Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September
Beke e Qalang ka la 7 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
15 mets: “Re ka Etsa Mesebetsi e Meholoanyane.” Lipotso le likarabo. Khothalletsa bohle ho ipehela lipakane tse finyellehang bakeng sa selemo se secha sa tšebeletso le ho sebetsa ka thata ho li finyella.—Bona Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 116-18.
20 mets: “Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang.” Moholo o hlalosa hore ho phaella koetlisong e fanoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ho entsoe litokisetso tsa hore bo-pula-maliboho ba thuse ba bang ka ho toba tšebeletsong. O botsa lipotso tse thehiloeng sehloohong ’me o mema bamameli hore ba fane ka litlhaloso, haholo-holo bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba ileng ba kopanela lenaneong lena. Hlahloba kamoo u ka fumanang litholoana tse molemo ka ho fetisisa ho lona kateng. Bo-pula-maliboho ba ka ’na ba pheta kamoo ba ileng ba thabela ’me ba rua molemo kateng ho kopaneleng ho thuseng ba bang. Bahoeletsi ba thusitsoeng ba ka ’na ba bolela kamoo ba ananelang tokisetso ena e lerato kateng ’me ba hlalosa lintlha tse ba thusitseng ho finyella katleho le thabo e eketsehileng tšebeletsong.
Pina 172 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 14 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
15 mets: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Puo. Re tla qala ho ithuta bukana ena bekeng e tlang thutong ea buka. Khothalletsa bohle ho lokisetsa esale pele le ho ba teng thutong e ’ngoe le e ’ngoe e le hore ba tloaelane le bukana ena le ho ithuta tsela ea ho ithuta eona le ba bang. Bala serapa se tlas’a sehloohoana se reng, “Kamoo Bukana Ena e ka Sebelisoang Kateng.” Sebelisa boitsebiso bo ho Molula-Qhooa oa January 15, 1997, leqepheng la 16-17, ho hatisa bohlokoa ba ho ruta ka lipotso, mangolo le litšoantšo tse ka bukaneng ena. Bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho behela ba khannang lithuto tsa mahae tsa Bibele mohlala o motle, ka hore ba se bue lolololo ’me ba se kenyeletse boitsebiso bo tsoang ka thōko.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, leqepheng la 3, serapeng sa 5.
20 mets: Re Sebelitse Joang Selemong se Fetileng? Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba hlahloba tlaleho ea tšebeletso ea phutheho le lenane la ba bileng teng libokeng selemong se fetileng. Ba totobatsa litšobotsi tse ntle tsa tlaleho ’me ba lebisa tlhokomelo likarolong tseo ho ka ntlafatsoang ho tsona. Na bahoeletsi bohle ba ile ba kopanela tšebeletsong ka August? Bontša lipakane tseo baholo ba tla lebisa tlhokomelo ho tsona likhoeling tse tlang, ho akarelletsa ho thusa bohle ho ba bahoeletsi ba tsoang kamehla. Fana ka lintlha tse loketseng tse tsoang tlalehong e fetileng ea molebeli oa potoloho.
Pina 144 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 21 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “Tseba Barab’eno.” Lipotso le likarabo. Akarelletsa le litlhaloso tse hlahang ho Molula-Qhooa oa October 1, 1988, leqepheng la 10-11. Khothalletsa bohle ho nka bohato ba pele ba ho tloaelana le ba bang hamolemonyana.
Pina 34 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 28 September
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho nehelana ka litlaleho tsa tšebeletso tsa September. Tlaleha ka tsoelo-pele ea tšimo e sa abuoang. Tsebisa phutheho ka litokisetso bakeng sa October. Khothalletsa bohle ho itokisetsa ho kopanela ka ho eketsehileng mosebetsing oa ntlo le ntlo ka October bakeng sa ho eketsa kabo ea limakasine.
20 mets: “Balebeli ba Etellang Pele—Molebeli oa Tšebeletso.” Puo ka molebeli oa tšebeletso. Ka mor’a ho hlahloba boikarabelo ba hae, o hlalosa litsela tse tobileng tseo phutheho e ka bontšang tšebelisano-’moho ka tsona ho atoloseng tekanyo ea se finyelloang le katleho tšimong ea phutheho.
13 mets: Ke’ng se Etsang Hore Motho e be Mohoeletsi ea Molemo oa Phutheho? Puo, bamameli ba nka karolo mona le mane. Ha ho hlokahale hore motho a be le bokhoni kapa litalenta tsa boleng bo phahameng; ho e-na le hoo, ho lakatsehang ka ho fetisisa ke hore kaofela ha rōna re be le boikutlo ba boithaopo bo bonahatsang lerato, boikokobetso, cheseho le kananelo. Mema bamameli hore ba fane ka mabaka a bontšang hore na ke hobane’ng ha litšobotsi tse latelang li lakatseha: (1) moea o thabileng, (2) ho ba teng kamehla le ho nka karolo libokeng, (3) ho ithaopela ho amohela le ho phethahatsa likabelo, (4) tšebelisano-’moho le baholo le litokisetso tse entsoeng bakeng sa phutheho, (5) ho ba le thahasello ea sebele ea ho thusa ba bang le (6) ho kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo le ho tlaleha kapele-pele khoeli le khoeli.
Pina 25 le thapelo e koalang.