Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/98 leq. 1
  • Tseba Barab’eno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tseba Barab’eno
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tseba Baena ba Hao Hantle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Bara le Barali Babo Rōna ke Bo-mang?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lulang le Khothatsana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 9/98 leq. 1

Tseba Barab’eno

1 Bibele e hlalosa motsoalle oa sebele e le motho ea khomarelang e mong ho feta mor’abo motho, ea bontšang lerato le botšepehi ka linako tsohle le ea thusang motsoalle oa hae nakong ea tlokotsi. (Liprov. 17:17; 18:24) Re ke ke ra haelloa ke metsoalle e joalo ka phuthehong haeba re etsa boiteko ba ho tsebana le ho ratana.—Joh. 13:35.

2 Ho ba le menyetla e metle ea ho tloaelana le barab’abo rōna pele ho liboka le ka morao ho tsona. Ke hobane’ng ha u sa fihle pele le ho ema ho se hokae ha li e-tsoa e le hore u ka thabela botsoalle bo mofuthu le bo hlasimollang? Batla ho buisana le barab’abo rōna ba sa tšoaneng, ho akarelletsa ba hōlileng ba nang le phihlelo le ba bacha lilemong kapa ba lihlong.

3 Qalisa Moqoqo: Etsa ho fetang ho lumelisa barab’eno feela. U ka qalisa moqoqo ka ho pheta phihlelo eo u bileng le eona tšebeletsong ea tšimo, ntlha e thahasellisang e hlahileng makasineng ea morao-rao, kapa u ka bua ka seboka seo le sa tsoa ba ho sona. U ka ithuta ho hongata ka barab’eno ka ho ba momameli ea molemo, ea ba khothalletsang ho pheta liphihlelo tseo ba bileng le tsona le lintho tseo ba ithutang tsona. Ho botsa kamoo motho a tsebileng Jehova kateng feela ho ka ’na ha senola ho hongata. Ba bang ba bile le liphihlelo tse matlafatsang tumelo bophelong ba bona, ha ba bang hona joale ba feta tlas’a maemo ao ho ka ’nang ha e-ba thata ho ba bangata ho a nahana. Ho hlokomela sena ho tla re thusa hore, joaloka metsoalle ea sebele, re be ba nahanelang le ba hlokomelang litlhoko tsa ba bang.

4 Atamelanang Joaloka Metsoalle: Ka mor’a lefu la ngoan’a hae, morali’abo rōna e mong o ile a fumana ho le thata ho bina lipina tsa ’Muso tse buang ka tsoho. Oa hopola: “Ka nako e ’ngoe, morali’eso e mong ea neng a lutse mabapa le ’na litulong tse ka lehlakoreng le leng o ile a mpona ke lla. O ile a tla ho ’na, a nkopa ka letsoho, ’me a bina le ’na karolo ea pina e setseng. Ke ile ka ikutloa ke e-na le lerato le lengata bakeng sa bara le barali beso, ke bile ke thabile haholo hore ebe re bile teng libokeng, ka elelloa hore ke hona Holong ea ’Muso moo re fumanang thuso teng.” Re lokela ho atamela barab’abo rōna joaloka metsoalle ka ho ba tšelisa ha ho hlokahala le ho ba khothatsa ka linako tsohle.—Baheb. 10:24, 25.

5 Ha lefatše lena la khale le ntse le fetoha le hatellang haholoanyane, a re etseng qeto ea ho tseba barab’abo rōna hamolemonyana. Phapanyetsano ena ea khothatso ea sebele e tla ipaka e le tlhohonolofatso ho bohle.—Baroma 1:11, 12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela