Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo
1 Pakane e lakatsehang ho Bakreste bohle ke ho ruta ba bang ’nete le ho etsa barutuoa ka ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:48; Mat. 28:19, 20) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o behile matsohong a rōna thulusi e babatsehang eo ka eona re ka finyellang sena—buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Sehlooho sa eona se totobatsa bohlokoa bo boholo ba lithuto tsa mahae tsa Bibele, hobane bophelo bo sa feleng bo itšetlehile ka ho rua tsebo ka Jehova, eena Molimo oa ’nete feela le ka Mora oa hae, Jesu Kreste.—Joh. 17:3.
2 Hona joale buka ea Tsebo ke sengoliloeng se ka sehloohong sa Mokhatlo se sebelisetsoang ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele. Ka ho e sebelisa, re ka ruta ’nete ka bonolo, ka ho hlaka le ka nako e khutšoanyane. Sena se tla thusa ho finyella pelo ea ba rutoang. (Luka 24:32) Ka ho hlakileng, hoa hlokahala hore mokhanni a sebelise mekhoa e metle ea ho ruta. Bakeng sa ho finyella seo, ho lokiselitsoe kenyelletso ena bakeng sa ho fana ka litlhahiso le likhopotso mabapi le mekhoa ea ho ruta e ipakileng e atleha. Ka temoho le ho ea ka maemo a motho, u ka khona hore butle-butle u sebelise tse ling tsa tsona kapa sohle se hlahisitsoeng mona. Boloka kenyelletso ena, ’me u e shebe hangata. Lintlha tse sa tšoaneng li ka ’na tsa u thusa hore u atlehe haholoanyane ho sebeliseng buka ea Tsebo bakeng sa ho etsa barutuoa.
3 Khanna Thuto ea Lehae ea Bibele e Tsoelang Pele: Bontša thahasello ea sebele ea botho ho seithuti joaloka morutuoa oa Mokreste oa nako e tlang le mor’eno kapa morali’eno oa moea. E-ba ea mofuthu, ea nang le botsoalle le ea chesehang. Ka ho ba momameli ea molemo, u ka tseba motho e mong—semelo sa hae le boemo ba hae bophelong—e leng se tla u thusa ho lemoha hore na u ka mo thusa hamolemo joang moeeng. E-ba ea utloisisang ho itela molemong oa seithuti.—1 Bathes. 2:8.
4 Hang ha ho qaliloe thuto, ho buelloa hore likhaolo tse bukeng ea Tsebo li ithutoe ka ho latellana ha tsona. Hona ho tla lumella seithuti ho fumana kutloisiso e tsoelang pele ea ’nete, kaha buka ena e hōlisa lithuto tsa Bibele ka tsela e latellanang hamolemo. Boloka thuto e le e bonolo ’me e thahasellisa e le hore e be e phelang le e tsoelang pele. (Baroma 12:11) Ho itšetlehile ka maemo le ka bohlale ba seithuti, ho ka ’na ha etsahala hore le akaretse likhaolo tse ngata ka nako e le ’ngoe ea hora kapa ho feta, ka ntle le ho feta thuto ka potlako. Liithuti li tla tsoela pele hantle ha tichere le seithuti ba boloka nako eo ba e behelaneng bakeng sa thuto ea beke e ’ngoe le e ’ngoe. Kahoo, ho batho ba bangata, ho ka ’na ha e-ba bonolo ho qeta likhaolo tse 19 tsa buka ena ka likhoeli tse ka bang tse tšeletseng feela.
5 Kenyelletsa karolo ka ’ngoe ka litlhaloso tse khutšoanyane tse susumetsang thahasello boitsebisong. U tla hlokomela hore sehlooho sa khaolo e ’ngoe le e ’ngoe ke taba-khōlō ea sona, e hlokang ho hatisoa. Sehloohoana se seng le se seng se qoolla ntlha ea sehlooho, se u thusa hore u lule u tsepamisitse mohopolo sehloohong sa khaolo. Hlokomela hore u se ke ua bua haholo. Ho e-na le hoo, leka ho fata maikutlo a seithuti. Ho botsa seithuti lipotso tse tobileng tse tataisang, tse thehiloeng ho seo se seng se se tseba, ho tla se thusa ho nahana ka mokhoa o utloahalang le ho fihlela liqeto tse nepahetseng. (Mat. 17:24-26; Luka 10:25-37; bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 51, serapeng sa 10.) Khomarela haufi-ufi boitsebisong bo hatisitsoeng bo bukeng ea Tsebo. Ho hlahisa lintlha tse eketsehileng ho ka faposa kapa ha sira lintlha tse ka sehloohong le ho lelefatsa thuto. (Joh. 16:12) Haeba ho phahamisoa potso e sa amaneng le taba e ithutoang, mabakeng a mangata u ka e arabela qetellong ea thuto. Hona ho tla u lumella ho akaretsa thuto ea beke ka ntle le ho faposoa. Hlalosetsa seithuti hore qetellong boholo ba lipotso tsa sona tsa botho li tla arabeloa ha thuto e ntse e tsoela pele.—Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 94, serapeng sa 14.
6 Haeba seithuti se tšoarelletse ka tieo Borarong-bo-bong, ho se shoe ha soule, mollo oa lihele kapa lithutong tse ling tse joalo tsa bohata, ’me se hlahisitsoeng bukeng ea Tsebo se sa se khotsofatse, u ka se fa buka ea Ho Bea Mabaka kapa sengoliloeng se seng se buang ka taba eo. Se bolelle hore u tla bua ka taba eo le sona ka mor’a hore se nahane ka seo se se balileng.
7 Ho qala le ho qetella thuto ka thapelo bakeng sa tataiso ea Jehova le tlhohonolofatso ea hae ho etsa hore ketsahalo eo e be e hlomphehang, e beha motho boemong bo hlomphehang ba kelello, ’me ho lebisa tlhokomelo ho Jehova joaloka Tichere ea ’nete. (Joh. 6:45) Haeba seithuti se ntse se sebelisa koae, qetellong u ka ’na ua se kōpa hore se e tlohele nakong ea thuto.—Lik. 24:16; Jak. 4:3.
8 Ruta ka Katleho ka Mangolo, Lipapiso le Lipotso Tsa Puisano: Ho sa tsotellehe hore na e ithutile boitsebiso boo ka makhetlo a mangata hakae pele, tichere e bohlale e tla hlahloba thuto ka ’ngoe e hopotse ka seithuti ka seng. Hona ho tla thusa hore u lebelle tse ling tsa lipotso tsa seithuti. Hore u tle u rute ka katleho, utloisisa ka ho hlakileng lintlha tsa sehlooho khaolong eo. Sheba mangolo ho bona hore na a sebetsa joang boitsebisong boo, ’me u etse qeto ea hore na ke afe a lokelang ho baloa thutong. Nahana ka hore na u ka ruta joang u sebelisa lipapiso le lipotso tsa tlhahlobo qetellong ea khaolo.
9 Ka ho sebelisa mangolo ka katleho, u tla thusa seithuti ho ananela hore se hlile se ithuta Bibele. (Lik. 17:11) U sebelisa lebokose “Sebelisa Bibele ea Hao ka Botlalo,” leqepheng la 14 la buka ea Tsebo, se rute mokhoa oa ho fumana mangolo. Se bontše mokhoa oa ho khetholla litemana tse qotsitsoeng thutong. Ha nako e lumela, sheba le ho bala mangolo a boletsoeng empa a sa qotsoa. E-re seithuti se hlalose kamoo li tšehetsang kapa li hlakisang se boletsoeng serapeng. Hatisa likarolo tse ka sehloohong tsa litemana e le hore se ka ananela mabaka a lintlha tse ka sehloohong tsa thuto eo. (Neh. 8:8) Ka kakaretso, ha ho hlokahale hore tichere e kopanyelletse litemana tse eketsehileng puisanong ho feta tseo buka e fanang ka tsona. Bua ka bohlokoa ba ho tseba mabitso le tlhahlamano ea libuka tsa Bibele. Ho ka ’na ha e-ba molemo hore seithuti se bale leqepheng la 27-30 la Molula-Qhooa oa June 15, 1991. Ha ho loketse, khothaletsa hore ho sebelisoe Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Butle-butle u ka bontša kamoo ho ka sebelisoang litšobotsi tsa eona tse sa tšoaneng kateng, tse kang litšupiso tse ka thōko ho leqephe le tlhahlamano ea mantsoe a Bibele.
10 Thuto ea 34 ho Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo e hlalosa hore lipapiso li susumetsa monahano oa motho ’me li mo nolofalletsa ho utloisisa mehopolo e mecha. Li kopanya boipiletso ba kelello le tšusumetso ea maikutlo, e le hore molaetsa o ka fetisoa ka matla ao hangata ho seng bonolo ho a fetisa ka lipolelo tse bonolo feela tsa taba. (Mat. 13:34) Buka ea Tsebo e na le lipapiso tse ngata tse rutang tse bonolo empa li le matla. Ka mohlala, papiso e sebelisitsoeng khaolong ea 17 e haha kananelo mabapi le kamoo Jehova ka kutloisiso ea moea a fanang ka lijo, liaparo le matlo ka phutheho ea Bokreste. Lipapiso tsa litšoantšo tse ntle tsa buka ea Tsebo li ka sebelisoa ka katleho ho susumetsa maikutlo. Tlas’a sehloohoana se reng “Tsoho e Thabisang,” leqepheng la 185, tšusumetso ea serapa sa 18 e tla matlafatsoa ke hore seithuti se shebe morao setšoantšong se leqepheng la 86. Sena se ka ’na sa mo susumeletsa ho nahana ka tsoho e le ntho ea sebele tlas’a ’Muso oa Molimo.
11 Liithuti tsa Bibele ho hlokahala li tsoele pele moeeng nakong e ’ngoe le e ’ngoe ea thuto. Ka lebaka lena, se ke ua tlohela ho botsa lipotso tsa tlhahlobo lebokoseng la “Leka Tsebo ea Hao” le hlahang qetellong ea khaolo e ’ngoe le e ’ngoe. Mamela ka hloko hore seithuti hase fane feela ka likarabelo tsa se ithutiloeng. Tse ’maloa tsa lipotso tsena li reretsoe ho fata maikutlo a botho a tsoang pelong. Ka mohlala, bona leqepheng la 31, moo seithuti se botsoang hore: “Ke litšoaneleho life tsa Jehova Molimo tse ipiletsang ho uena ka ho khetheha?”—2 Bakor. 13:5.
12 Koetlisa Liithuti ho Lokisetsa Thuto: Seithuti se balang thuto esale pele, se tšoaea likarabelo, ’me se nahana kamoo se ka li hlalosang ka mantsoe a sona, se tla etsa tsoelo-pele moeeng ka potlako. Ka mohlala oa hao le khothatso, u ka se koetlisa hore se lokisetse thuto. Se bontše buka ea hao, eo ho eona u tšoaileng le ho thalla mantsoe le lipoleloana tsa sehlooho. Hlalosa mokhoa oa ho fumana likarabelo tse tobileng lipotsong tse hatisitsoeng. Ho lokisetsa khaolo hammoho ho ka ba molemo ho seithuti. Se khothaletse ho itlhalosa ka mantsoe a sona. Ke nakong eo joale ho hlakang hore na se utloisisa boitsebiso boo kapa che. Haeba se bala karabelo ea sona bukeng, u ka susumetsa kelello ea sona ka ho se botsa hore na se ne se tla hlalosetsa motho e mong ntlha eo joang ka mantsoe a sona.
13 Khothaletsa seithuti ho sheba mangolo a sa qotsoang e le karolo ea ho lokisetsa ha sona ha beke le beke, kaha ho ka ’na ha se ke ha e-ba le nako ea ho a bala kaofela nakong ea thuto. Se babatse ka boiteko boo se bo etsang thutong ea sona. (2 Pet. 1:5; bona Molula-Qhooa oa August 15, 1993, leqepheng la 13 le la 14, bakeng sa litlhahiso tse eketsehileng mabapi le se ka etsoang ke tichere le seithuti bakeng sa ho eketsa ho ithuta thutong ea Bibele.) Ka tsela ena, seithuti se koetlisetsoa hore se tle se lokisetse le ho fana ka litlhaloso tse nang le moelelo libokeng tsa phutheho. Se tla be se ithuta mokhoa oa ho hōlisa mekhoa e metle ea ho ithuta ea botho e tla se hlomella hore se tsoele pele ’neteng ka mor’a hore thuto ea sona ea botho ea Bibele bukeng ea Tsebo e fele.—1 Tim. 4:15; 1 Pet. 2:2.
14 Lebisa Liithuti Mokhatlong o Hlophisitsoeng oa Jehova: Ke boikarabelo ba moetsi oa barutuoa ho lebisa thahasello ea seithuti mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Seithuti se tla tsoela pele ka potlako khōlong ea moea haeba se hlokomela ebile se ananela mokhatlo o hlophisitsoeng ’me se bona ho hlokahala hore e be karolo ea oona. Re batla se thabele ho kopana le batho ba Molimo le ho lebella ka thabo ho ba le rōna Holong ea ’Muso, moo se ka amohelang tšehetso ea moea le ea maikutlo eo phutheho ea Bokreste e fanang ka eona.—1 Tim. 3:15.
15 Bukana ea Lipaki tsa Jehova—Li Etsa Thato ea Molimo li Kopane Lefatšeng ka Bophara e ile ea hlahisoa e le hore batho ka bomong ba ka tloaelana le mokhatlo oo e leng oona feela o hlophisitsoeng o bonahalang oo Jehova a o sebelisang kajeno ho finyella thato ea hae. Hang ha thuto e qaliloe, ke hobane’ng ha u sa nehe seithuti kopi ea sona? Ho tloha qalong feela, tsoela pele ho memela seithuti libokeng. Hlalosa hore na li tsamaisoa joang. U ka se bolella sehlooho sa puo e tlang ea phatlalatsa kapa u se bontše sehlooho seo ho tlang ho buisanoa ka sona Thutong ea Molula-Qhooa. Mohlomong u ka se nka ua ea se bontša Holo ea ’Muso ha ho se na seboka se tsoelang pele e le ho tlosa ho tšoenyeha leha e le hofe hoo se ka bang le hona ka ho ea sebakeng se secha ka lekhetlo la pele. U ka ’na ua fana ka sepalangoang ho ea libokeng. Ha se e-ba teng, etsa hore se ikutloe se amohelehile se bile se phutholohile. (Mat. 7:12) Se tsebise Lipaki tse ling, ho akarelletsa le baholo. Re tšepa hore se tla qala ho talima phutheho joaloka lelapa labo sona la moea. (Mat. 12:49, 50; Mar. 10:29, 30) U ka ’na ua se behela pakane, e kang ea ho ba teng sebokeng se le seng beke e ’ngoe le e ’ngoe, ’me butle-butle u phahamise pakane.—Baheb. 10:24, 25.
16 Ha thuto ea lehae ea Bibele e tsoela pele ka buka ea Tsebo, hatisa likarolo tse totobatsang hore hoa hlokahala ho kopanela kamehla le phutheho libokeng. Hlokomela ka ho khetheha maqepheng a 52, 115, 137-9, 159, hammoho le khaolo ea 17. Ntša maikutlo a hao a tebileng a kananelo ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. (Mat. 24:45-47) Bua hantle ka phutheho ea sebaka sa moo le ka seo u ithutang sona libokeng. (Pes. 84:10; 133:1-3) Ho ka ba molemo haeba seithuti se ka shebella video e ’ngoe le e ’ngoe ea Mokhatlo, ho qala ka Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. Bakeng sa makolopetso a eketsehileng mabapi le mokhoa oa ho lebisa thahasello mokhatlong o hlophisitsoeng, bona Molula-Qhooa oa November 1, 1984, leqepheng la 13-17, le kenyelletso ea May 1993 ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
17 Khothaletsa Liithuti ho Pakela ba Bang: Pakane ea rōna ea ho ithuta le batho ke ho etsa barutuoa ba pakelang Jehova. (Esa. 43:10-12) Sena se bolela hore tichere e lokela ho khothaletsa seithuti hore se bue le ba bang ka seo se ithutang sona Bibeleng. Sena se ka etsoa habonolo feela ka ho botsa: “U ne u tla hlalosa ’nete ee joang lelapeng la hao?” kapa “Ke lengolo lefe leo u neng u tla le sebelisa ho paka see ho motsoalle?” Hatisa libaka tse ka sehloohong bukeng ea Tsebo moo ho khothaletsoang ho paka, joaloka maqepheng a 22, 93-5, 105-6, hammoho le khaolo ea 18. Ha ho loketse, seithuti se ka ’na sa fuoa lipampitšana hore se li sebelise bopaking bo sa reroang ho ba bang. Etsa tlhahiso ea hore se memele litho tsa lelapa hore li be teng thutong ea sona. Na se na le metsoalle eo le eona e ka ratang ho ithuta? Se kōpe hore se u tsebise bao ba thahasellang.
18 Ka ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sebokeng sa Tšebeletso, enoa ea lebelletsoeng ho ba morutuoa a ka fumana koetliso e eketsehileng le tšusumetso e tlang ho mo thusa ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo. Ha a bontša thahasello ea ho ngolisa sekolong kapa a batla ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, melao-motheo e behiloeng leqepheng la 98 le 99 la buka ea Tšebeletso ea Rōna e tla sebetsa. Haeba tšobotsi ea bophelo ba hae e mo thibela ho tšoaneleha, u ka batlisisa ka lingoliloeng tsa Mokhatlo bakeng sa boitsebiso bo ka thusang bo buang ka taba eo ’me u e arolelane le eena. Ka mohlala, seithuti se ka ’na sa e-ba le bothata ba ho hlōla ho lemalla koae kapa lithethefatsi tse ling. Buka ea Ho Bea Mabaka e hlahisa mabaka a matla a Mangolo a hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba qoba mekhoa e joalo e kotsi, ’me leqepheng la 261 le 262 e thathamisa tsela e ipakileng e atleha ho thuseng ba bang hore ba itokolle. Rapela le eena ka taba ena, u mo ruta ho itšetleha ka Jehova bakeng sa thuso.—Jak. 4:8.
19 Kemiso e lokelang ho lateloa bakeng sa ho fumana hore na motho oa tšoaneleha ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa e behiloe ho Molula-Qhooa oa January 15, 1996, leqepheng la 16, serapeng sa 6. Ha seithuti se tšoaneleha, ho ka ba molemo ho ba le nako ea boikoetliso ho se lokiselletsa letsatsi la sona la pele tšebeletsong ea tšimo. Ka mokhoa o motle, bua ka hore na batho ba itšoara joang le likhanyetso tse tloaelehileng tšimong ea lōna. Mo qalise mosebetsing oa ntlo le ntlo haeba ho khoneha, ’me butle-butle u mo koetlise litšobotsing tse ling tsa tšebeletso. Haeba nehelano ea hao e le khutšoanyane ebile e le bonolo, ho tla ba bonolo hore a u etsise. E-ba ea hahang le ea khothatsang, u bonahatsa thabo mosebetsing, e le hore a hemeloe ke boikutlo ba hao ba kelello ’me a bo bonahatse. (Lik. 18:25) Pakane ea morutuoa e mocha e lokela hore ebe ea ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo oa kamehla le ea chesehang. Mohlomong u ka mo thusa ho etsa kemiso e sebetsang bakeng sa tšebeletso. E le hore a tsoele pele bokhoning ba hae ba ho pakela ba bang, u ka ’na ua etsa tlhahiso ea hore a bale litokollo tsa Molula-Qhooa oa April 1, 1985, maqepheng a 26-31; April 15, 1985, maqepheng a 25-9; July 15, 1988, maqepheng a 9-20; January 15, 1991, maqepheng a 15-20; le January 1, 1994, maqepheng a 20-5.
20 Susumeletsa Liithuti Boinehelong le Kolobetsong: Ho lokela hore ho be bonolo ho seithuti se pelo e tšepahalang hore se ithute ka ho lekaneng ka ho ithuta buka ea Tsebo hore se inehele ho Molimo ’me se tšoanelehele kolobetso. (Bapisa le Liketso 8:27-39; 16:25-34.) Leha ho le joalo, pele motho a ka susumelletseha ho inehela, ho hlokahala a hlaolele boinehelo ho Jehova. (Pes. 73:25-28) Nakong eohle ea thuto, sheba menyetla ea ho haha kananelo bakeng sa litšoaneleho tsa Jehova. Hlalosa maikutlo a hao a tebileng ka Molimo. Thusa seithuti hore se nahane ka ho hōlisa kamano e mofuthu le ea botho le Jehova. Haeba se hlile se tseba le ho rata Molimo, joale se tla Mo sebeletsa ka botšepehi, hobane boinehelo ba bomolimo bo amana le hore na re ikutloa joang ka Jehova e le motho.—1 Tim. 4:7, 8; bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 76, serapeng sa 11.
21 Loanela ho finyella pelo ea seithuti. (Pes. 119:11; Lik. 16:14; Baroma 10:10) Ho hlokahala se bone kamoo ’nete e se amang kateng ka bosona le ho etsa qeto hore na se lokela ho etsa eng ka seo se ithutileng sona. (Baroma 12:2) Na se hlile se lumela ’nete eo se e hlahisetsoang beke le beke? (1 Bathes. 2:13) Hore u finyelle seo, u ka fata seithuti maikutlo ka ho botsa lipotso tse nang le temoho tse batlang maikutlo, tse kang: U ikutloa joang ka see? U ka sebelisa see joang bophelong ba hao? Ka litlhaloso tsa sona u ka lemoha hore na thuso e eketsehileng e hlokahala hokae ho finyella pelo ea sona. (Luka 8:15; bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 51, serapeng sa 11.) Mantsoe a hlalosang setšoantšo leqepheng la 172 le la 174 a buka ea Tsebo aa botsa: “Na u se u inehetse ho Molimo ka thapelo?” le “U thibeloa ke eng hore u kolobetsoe?” Ana a ka ’na a susumelletsa seithuti hore se nke bohato ka tsela e atlehang.
22 Kemiso e lokelang ho lateloa ha mohoeletsi ea sa kolobetsoang a lakatsa ho kolobetsoa e thathamisitsoe ho Molula-Qhooa oa January 15, 1996, leqepheng la 17, serapeng sa 9. Buka ea Tsebo e ngotsoe ka sepheo sa ho hlomella motho hore a arabele “Lipotso Bakeng sa ba Lakatsang ho Kolobetsoa,” tse fumanoang tlatsetsong ea buka ea Tšebeletso ea Rōna, tseo baholo ba tla li hlahloba le eena. Haeba u ile ua hatisa likarabelo lipotsong tse hatisitsoeng bukeng ea Tsebo, seithuti se lokela hore se be se hlomelletsoe hantle bakeng sa lipotso tseo tse botsoang ke baholo ha ba lokisetsa ho kolobetsoa ha sona.
23 Thusa ba Qetang Thuto ea Lehae ea Bibele: Ho lokela ho lebelloa hore nakong eo motho a qetang thuto ea buka ea Tsebo, ho tiea ha hae le ho teba ha thahasello ea hae ea ho sebeletsa Molimo li tla be li bonahetse. (Mat. 13:23) Ke ka lebaka leo sehloohoana se qetellang sa buka ena se botsang, “U Tla Etsa Eng?” Lirapa tse qetellang li ipiletsa ho seithuti hore se tsepamise mohopolo kamanong eo se lokelang ebe se e hōlisitse le Molimo, tlhokahalo ea ho sebelisa tsebo eo se ithutileng eona, le hore hoa hlokahala ho nka bohato ka potlako ho bontša lerato la sona ho Jehova. Ha ho na tokisetso ea ho ithuta lingoliloeng tse eketsehileng le ba qetang buka ea Tsebo. Ka mosa le ka ho hlakileng hlalosetsa seithuti se hlōlehang ho arabela tsebong ea Molimo seo se lokelang ho se etsa ho tsoela pele moeeng. U ka ’na ua lula le kopana le sona nako le nako, u siea monyako o butsoe bakeng sa hore se nke mehato e isang bophelong bo sa feleng.—Moek. 12:13.
24 Morutuoa e mocha ea amohelang ’nete ’me a kolobetsoa o se a ntse a tla lokela ho hōla haholoanyane tsebong le kutloisisong e le hore e ka ba ea tsitsitseng ka botlalo tumelong. (Bakol. 2:6, 7) Ho e-na le ho ntšetsa pele thuto ea hae ea lehae ea Bibele ka mor’a hore a qete buka ea Tsebo, u ka iketsa ea fumanehang hore u fane ka thuso leha e efe ea botho eo a ka e hlokang e le hore a ka hōla moeeng. (Bagal. 6:10; Baheb. 6:1) Ka lehlakoreng la hae, a ka chorisa kutloisiso ea hae ka ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng, eena ka boeena a ithute Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling tsa “lekhoba le tšepahalang,” a lokisetse le ho ba teng libokeng, le ho buisana ka ’nete le balumeli hammoho le eena. (Mat. 24:45-47; Pes. 1:2; Lik. 2:41, 42; Bakol. 1:9, 10) Ho bala ha hae buka ea Tšebeletso ea Rōna ’me a sebelisa seo e se fupereng ho tla phetha karolo ea bohlokoa hore e be ea hlophisehileng ho latela puso ea Molimo ho finyella tšebeletso ea hae ka botlalo.—2 Tim. 2:2; 4:5.
25 Hōlisa Tsebo ea ho Ruta: Re ronngoe ho ‘etsa batho ba lichaba barutuoa le ho ba ruta.’ (Mat. 28:19, 20) Kaha tsebo ea ho ruta e momahane ka ho ke keng ha aroloa le ho etsa barutuoa, re batla ho loanela ho ntlafatsa joaloka matichere. (1 Tim. 4:16; 2 Tim. 4:2) Bakeng sa litlhahiso tse eketsehileng ka mokhoa oa ho hōlisa tsebo ea ho ruta, u ka lakatsa ho bala: “Ho Hōlisa Tsebo ea ho Ruta” le “Ho Finyella Pelo ea Bamameli ba Hao” ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, thuto ea 10 le ea 15; “Teacher, Teaching” ho Insight, Moqolo oa 2; le lihlooho tsa Molula-Qhooa “Ho Haha ka Thepa e sa Cheng” le “Ha u Ruta, Fihla Pelong,” March 15, 1985; “Na U Bea Mabaka ka Mangolo ka Mokhoa o Molemo?,” March 1, 1986; le “Tsela ea ho Fumana Thabo ka ho Etsa Barutuoa,” February 15, 1996.
26 Ha u ikitlaetsa ho etsa barutuoa, u sebelisa buka ea Tsebo, kamehla rapela Jehova, eena “ea hōlisang,” u tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ho finyella lipelo tsa batho ka litaba tse molemo tsa ’Muso. (1 Bakor. 3:5-7) E se eka u ka latsoa thabo ea ho ruta ba bang hore ba utloisise, ba ananele le ho nka bohato ka tsebo e isang bophelong bo sa feleng!