Kofuto e Ncha ea ho Thusa Batho ho Ithuta Lintho Tseo Molimo a li Hlokang
“MOKHOA oo e ngotsoeng ka oona o bonolo, o tobileng le o mosa, o tla hlahisa liphello tse fetang tse lebeletsoeng. Litaba tse ka hare li lokolisitsoe ka mokhoa o bonolo le o ipiletsang hoo mang kapa mang ea tšepahalang, ea batlisisang, a tla susumelletseha hore a re, ‘Ka sebele Molimo o har’a lōna.’” (1 Bakorinthe 14:25) Ke kamoo ho boletseng e mong oa Lipaki tsa Jehova Thailand ha a hlalosa bukana e ncha, Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? E lokolotsoe ke Mokhatlo oa Watch Tower Likopanong tsa Setereke tsa 1996/97 tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo.”
Bukana ena e maqephe a 32, e mebala e feletseng e reretsoe ho sebelisoa e le kofuto ea ho ithuta Bibele. E akaretsa lithuto tsa Bibele tsa motheo. Mantsoe a eona a bonolo, a tobile, ’me a hlalosa ka ho hlakileng seo Molimo a se hlokang ho rōna. Babali ha baa lokela ho thatafalloa ho e utloisisa. U ka sebelisa bukana ena e ncha joang ho khanna thuto ea Bibele?
Sebelisa lipotso. Ho na le lipotso qalong ea thuto ka ’ngoe. Ka har’a masakana ka mor’a potso ka ’ngoe, u tla fumana linomoro tsa lirapa tseo likarabo li fumanehang ho tsona. Lipotso tsena li ka sebelisoa pele e le thuso ea ho hlahloba se tla ithutoa le ka mor’a thuto ho hlahloba se ithutiloeng. Ka mohlala, qalong ea thuto ea lehae ea Bibele, u ka botsa seithuti lipotso tsena hore u utloe litlhaloso tsa sona. Ho e-na le ho lokisa likarabo leha e le life tse sa nepahalang hona hoo, u ka tsoela pele ka thuto. Qetellong ea thuto, u ka khutlela lipotsong ho bona haeba seithuti joale se khona ho li arabela tumellanong le Bibele.
Phetla mangolo. Thutong ka ’ngoe, lipolelo tse khutšoanyane tsa ’nete ea Bibele li tsamaisana le mangolo a tšehetsang taba. Kaha boholo ba mangolo ana bo qotsitsoe, ha boa bontšoa feela, ke habohlokoa ho khothalletsa seithuti ho phetla litemana tsena Bibeleng ea sona. Ho hlokahala hore se bale le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo pele se ka le sebelisa bophelong ba sona.—Joshua 1:8.
Totobatsa litšoantšo. Bukana ena e na le lifoto le litšoantšo tse ngata—kakaretso ea litšoantšo tse entsoeng ka bokhabane tse fetang 50. Ha lia fanoa feela hore li hape mahlo empa hape e le lithuso tse eketsehileng tsa ho ruta. Ka mohlala, lithuto tse peli tsa ho qetela (ka ’ngoe e le leqepheng la eona, maqepheng a shebaneng) li na le lihlooho “Ho Thusa ba Bang ho Etsa Thato ea Molimo” le “Qeto ea Hao ea ho Sebeletsa Molimo.” Litšoantšo tse maqepheng a mabeli li bontša tsoelo-pele ea moea ea motho a le mong, li bontša moo a pakang ka mokhoa o sa reroang, ha a kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo, le ha a etsa boinehelo ba hae ’me qetellong a kolobetsoa. Ka ho hlokomelisa seithuti ka litšoantšo tsena, u se thusa ho bona mehato e hlokahalang bakeng sa ho sebeletsa Molimo.
Ho thoe’ng haeba motho ea thahasellang a sa khone ho bala hantle kapa a sa tsebe ho bala ho hang? Mokhatlo o etsa hore bukana ena e ncha e fumanehe k’haseteng ka lipuo tse ngata. K’hasete e na le boitsebiso bo leng bukaneng hammoho le mangolo a mangata a qotsitsoeng. E rekotiloe ka tsela ena: Ho baloa potso ea pele, e lateloe ke serapa (kapa lirapa) se e arabang, hammoho le a mang a mangolo a qotsitsoeng. Joale ho baloa potso e latelang, e lateloe ke boitsebiso le mangolo a e arabelang, joalo-joalo. Seithuti se ka mamela theipi ha se lokisetsa thuto. K’hasete e ka boela ea sebelisoa ha ho tšoaroa thuto.
Ba neng ba le teng kopanong ba ne ba laba-labela ho sebelisa bukana ena e ncha tšebeletsong ea tšimo. Ka mohlala, matsatsinyana ka mor’a ho fumana bukana ena, bo-pula-maliboho ba babeli (baboleli ba nako e tletseng) ba United States ba ile ba e tsamaisetsa banyalani ba bacha bao ba neng ba ntse ba ba etela. Ha banyalani bana ba hlahloba lethathamo la tse ka hare, sehlooho sa “Mekhoa eo Molimo a e Hloileng” se ile sa hapa thahasello ea bona. Mosali eo e mocha o ile a re: “Kamehla ke ’nile ka rutoa hore le ka mohla Molimo a ke ke a hloea—ke lerato ka hohle. Sena ke sona sa pele seo ke tla qala ho se bala.” Ha bo-pula-maliboho bana ba babeli ba khutla bekeng e latelang, mosali enoa e mocha o ile a re: “Ke ne ke ntse ke bala bukana e ncha. Ho thata haholo ho etsa lintho tsohle tseo re lokelang ho li etsa. Jehova ha a khahlisoe ke rōna—ha rea nyalana. Empa re entse qeto. Re entse litokisetso tsa ho nyalana ka Labohlano le tlang.” Ha ba kopa bo-pula-maliboho bana ba babeli ka matsoho, banyalani bana ba ile ba phaella: “Re kōpa tšoarelo ka hore ebe ha re na ho ba le thuto kajeno, empa sena se re imolotse moroalo o boima.”
Ka mekhoa eohle, sebelisa bukana ena e ncha ea Seo a se Hlokang. Ke kofuto e ntle haholo bakeng sa ho thusa ba bang ho ithuta lintho tseo Molimo a li hlokang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
U tla sebelisa bukana e ncha joang?