U Tla Khetha Mosebetsi Ofe?
NA U mocha ’me u sekolong? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba u hlohonolofalitsoe ka makhabane a bohlokoa ao bocha bo a tlisang—bophelo bo botle le matjato le mahlahahlaha. Bophelo ba hao bo nama ka pele ho uena joaloka tsela e e-s’o tsamauoe. U tla sebelisa bophelo boo joang lilemong tse tlang?
Ha u nahana ka bokamoso ba hao, ntle le pelaelo u tleloa ke lipotso kelellong ea hao. Na nka ea univesithi ‘me ka batla mosebetsi joaloka ngaka, leqoetha kapa ramahlale? Na ke hoheloa ke toro ea ho hloella boemong bo phahameng khoebong katlehong ea lichelete le botumo? Na ke tla fetoha lebitso le tummeng litsebong tse ikhethang ka ho ba sebapali sa sethalleng kapa ho etsa litšoantšo? Kapa, joaloka mocha ea inehetseng ho Jehova Molimo, na nka khetha tšebeletso ea nako e tletseng joaloka mosebetsi oa bophelo bohle ba ka, ka hona ‘ke hopola ’Mōpi oa ka matsatsing a bocha ba ka’?—Moeklesia 12:1.
Hangata lihlooho tsa lipampiri tsa litaba le limakasine li hlahisa bophelo ba batho ba tummeng e le bo hlasimollang le bo thabisang, empa u tseba eng ka bophelo ba mosebeletsi oa nako e tletseng? Na bo bosula kapa boa tena? Kapa na ruri boa thabisa ’me boa hlolla? Ho nahana ka liphihlelo tsa bophelo ba sebele tsa bao ba bileng tsebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse ngata ho ka u thusa ho etsa qeto.
Lebaka leo Ba Khethileng Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Ha ntoa e ntse e hlanakoa Vietnam, Harry o ne a ntse a kena Univesithi ea Hawaii, a ithutela ho ba tichere ea histori. O ne a boetse a ntse a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Joaloka ba bangata ba barutoana ’moho le eena, o ile a itšunya mokheng o tloaelehileng oa barutoana o batlang liphetoho tse feteletseng oa nako eo, a qala ho inoesa ka nkho lithethefatsing, ’me a fumana LSD e hlile e thabisa ka mokhoa o ikhethang. Hoseng ho hong o ile a tsoha ka phaposing ea hae ho tobana le mahleke a libotlolo tse pshatlehileng tsa joala, likotoana tsa mahlakana a koae le banna le basali ba jalakaneng fatše. Harry o bile le khopolo e lerootho feela ea khang le maponesa ka lengolo la tumello ea ho batla ka tlung le litšoso tse latelang tsa mong’a sebaka seo a lulang ho sona tsa ho mo leleka. Ke lekhatheng lena moo a ileng a rera ho khetha linthong tse peli, ho emisa ho ithuta Bibele kapa ho hloekisa bophelo ba hae. Ka bohlale, a khetha ho hloekisa bophelo ba hae.
Ha Harry a eketsa tsebo ea hae ea Bibele, a felloa ke thahasello ea ho hahamalla pakane ea thuto ea univesithi le mosebetsi oa ho ruta. A tsoa sekolo, a fumana mosebetsi o sa nkeng letsehare lohle, a kolobetsoa ‘me kapele a tsoanelehela ho ba pula-maliboho—’moleli oa nako e tletseng. Ka hona Harry a qalisa mosebetsi o mocha, o tletseng phephetso le liphihlelo tse hahang, tse thabisang.
Ho tloha boemong ba bopula-maliboho bo khethehileng, Harry le mosali oa hae ba abjoa e le baromuoa ho ea “lihlekehlekeng tsa mafika” tse ntle tsa Belau tse Pacific Bophirimela, moo ba ntseng ba sebeletsa. Bophelo ba boromuoa bo joang lihlekehlekeng tsee?
Ho Paka ka Seketsoana
Boholo ba bopaki lihlekehlekeng tsa Micronesia bo etsoa ka ho tsamaea ka seketsoana le ka maoto. Harry le mosali oa hae, Rene, ba hopola lekhetlo la bona la pele ba paka ka seketsoana sehleke-hlekeng se ka ntle. Harry o-oa hopola, “re ne re lula ntlong e hahiloeng limaele tse ngata holimo ho noka e telele e matsoelintsoeke e neng e tsoelipana e phunya tsela ea eona har’a mefero le likhoa tse teteaneng hoo li neng li re khurumelitse ka botala. Ho tloha setsing sa lehae la rōna, re ne re sesisa nōkeng, re emisa ho buisana le batho ba lulang mabopong a nōka. Mantsiboea a mang, pelenyana ho shoalane, re ne re khutla tsebeletsong ea tsimo ’me re potlaketse ho nyolosa nōka re orohela lapeng. Hang Rene a bokolla. Ka reteleha ka nako ho bona ho khaphatseha hoa metsi le mohatla o motelele oa sehahabi o nyamela ka metsing. E ne e le kuena e phelang metsing a letsoai—mofuta o moholohali lefatšeng. Ka liteboho, ra fihla hae re bolokehile ’me ho se kotsi ea letho. Le hoja e ne e le nako ea ho ea tola ka nōkeng, kamor’a ho bona kuena eo e kholohali, re ile ra nka ho bolokehile ho tlamella ropo nkhong ’me re khelle metsi a ho tola ka seketsoaneng sa rōna.”
Kaha ho le thata ho fihla metseng e mengata ka koloi kapa ka seketsoana, baromuoa ba qeta lihora ba tsamaea litseleng tse ntle tsa likhoa tse metseng lifate tsa coconut ka mathoko ho fumana batho ba botsoalle le ba ikokobelitseng. Harry o re: “Kamehla re fumana batho ba sekehelang ’nete tsebe. Nako le nako batho bana ba ka thoko ba bontša kamohelo ea bona e mofuthu. Ba hloella sefate sa coconut, ba khole coconut, ba tlose bokaholimo ba eona ka thipa, ’me ba u fe seno se tsoang hona ka tholoaneng eo. Se khatholla haholo, se monate, ebile se haha ’mele.”
Boiteko ba baromuoa ba boboleli bo putsitsoe joang Belau? Hona joale ba na le phutheho e nang le Bakreste ba ’nete ba 42. Ka karolelano, ba 10 ba ne ba le tšebeletsong ea nako e tletseng khoeli e ’ngoe le e ’ngoe selemo se fetileng ’me ba 193 ba ile ba ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 1985.
Kamor’a lilemo tse 17 tšebeletsong ea nako e tletseng, Harry o ikutloa joang ka qeto ea hae ea ho sebelisa bophelo ba hae ka ho feletseng tšebeletsong ea Jehova? O re, “hoja ke se fumane ’nete ea Molimo lilemong tse 17 tse fetileng, nako ea ka le bophelo ba ka li ka be li senyehile ka ho hahamalla lintho tsa lefatše. Le ka mohla nka be ke sa fumana khotso ea kelello le tšireletseho tseo ke li tsebileng nakong ea lilemo tsa ka joaloka pula-maliboho le moromuoa, ha ke le lesooa ka lilemo tse ngata ’me hamorao le Rene eo ke arolelaneng le eena lilemo tse fetileng tse robeli tsa tšebeletso ea boromuoa.”
Ho Buella Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Milton o ne a kena sekolo se phahameng Hawaii. Ba bang ba ne ba mo khothaletsa ho fumana mosebetsi o tšepisang o nang le tšireletseho ea tsa lichelete, empa mohlala oa khaitseli ea hae le baholoane ba hae ba babeli ba neng ba se ba kenetse tšebeletso ea nako e tletseng ea bopula-maliboho, o ile oa mo khothatsa. Mehlala ea bona e mo khothalelitse hore le eena a nahane ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ho feta moo, o ile a utloa puo e buang ka mahlohonolo a tšebeletso ea nako e tletseng le kamoo Jehova a tlang ho re fa litlhoko tsa rōna tsa nama haeba re mo tsepa ’me re mo etelletsa pele bophelong ba rōna. Milton o-oa pheta: “Sena sa ntsusumelletsa ho khetha tšebeletso ea nako e tletseng e le mosebetsi oa ka bophelong. Ka lebaka leo, pele ke qeta sekolong se phahameng, ke ile ka kolobetsoa ’me ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng.”
Ha Milton a qala ho bula maliboho, ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba ka tlaase ho leshome phuthehong. O entse eng ka see? O re, “ke ile ka memela baena ba bacha ho sebetsa le ‘na tšebeletsong ea tšimo. Ka lebaka leo, ba bangata ba bana ba kopanela le ’na tsebeletsong ea nako e tletseng.”
Milton o tsoelapele hore, “Soare sa ka e ne e le moholo le pula-maliboho. Re ne re le phuthehong e le ’ngoe ’me re sebetsa hammoho ho khothaletsa ba bang ho bula maliboho. Qeto ea e-ba hore ke tla thusa ba bacha, ’me eena o tla thusa basali ba malapa. Kamor’a likhoeli tse ‘maloa, ho ne ho le teng basebeletsi ba nako e tletseng ba 25 ka phuthehong. Ha molebeli oa potoloho a tla, o ile a memela ba leshome ba bana ho etsa kōpo ea bopulamaliboho bo khethehileng le ho ea liphuthehong tse haufi. Ra boetse ra buisana ka pakane ea ho thusa ba bang ba leshome ho kenela tšsebeletso ea bopula-maliboho ho nka sebaka sa bao ba rometsoeng ka ntle. Ketelong e latelang ea molebeli oa potoloho, ba 15 hape ba ne ba kenetse tšebeletso ea nako e tletseng. Joale re ne re e-na le bo-pula-maliboho ba 30. Molebeli oa potoloho a boetse hape a kōpa ba leshome ho bana ho ea liphuthehong tse haufi. Ra boetse ra qalella hape ho fumana ba tla nkela bao sebaka. Pele ho ketelo e hlahlamang ea molebeli oa potoloho, ba 20 hape ba kōpa tsebeletso ea bopula-maliboho!”
Moea o tšoaetsanoang oa bopula-maliboho o ne o khomaretse ba bacha. Nako eo ba fihlang sekolong se phahameng, ho ekabang bohle ba bona ba ne ba entse tšebeletso ea nako e tletseng pakane ea bona. Khaitseli e mong, ha a le lilemo li 13 a rera ho bula maliboho. O itse: “Ho etsa joalo e ne e ka ntho ea tlhaho.” Eena le bacha ba bang ka phuthehong le ka mohla ha ba ka ba nahana ka eng kapa eng hape ka ho teba. Ho ile ha hlophisoa ho paka ka lihlopha kamor’a sekolo, ’me qetellong barutoana ba 60 ba tsoang likolong tse tharo tse fapaneng ba ne ba tsehetsa tsebetso ena ‘moho le bo-pula-maliboho. Nakong ea likhoeli tsa hlabula, ho ne ho khothatsa haholo ho bona bongata ba ba 130 bo bokana bakeng sa bopaki ba lihlopha!
Bopula-maliboho bo Lebisitse Litokelong tse Kholo
Milton o betsetsa mahlo morao, “Ka 1974, ke ile ka memeloa ho amohela mosebetsi oa boromuoa kabelong e lik’hilomithara tse 6 400 ho tloha lapeng—lihlekehlekeng tsa Belau Micronesia.” Phephetso e ’ngoe e ileng ea nka nako ho tloaeleha e ne e le ho tsamaea libaka tse telele har’a limela tse tala tsa libaka tse chesang le ho tsamaea ka liketsoana.
Ka letsatsi le leng le chesang, le mongobo kamor’a ho tsamaea ka lihora mehlaleng e lerōle, Milton o-oa hopola, “re ne re khathetse ha re fihla lehaeng la lelapa le leng le thabelang. ’Mè oa moo a romela mora oa hae tlaase nōkeng. O ile a re tlela le lehapu le leholo, le pholisitsoeng ke nōka. Re ile ra ja karolo e khōlō ea lōna, ’me le ne le khatholla hakaakang!”
Kamor’a selemo kabelong ea hae ea boromuoa, Milton o ne a lakatsa ho bona lipakane tse tharo li phethahalitsoe Belau, eleng, hore baena ba moo ba qetelle ba nkile boikarabelo ba liphutheho, ho bona ba bacha ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng le ho bona phutheho e ikhahela Holo ea eona ea ’Muso. Hona joale o re: “Kamor’a lilemo tse leshome ke le mona, lithapelo tsa ka bakeng sa ho finyella lipakane tse tharo tseo li arabeloa kaofela.”
Na Milton o ikutloa hore o entse khetho e nepahetseng lilemong tse 14 tse fetileng ha a ne a kenela tšebeletso ea nako e tletseng e le mosebetsi oa hae oa bophelo? O-oa arabela, “Ntho e le ’ngoe eo ke ithutileng eona lilemong tsohle tsa ka tsa tšebeletso ea nako e tletseng ke ena: Haeba re rata, Jehova o tla re sebelisa ka nako e loketseng. Le ka mohla re se ke ra lahla tšepo empa re tsoelepele re inehela ka ho rata tšebeletsong ea hae. Le ka mohla u ke ke ua ikoahlaela ho latela mosebetsi oa ho sebeletsa Jehova joaloka mosebeletsi oa nako e tletseng.”
U Tla Sebelisa Bophelo Ba Hao Joang?
Bacha, le tla sebelisa bokamoso ba lōna joang? Molemong oa lōna kapa ka ho tlala bakeng sa Jehova? (Baroma 14:8) Ka thapelo nahanisisa pakane ea tšebeletso ea nako e tletseng hona joale bocheng ba hao. Etsisa Jesu ka ho phelela “thato ea Molimo” karolong e setseng ea bophelo ba hao. (1 Petrose 4:2, TLP) Ho tla ipaka e le tšireletso khahlanong le litakatso tse matla, mesebetsi le litloaelano tse kotsi tsa lefatše. Hlophisa maemo a hao ’me u ipeele letsatsi le qaqileng e le pakane ea hao ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Sebeletsa pakane eo. Rapella thuso ea Jehova ho u thusa ho e finyella.—Baefese 6:18.
Khetho ea mosebetsi oa ho bula maliboho e ka u lebisa litokelong tse ngata tse babatsehang tsa tšebeletso ho feta kamoo u lebelletseng. Bophelo ba hao bo tla tlala thabo, tšireletseho le lerato. E tla ba bo hlollang, bo thabisang le bo khotsofatsang. Holim’a tsohle, e tla ba bophelo bo thabisang Jehova.—Liproverbia 27:11.