Na U Sebelisa Bukana ea Seo a se Hlokang ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele?
1 Haeba nako le nako u qoqa ka Bibele le motho ea thabelang, ’me le tšohla taba e itseng khatisong e khothalelitsoeng, le haeba e le ka nakoana e seng kae feela, na u lemohile hore seo ke hona ha u khanna thuto ea Bibele? Ha e le hantle, sena se nkoa e le thuto le haeba e tšoareloa monyako kapa ka thelefono. Ke hobane’ng ha u sa etse boiteko bo khethehileng ba ho qalisa thuto e joalo khoeling ea May le June u sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang?
2 Lokisetsa U Tle U Atlehe: Ha u nehelana ka bukana ea Seo a se Hlokang, tseba hantle seo u batlang ho se bua. Haeba u etsa leeto la ho boela, nahana ka seo u se buileng ketelong ea pele. Ipotse: ‘Nka ntšetsa pele puisano eo ka lirapa life bukaneng ’me tsa lebisa thutong ea Bibele?’ Haeba u tsamaea ka ntlo le ntlo, nahana ka lihlooho tse tla ipiletsa ho mocha, motho ea hōlileng, monna, kapa mosali. Hlahloba lihlooho tse bukaneng ena, ebe u khetha se ipiletsang. Ka mor’a ho khetha tsela eo u tla qalisa moqoqo ka eona, itloaetse eona ka makhetlo a ’maloa. Sena ke se seng sa linotlolo tsa katleho.
3 Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002 e fane ka lintlha tse robeli tsa “Litlhahiso Tsa ho Tsamaisa Bukana ea Seo a se Hlokang.” Lebokose le reng “Katamelo e Tobileng” le bontša kamoo ho ka sebelisoang bukana ena kateng ho qalisa lithuto. U ka ’na ua sebelisa tlhahiso e qalang tjena:
◼ “Na u ne u tseba hore ka metsotso e seng mekae feela u ka fumana karabo ea potso ea bohlokoa ea Bibele? Ka mohlala, ke hobane’ng ha ho e-na le malumeli a mangata hakaale a ipolelang hore ke a Bokreste? Na u kile ua ipotsa potso ee?” Ha motho a qeta ho arabela, phetla thuto ea 13 ebe le tšohla lirapa tse peli tse qalang. Ha nako e lumela, bala temana kapa tse peli ’me le buisane ka tsona. Ebe u bala potso ea ho qetela e qalong ea leqephe, u ntan’o re: “Karolo e setseng ea thuto ena e totobatsa matšoao a mahlano a khethollang bolumeli ba ’nete. Ke tla thabela ho khutla re tl’o buisana ka ’ona.”
4 Phehella: Sebelisa monyetla o mong le o mong ho bontša kamoo thuto ea Bibele e tšoaroang kateng ka bukana ea Seo a se Hlokang. Kōpa tlhohonolofatso ea Jehova. (Mat. 21:22) Ka ho phehella boitekong ba hao, u ka ’na ua latsoa thabo ea ho thusa motho e mong ho amohela litaba tse molemo!