Re ka Etsa Mesebetsi e Meholoanyane
1 Tšebeletso ea Jesu Kreste e ne e khetholloa ka mesebetsi e hlaheletseng. O ile a fepa ba likete ka mohlolo, a phekola ba bangata, ’me a tsosa ba bang bafung. (Mat. 8:1-17; 14:14-21; Joh. 11:38-44) Tšebetso ea hae e ile ea hapa tlhokomelo ea sechaba sohle. Leha ho le joalo, bosiung ba ho qetela pele ho lefu la hae, o ile a bolella balateli ba hae ba tšepahalang: “Ea sebelisang tumelo ho ’na, eo ka ho tšoanang o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang; ’me o tla etsa mesebetsi e meholo ho feta ena.” (Joh. 14:12) Ke joang re ka etsang mesebetsi e “meholo ho feta”?
2 Ka ho Akaretsa Tšimo e Eketsehileng: Tikoloho eo Jesu a neng a e sebetsa e ne e lekanyelitsoe Palestina feela, athe barutuoa ba hae ba pele ba ile ba bolelloa hore ba pake “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše,” e leng e fetang hōle eo Jesu ka boeena a ileng a bolela ho eona. (Lik. 1:8) Mosebetsi oa ho bolela oo a o qalileng hona joale o etsoa lefatšeng lohle, o akaretsa linaha tse 232. (Mat. 24:14) Na u kopanela ka botlalo ho sebetseng tšimo e abetsoeng phutheho ea heno?
3 Ka ho Finyella Batho ba Eketsehileng: Jesu o ile a siea barutuoa ba seng bakae hore ba ntšetse pele mosebetsi oa ho bolela. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho paka ha bona ka cheseho ka Pentekonta ea 33 C.E., ba ileng ba amohela ’nete ’me ba kolobetsoa letsatsing leo e bile batho ba ka bang likete tse tharo. (Lik. 2:1-11, 37-41) Ho bokelloa ha ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ ho tsoetse pele ho fihlela mehleng ea rōna, ha ka karolelano re se re kolobetsa ba fetang 1000 ka letsatsi. (Lik. 13:48) Na u etsa sohle se matleng a hao ho finyella batho ba lipelo li tšepahalang hohle moo ba ka fumanehang teng le ho latella thahasello kapele kamoo ho ka khonehang kateng?
4 Ka ho Bolela ka Nako e Teletsana: Tšebeletso ea Jesu lefatšeng e ne e lekanyelitsoe ho lilemo tse tharo. Ba bangata ba rōna re ’nile ra bolela ka nako e teletsana ho feta eo. Ho sa tsotellehe hore na re tla lumelloa halelele hakae ho tsoela pele ka mosebetsi ona, re thabela ho thusa morutuoa e mong le e mong e mocha ho qalisa tseleng ena e isang bophelong. (Mat. 7:14) Na u na le ho hongata hoo u ho etsang khoeli e ’ngoe le e ’ngoe mosebetsing oa Morena?—1 Bakor. 15:58.
5 Re ka lula re kholisehile hore ka tšehetso ea Jesu, re tla ’ne re tsoele pele ho etsa mesebetsi e meholoanyane re le barutuoa ba hae ba ’nete.—Mat. 28:19, 20.