Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/02 leq. 4
  • Thabo e Tlisoang ke Tšebeletso ea Nako e Tletseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabo e Tlisoang ke Tšebeletso ea Nako e Tletseng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšebeletso ea Bopula-maliboho—Na e U Loketse?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • U Behetse Bana ba Hao Lipakane Life?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Ho Hlokahala Barab’abo Rōna ba Eketsehileng Tšebeletsong ea Bopula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • “Bopula-maliboho bo ka U Tšoanela!”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 4/02 leq. 4

Thabo e Tlisoang ke Tšebeletso ea Nako e Tletseng

1 Joaloka mocha, ha ho pelaelo hore u nahana ka bokamoso ba hao. Liproverbia 21:5 e re bolella hore “merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.” E tla ba molemong oa hao hore u nahane ka ho teba ka lipakane tsa hao bophelong. Ha u ntse u rera bokamoso ba hao, nahana ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Hobane’ng?

2 Botsa ba bang ba hōlileng ba ileng ba bula maliboho lilemong tsa bona tsa bocha hore na ba nahana’ng ka bona ’me kaofela ha bona ba tla u bolella ntho e le ’ngoe: “Tseo e bile lilemo tse molemo ka ho fetisisa bophelong ba ka!” Mor’abo rōna e mong ea ileng a latsoa thabo ea ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ho tloha bohlankaneng ba hae, hamorao bophelong o ile a re: “Ke ho khotsofatsang haholo ho hetla morao nakong ea bocha le ho khona ho bolela hore ke etse hloko keletso ena e bohlale: ‘U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao.’” (Moek. 12:1) Ho hlokahala hore uena le batsoali ba hao le rere lintho ka hloko e le hore u ka latsoa thabo ena bohlankaneng kapa boroetsaneng ba hao.

3 Batsoali, Khothalletsang Tšebeletso ea Nako e Tletseng: Jehova, joaloka Ntate ea tsotellang, o le bontša ka ho toba tsela eo le lokelang ho tsamaea ka eona. (Esa. 30:21) O behela lōna batsoali ba Bakreste mohlala o motle ka ho fana ka tataiso e lerato joalo. Ho e-na le hore le tlohelle bana ba lōna ba ikhethele tsela e molemo ho bona, ba koetliseng ka bohlale tseleng eo ba lokelang ho tsamaea ho eona e le hore ba tle ba fumane tlhohonolofatso ea Jehova. Joale, ha ba ntse ba hōla, koetliso eo le ba fileng eona e tla ba thusa “ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheb. 5:14) Batsoali ba tseba ho tsoa phihlelong hore ba ke ke ba tšepa kahlolo ea bona, ba tlameha ho itšetleha ka Jehova hore a otlolle litsela tsa bona. (Liprov. 3:5, 6) Bacha, ba se nang phihlelo bophelong ba hloka sena le ho feta.

4 Batsoali, ha bana ba lōna ba thuthua ba kena bocheng kapa le pele ho teng, buisanang le bona ka lipakane tsa bona tsa bophelo. Baeletsi ba tsa thuto, matichere le barutoana-’moho le bona ba tla leka ho ba susumelletsa ho khetha lipakane tsa lefatše, tsa ho hahamalla lintho tse bonahalang. Thusang bana ba lōna ho khetha lithuto tsa sekolo tse fanang ka koetliso e ka sebelisoang, ho ba hlomella ho hlokomela litlhoko tsa bona tsa nama ba sa sekisetse lithahasello tsa ’Muso. (1 Tim. 6:6-11) Maemong a mangata, thuto ea sekolo se phahameng hammoho le koetliso ea sekolo sa mosebetsi oa matsoho le/kapa koetliso eo motho a e fumanang a ntse a sebetsa e ka ’na ea e-ba sohle se hlokahalang ho hlokomela ka ho lekaneng litlhoko tsa motho ha a qala tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla.

5 Khothalletsa bacha ho hahamalla mpho ea bosoha. Haeba hamorao ba khetha ho kena lenyalong, ba tla be ba le boemong bo molemonyana ba ho jara boikarabelo bo boima ba lenyalo. (Bona serapa sa 19 tlas’a “Na U ka Ithaopa?” kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 2001.) Kenya ka ho bacha takatso ea ho sebelisa bophelo ba bona ka tsela e khahlisang Jehova, e ruisang ba bang molemo le e ba tlisetsang thabo ka ho bua hantle ka bopula-maliboho, ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane, ho sebeletsa Bethele le mosebetsi oa boromuoa, esita le ha ba sa le banyenyane.

6 Bacha, Etelletsang Pele Tšebeletso ea Nako e Tletseng: Bacha, ha ho hlokahale hore le ipotse hore na ebe mosebetsi oa bopula-maliboho ke mosebetsi o joang. Le ka o leka ka nakoana ka ho nka bopula-maliboho bo thusang neng le neng ha ho khoneha har’a selemo le nakong ea phomolo. Kahoo le tla ikutloela kamoo tšebeletso ea bopula-maliboho e khotsofatsang kateng! Na le ka lokisetsa ho nka bopula-maliboho bo thusang likhoeling tsee tse tlang?

7 Haeba u mor’abo rōna e mocha ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo, ak’u boele u nahane ka ho teba ka ho iketsa ea tšoanelehang ho ba mohlanka ea sebeletsang. (1 Tim. 3:8-10, 12) Ho feta moo, etsa qeto ea hore na u batla ho etsa kōpo ea ho sebeletsa Bethele kapa ea ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, hang ha u fihla lilemong tse hlokahalang. Phihlelo ea hao tšebeletsong ea bopula-maliboho e tla u ruta thuto ea bohlokoa, e kang ea ho phela ka kemiso, ho ntlafatsa tsela eo u etsang lintho ka eona, ho phelisana le ba bang le ho u ruta ho jara boikarabelo. Sena sohle se tla u lokiselletsa ho jara litokelo tse khōloanyane tsa tšebeletso hamorao.

8 Ntlha ea bohlokoa ho atleheng tšebeletsong ea nako e tletseng ke ho chesehela tšebeletso ea Molimo. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa boikutlo bona, ’me a bontša litlhohonolofatso tse tla tlisoa ke ho ba le bona: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova, . . . etsoe lea tseba hore le tla amohela ho Jehova moputso o loketseng oa lefa.” (Bakol. 3:23, 24) E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa ka ho enneng ka thabo tšebeletsong ea nako e tletseng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela