho mohla Davida a ileng a ikoahlaela hore ebe o ile a sebelisa bophelo ba hae a rapela Molimo oa ’nete. Ho phela ka boinehelo ba bomolimo e ne e le letlotlo la hae le leholo ka ho fetisisa—e le ntho e mo fang thabo e ke keng ea lekanngoa. Ha a se a tsofetse, Davida o ile a re: “U tšepo ea ka, ’Musi Morena Jehova, u kholiseho ea ka ho tloha bocheng ba ka. Esita le ho fihlela botsofaling le bohlooho-putsoeng, Molimo, u se ke ua ntlohela.” (Pes. 71:5, 18) Le hoja Davida a ne a se a fokolloa ke matla, tšepo ea hae le botsoalle ba hae le Jehova li ile tsa e-ba matla.

20. Ke hobane’ng ha ho sebeletsa Molimo e le tsela e molemo ka ho fetisisa eo u ka sebelisang bophelo ba hao ka eona?

20 Bophelo ba Joshua, ba Davida le ba Timothea bo fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemo ka ho fetisisa eo u ka sebelisang bophelo ba hao ka eona. Melemo ea nakoana ea ho hahamalla katleho lefatšeng lena e ke ke ea lekana le melemo ea nako e telele eo u e fumanang ka ho ‘sebeletsa Jehova ka pelo eohle ea hao le ka moea oohle oa hao.’ (Josh. 22:5) Haeba ha u e-s’o inehele ho Jehova ka thapelo, ipotse, ‘Ke eng e nthibelang hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova?’ Haeba u se u le morapeli oa Jehova ea kolobelitsoeng, na u ka lakatsa ho eketsa thabo ea hao bophelong? Haeba ho joalo, eketsa tšebeletso ea hao ’me u tsoele pele ho ba Mokreste ea hatelang pele moeeng. Sehlooho se latelang se tla u bontša kamoo u ka hōlang moeeng kateng ka ho latela mohlala oa moapostola Pauluse.

U ka Araba Joang?

• Fana ka mabaka a mabeli a hore na ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa Molimo.

• Ke eng e ileng ea thusa Timothea hore a etse qeto ea ho sebeletsa Molimo?

• Ke hobane’ng ha u lokela ho lula u tiile ha u hlorisoa?

• Ke menyetla efe ea tšebeletso eo u ka ’nang ua ba le eona?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Na u ka araba lipotso mabapi le tumelo ea hao?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela