Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/98 maq. 3-4
  • Ho Batleha Lithuto Tse Eketsehileng Tsa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batleha Lithuto Tse Eketsehileng Tsa Bibele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Maeto a ho Boela a Lebisa Lithutong Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Etsa Bonnete ba Hore ua Khutlela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Na U Buella Lithuto Tsa Bibele?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 4/98 maq. 3-4

Ho Batleha Lithuto Tse Eketsehileng Tsa Bibele

1 Jehova Molimo o hlohonolofatsa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng ka keketseho e tsoelang pele. Selemong se fetileng sa tšebeletso, ba fetang 375 923 ba ile ba kolobetsoa lefatšeng ka bophara—e leng karolelano ea barutuoa ba bacha ba fetang 1000 ka letsatsi, kapa ba ka bang 43 hora e ’ngoe le e ’ngoe! Ho sa tsotellehe lilemo-lemo tsa mathata tseo barab’abo rōna ba talimanang le tsona likarolong tse fapaneng tsa lefatše, mosebetsi oa ’Muso o tsoela pele hantle ’me ho bonahala keketseho e ikhethang. Ho thabisa hakaakang ho bala ka khatelo-pele e ntseng e etsoa ho boleleng litaba tse molemo!

2 Afrika Boroa selemong se fetileng sa tšebeletso, re bone keketseho karolelanong ea bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba thusang, lihoreng tse sebelitsoeng boboleling le lenaneng la libukana, libukana tse lekanang le makasine hammoho le limakasine tse ileng tsa tsamaisoa. Ho bile le keketseho lenaneng la ba ileng ba kolobetsoa le tlhōrō e phahameng ka ho fetisisa ea ba bileng teng Sehopotsong. Ho thoe’ng ka maeto a ho boela le mosebetsi oa thuto ea Bibele? Re ile ra thabela keketseho e nyenyane. ’Me leha ho le joalo, litšobotsi tsena tsa boboleli ke tsa bohlokoa ho etseng barutuoa. Ke eng seo e mong le e mong oa rōna a ka se etsang ho eketsa ho kopanela ha rōna maetong a ho boela le lithutong tsa Bibele?

3 Matlafatsa Takatso ea ho Khanna Thuto: Ho hlokahala hore rōna ka borōna re tsitsise mohopolo tabeng ea ho ba matla moeeng le ho cheseha. Balateli ba ’nete ba Kreste ba ‘chesehela mesebetsi e metle.’ (Tite 2:14) Ha re hlahloba tšebeletso ea rōna, na re ka bolela hore re hlile re labalabela ka matla ho ntšetsa pele thahasello hohle moo re tsamaisitseng lingoliloeng tšimong? Na re chesehela ho qalisa lithuto tsa Bibele ho bohle ba bontšang thahasello? (Baroma 12:11) Kapa na mohlomong ho sa hlokahala hore re hlaolele takatso e matla ea ho etsa maeto a ho boela le ho qalisa lithuto tsa Bibele?

4 ’Malo oa botho oa Bibele, ho ba teng kamehla libokeng le ho ithuta lingoliloeng ho tla re boloka re phetse hantle le ho re matlafatsa ka moea oa Molimo. (Baef. 3:16-19) Sena se tla matlafatsa tumelo le kholiseho tsa rōna ho Jehova le lerato la rōna ho batho ba bang. Re tla susumelletseha hore re rute motho e mong ’nete, ’me ka ho etsa joalo re etse hore tšebeletso ea rōna e be e thahasellisang, e atlehang le ho hlasimolla. E, re lokela ho batla lithuto tse eketsehileng tsa Bibele!

5 Ithuteng le le Lelapa Pele: Batsoali ba Bakreste ba nang le bana ba lulang le bona lapeng ba tlameha ho ameha ka lenaneo la bona la thuto ea kamehla ea lelapa ea Bibele. (Deut. 31:12; Pes. 148:12, 13; Liprov. 22:6) Ho ka ba molemo haholo hore batsoali ba ithute le bana ba bona bukana ea Seo a se Hlokang ebe ba fetela bukeng ea Tsebo e le ho lokisetsa bana ba bona hore ba tšoanelehe ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang le bakeng sa ho inehela le ho kolobetsoa. Ha e le hantle, ho ka ’na ha tšohloa boitsebiso bo eketsehileng, ho itšetlehile ka tlhoko le lilemo tsa ngoana. Motsoali ea ithutang le ngoana ea e-song ho kolobetsoe a ka tlaleha thuto, nako le maeto a ho boela joalokaha ho boletsoe ho Karolo ea Lipotso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1987.

6 Ntlafatsa Tlhophiso ea Botho: Ha re nahana ka lenane la limakasine, libukana le libuka tse tsamaisitsoeng, ha ho pelaelo hore ho jetsoe peō e ngata. ’Me peō ena ea ’nete e jetsoeng e na le monyetla o moholo oa ho hlahisa barutuoa ba bacha. Empa na molemi kapa mohlokomeli oa serapa a ka khotsofala e le kannete haeba a tsoela pele ho jala, ’me ka mor’a ho etsa boiteko bohle, a sa iphe nako ea ho kotula? Le hanyenyane. Ka ho tšoanang, ho latella thahasello ke habohlokoa tšebeletsong.

7 Na kamehla u etsa kemiso ea ho etsa maeto a ho boela? Khutlela kapele-pele hohle moo ho fumanoeng thahasello. Etsa maeto a ho boela ka boikemisetso ba ho qalisa thuto ea Bibele. Na u boloka tlaleho e makhethe, e nakong le e hlophisehileng hantle ea maeto a hao a ho boela? Ho phaella lebitsong le atereseng tsa mong’a ntlo, tiisa hore u ngola letsatsi la ketelo ea pele, lingoliloeng leha e le life tse tsamaisitsoeng, tlhaloso e khutšoanyane ea seo ho buisanoeng ka sona le ntlha ea puisano e ka ntšetsoang pele ketelong e latelang. Siea sebaka tlalehong ea hao bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng bo lokelang ho ngoloa ka mor’a ketelo ka ’ngoe.

8 Hlahlobisisa Mokhoa oa ho Etsa Leeto la ho Boela: Ke lintlha life tse lokelang ho hopoloa ha ho khutleloa ho motho ea thahasellang? (1) E-ba mofuthu, bontša botsoalle, cheseho le ho phutholoha. (2) Tšohla lihlooho kapa lipotso tse mo thahasellisang. (3) Boloka puisano e le bonolo e bile e le ea Mangolo. (4) Ketelong ka ’ngoe, leka ho ruta mong’a ntlo taba e itseng eo a tla e hlokomela e le ea bohlokoa ho eena. (5) Haha tebello bakeng sa taba eo ho tlang ho buisanoa ka eona ketelong e latelang. (6) U se ke ua lula nako e telele haholo. (7) U se ke ua botsa mong’a ntlo lipotso tse mo hlabisang lihlong kapa tse mo hlahisang e le ea se nang tsebo. (8) E-ba hlokolosi ho se nyatse maikutlo a fosahetseng kapa mekhoa e mebe ea mong’a ntlo pele ho hlaoleloa kananelo ea moea.—Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1997 bakeng sa thuso e eketsehileng tabeng ea ho atleha ho etsa maeto a ho boela le ho qalisa lithuto tsa Bibele.

9 Hlahloba Monyetla o Mong le o Mong: Phuthehong e ’ngoe ho ile ha khoneha ho fumana mabitso le linomoro tsa matlo a batho bohle ba lulang sebakeng se sirelelitsoeng ka thata-thata. Moahi ka mong o ile a ngolloa lengolo ’me ha kenyelletsoa lipampitšana tse peli. Qetellong ea lengolo ho ile ha khothalletsoa thuto ea Bibele ’me ha ngoloa nomoro ea thelefono e le hore moamoheli oa lengolo a ka arabela. Ka mor’a matsatsi a ’maloa, monna e mong e mocha o ile a letsa ’me a kōpa thuto. Ho ile ha etsoa leeto la ho boela letsatsing le latelang, ’me ha qalisoa thuto ka buka ea Tsebo. Mantsiboeeng ’ona ao o ile a tla Thutong ea Buka ea Phutheho, ’me a tsoela pele ho ba teng libokeng tsohle. Hang-hang o ile a qala ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng ’me a hatela pele ka ho tiileng ho ea kolobetsong.

10 Sehlopha sa bahoeletsi ba tsamaeang ka koloi se ile sa lokisetsa ho etsa maeto a ho boela hammoho. Ha morali’abo rōna a boela leetong le leng la hae la ho boela, motho eo a neng a mo batla o ne a le sieo lapeng, empa mosali e mong e mocha o ile a arabela monyako, a re: “Ke khale ke u emetse.” Mong’a ntlo eo o ne a fumane buka ea Tsebo ho motsoalle oa hae nakong e fetileng. Empa nakong eo baralib’abo rōna ba fihlang ha hae, o ne a se a balile buka ena ka makhetlo a mabeli ’me a khahliloe haholo ke boitsebiso boo e bo fupereng. O ile a bolela hore ha a makale ha Lipaki li mo etela letsatsing leo hobane o ’nile a rapella hore li tle ’me li ithute Bibele le eena. Ho ile ha qalisoa thuto ’me a qala ho tla libokeng tsa phutheho le ho hatela pele ka potlako.

11 Morali’abo rōna ea kolobelitsoeng hoo e ka bang lilemong tse 25 tse fetileng, haufinyane tjena o ile a neha ’mè oa hae buka ea Tsebo. ’Mè oa hae, eo e leng setho sa kereke, o ile a qala ho bala buka ena. Ka mor’a hore a qete ho bala likhaolo tse peli, o ile a bitsa morali, ’me morali a sa maketse joalo, a re: “Ke batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova!” ’Mè enoa o ile a qala ho ithuta ’me hona joale o kolobelitsoe.

12 Leka Litlhahiso Tsena: Na u kile ua sebelisa katamelo e tobileng bakeng sa ho qalisa lithuto? U ka ’na ua re feela: “Haeba u rata ho ba le thuto ea lehae ea Bibele, nka u bontša hore na sena se etsoa joang ka metsotso e seng mekae feela. Haeba u e thabela, u ka tsoela pele.” Batho ba bangata ha ba tsilatsile ho amohela mpho e joalo, ’me ka boikemisetso ba shebella ha ho etsoa pontšo ea thuto ea Bibele.

13 Qalong ea thuto, bontša seithuti kamoo se ka lokisetsang esale pele kateng ka ho bala mangolo a qotsitsoeng le ho thalla mantsoe a sehlooho mōla bakeng sa ho arabela lipotso tse hatisitsoeng. Tsitsisa mohopolo lintlheng tsa sehlooho feela. Le hoja ho ka ’na ha hlokahala hore re feto-fetohe makhetlong a ’maloa a qalang, ke habohlokoa hore thuto ea Bibele e tšoaroe kamehla. Nahanela kamoo u tla kenyelletsa thapelo hore e be karolo ea bohlokoa thutong le kamoo u ka hlomellang seithuti ka Mangolo bakeng sa khanyetso kateng. Ka litsela tsohle leka ho boloka thuto e thahasellisa!

14 Bonneteng, hase liithuti tsohle tsa Bibele tse hatelang pele ka lebelo le tšoanang. Tse ling ha lia sekamela linthong tsa moea kapa hona ho potlakela ho amohela lintho tse rutoang. Mohlomong tse ling li phela bophelo bo maphathaphathe ’me mohlomong li ke ke tsa khona ho qeta nako e hlokahalang bakeng sa ho akaretsa khaolo kaofela beke e ’ngoe le e ’ngoe. Maemong a mang ho ka ’na ha hlokahala makhetlo a fetang le le leng bakeng sa ho akaretsa likhaolo tse itseng hammoho le likhoeli tse eketsehileng ho qeta buka. Maemong a mang re ka ’na ra ithuta bukana ea Seo a se Hlokang pele ebe re fetela bukeng ea Tsebo. Sena, hammoho le ho tla ha tsona libokeng tsa phutheho, se tla thusa seithuti ka seng ho fumana motheo o tiileng oa ’nete.

15 Ka holim’a tsohle, rapella thuto ea Bibele! (1 Joh. 3:22) E ’ngoe ea liphihlelo tse putsang ka ho fetisisa ho Mokreste ke ho sebelisoa ke Jehova ho thusa motho e mong ho ba morutuoa oa Jesu Kreste. (Lik. 20:35; 1 Bakor. 3:6-9; 1 Bathes. 2:8) Joale ke nako ea ho bontša cheseho e matla mosebetsing oa ho khanna thuto ea Bibele, re kholisehile ka botlalo hore Jehova o tla hlohonolofatsa ka ho enneng boiteko ba rōna ba ho qalisa lithuto tse eketsehileng!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Na u rapella ho qalisa thuto e ncha ea Bibele?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela