Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka January: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R12,00, kapa Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R6,00. February: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R12,00. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R4,00. Tsitsisang mohopolo tabeng ea ho qala lithuto tsa lehae tsa Bibele. April: Peeletso ea selemo ea Molula-Qhooa e tlang ka poso ka monehelo oa R48,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo ea likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng ea likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R24,00. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Etsa boiteko bo khethehileng ba ho nehelana ka likopi tsa limakasine ha mpho e hanoa.
◼ Bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba teng Sebokeng sa Tšebeletso bekeng ea la 19 January ba tla fuoa likarete tsa Advance Medical Directive/Release le Identity Card bakeng sa bana ba bona.
◼ Ho qala ka February, ’me eseng ka mor’a la 1 March, puo e ncha ea phatlalatsa bakeng sa balebeli ba potoloho e tla ba “Na U na le Pono e Tšoanang le ea Molimo ka Bophelo?”
◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng tsa ho keteka Sehopotso selemong sena ka Moqebelo, la 11 April ka mor’a ho likela ha letsatsi. Le hoja puo e ka ’na ea qalisa pelenyana, ho fetisoa ha litšoantšetso tsa Sehopotso ha hoa lokela ho qalisa ho fihlela ka mor’a ho likela ha letsatsi. Fumanang mehloling ea boitsebiso ea sebaka sa lōna hore na letsatsi le likela neng tulong ea lōna. Le hoja e le ntho e ntle hore phutheho ka ’ngoe e tšoare tšebeletso ea eona ea Sehopotso, sena se ka ’na sa se khonehe kamehla. Moo ka tloaelo liphutheho tse ’maloa li sebelisang Holo e le ’ngoe ea ’Muso, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa ho feta li ka sebelisa mohaho o mong mantsiboeeng ao. Sehopotso ha sea lokela ho qala morao haholo hoo batho ba sa tsoa thahasella ba ka thatafalloang ho ba teng. Ho feta moo, kemiso ha ea lokela ho patisoa ke nako hoo ho sa beng le nako ea ho lumelisa baeti pele kapa ka mor’a tšebeletso, ho etsa litokisetso tsa thuso e tsoelang pele bakeng sa ba bang ba thahasellang moeeng kapa ho thabela khothatsano ea bohle. Ka mor’a ho nahanisisa ka mabaka ’ohle, baholo ba lokela ho etsa qeto ka hore na ke litokisetso life tse tlang ho thusa ba tlileng Sehopotsong ho rua molemo ka botlalo ketsahalong eo.
◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng bakeng sa nako ea Sehopotso ea 1998 e tla fanoa ka Sontaha, la 29 March. Ho tla fanoa ka kemiso ea puo. Liphutheho tse nang le ketelo ea molebeli oa potoloho, kopano ea potoloho kapa letsatsi le khethehileng la kopano mafelo-bekeng ao li tla ba le puo e khethehileng bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho la 29 March, 1998.
◼ Ho qala bekeng ea la 4 May, 1998, ho fihlela bekeng ea la 14 September, 1998, buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e tla ithutoa Thutong ea Buka ea Phutheho.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Temana ea selemo ea 1998 e tla ba R16,00 e le ’ngoe. Ka kōpo fetolang Cost List ea lōna ka ho loketseng.
◼ La 4 April, 1998, e tla ba Letsatsi la rōna la Limakasine le khethehileng. Nakong e fetileng ba bangata ba ’nile ba thabela ho kopanela mosebetsing ona oa Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Ke hobane’ng ha u sa qale hona joale ho lokisetsa ho kopanela ka ho feletseng selemong see? Liphutheho li lokela ho romela liodara tse khethehileng tsa limakasine kapele-pele kamoo ho ka khonehang.