Liboka Tsa Tšebeletso Tsa October
Beke e Qalang ka la 5 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
15 mets: “U Rerile ho Etsa’ng Lehlabuleng Lee?” Moholo o buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ka seo ba rerileng ho se etsa likhoeling tsa lehlabula tse tlang. Ba hlahloba litokisetso tsa ho ba teng kopanong, ho eketsa mosebetsi oa bona oa tšebeletso ea tšimo, ho ea matsatsing a phomolo le ho etela metsoalle le beng ka bona. Bohle baa lumela hore ha ba na ho hlokomoloha thuto ea botho, liboka, kapa tšebeletso ea tšimo ’me ba hlalosa kamoo ba rerileng ho boloka kemiso e molemo kateng ea puso ea Molimo.
20 mets: “‘Ho Jala Peō ea ’Muso’ ka Litselana Tsa Limakasine.” Puisano le bamameli. E-re ba bang ba hlalose kamoo ba ileng ba qala le ho ntšetsa pele tselana ea limakasine kateng. Joale bontša nehelano ea makasine eo ho eona ho etsoang litokisetso tsa ho khutla ka litokollo tse latelang.
Pina 133 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 12 October
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
10 mets: “Balebeli ba Etellang Pele—Mongoli.” Puo ka mongoli oa phutheho, o hlahloba mosebetsi oo a o abetsoeng. O totobatsa hore bohle ba ka bontša tšebelisano-’moho tabeng ena ka ho fana ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo kapele-pele.
10 mets: Ba na le Moea oa Cheseho oa Bopula-maliboho. Puo e khothatsang e thehiloeng ho Buka ea Selemo ea 1998, leqepheng la 103-7. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le bo-pula-maliboho ba bangata hakana Japane, ke’ng se lumellang bo-’mè ba malapa ho etelletsa pele lithahasello tsa moea, ke’ng se susumetsang kōpo e ’ngoe le e ’ngoe ea bopula-maliboho le hore na ke bo-mang ba etsang karolo e khōlō ea bo-pula-maliboho. Bontša tšusumetso e ntle eo batsoali ba bulang maliboho ba nang le eona. Totobatsa hore na ke kholiseho efe e hlokahalang hore motho a etse liphetoho tse hlokahalang bophelong ba hae e le hore e be pula-maliboho. Khothalletsa bohle ho nahanisisa ka ho teba le ka thapelo ka ho lekanyetsa menyetla eo ba nang le eona ea ho bula maliboho.
20 mets: “Na U Bala Limakasine?” Lipotso le likarabo. Hlahloba litlhahiso tse sebetsang bakeng sa ho hlophisa nako ea ho etsa ’malo oa botho tse fumanoang ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, thutong ea 4, serapeng sa 5-6.
Pina 107 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 19 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba lintlha tse ka buelloang litokollong tsa morao-rao tsa limakasine. Pheta liphihlelo tse tsoang ho Buka ea Selemo ea 1997, leqepheng la 45. Khothalletsa bohle ho kopanela kabong ea limakasine mafelong a beke ena.
20 mets: “Likopano Tsa Setereke le Tsa Machaba Tsa 1998 Tsa ‘Tsela ea Molimo ea Bophelo.’” (Lirapa 1-17) Lipotso le likarabo. Bala serapa sa 11 le sa 12. Hatisa hore ho ea ka Mangolo ke habohlokoa ho ba hlokolosi ho lula re le ba itekanetseng ponahalong le boitšoarong ba rōna ba Bokreste le ho lula re hlokometse bana ba rōna hantle.
15 mets: Mokhoa oa ho Lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa. Puisano le bamameli e tsamaisoang ke motsamaisi oa Thuto ea Molula-Qhooa, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa May 15, 1986, leqepheng la 19-20, serapeng sa 16-18 le ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, thutong ea 7, serapeng sa 11 le thutong ea 18, serapeng sa 4-6. Mema litlhaloso lipotsong tse latelang: (1) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re fumane molemo o feletseng sehloohong se seng le se seng se ithutoang sa Molula-Qhooa? (2) Ke eng seo re lokelang ho se etsa ha re fumana tokollo e ncha? (3) Tsela e molemo ea ho lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa ke efe? (4) Ke kelo-hloko efe e lokelang ho bontšoa mangolong a bontšitsoeng le sehloohong sa thuto? (5) Re ka hlahloba seo re ithutileng sona joang? (6) Ke lintlha life tsa sehlooho tseo re lokelang ho thuisa ka tsona ha re qeta ho etsa thuto ea botho ea sehlooho se ithutoang? (7) Re lokela ho lokisetsa tlhaloso joang? (8) Ke joang ho ka ’nang ha fanoa ka litlhaloso tse sa tšoaneng potsong e le ’ngoe? E-re ba bang ba phete seo bona ka bobona ba se entseng ho ba thusa ho fumana molemo o moholo ka ho fetisisa Thutong ea Molula-Qhooa.—Bona le Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 65-7.
Pina 95 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 26 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kaha ho tla ba le matsatsi a phomolo ka December le January, ena e tla ba nako e loketseng ea hore bacha ba kolobelitsoeng le ba bang ba nahane ka ho nka bopula-maliboho bo thusang. Hopotsa bohle hore ba nehelane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo.
20 mets: “Likopano Tsa Setereke le Tsa Machaba Tsa 1998 Tsa ‘Tsela ea Molimo ea Bophelo.’” (Lirapa 18-23) Lipotso le likarabo. Bala serapa sa 18 le lengolo le bontšitsoeng ho sona. Hatisa bohlokoa ba ho laoleha le ho nahanela ba bang, haholo-holo ha ho tluoa tabeng ea litulo. Phetha ka puo e khutšoanyane e hlahlobang “Likhopotso Tsa Kopano.”
15 mets: Ho Fihla ka Nako Libokeng. Puisano mahareng a bakhanni ba babeli kapa ba bararo ba Thuto ea Buka ea Phutheho kapa bahlanka ba sebeletsang mabapi le bothata ba ho fihla ka mor’a nako libokeng. Baa lumela hore maemo a sa tloaelehang, a akarelletsang maemo a tšohanyetso, boemo ba leholimo, sephethephethe le a mang a joalo, a ka ’na a liehisa motho leha e le mang. Leha ho le joalo, ba bang ba tloaetse ho fihla ka mor’a nako. Ka tsela e hahang, sehlopha se buisana le ho bontšana se hlokahalang hore motho a fihle ka nako: (1) ho ananela ka pelo eohle tokelo ea ho ba teng libokeng le lijo tsa moea le botsoalle bo bang teng moo, (2) ho rera hantle esale pele le ho hlophisa litaba tsa botho, (3) ho ithaopela ho sebelisana ’moho har’a litho tsa lelapa, (4) ho tloha pele ho nako le ho siea nako e itseng bakeng sa mathata a sa lebelloang le (5) ho ameha ka tieo ka ho se bakele ba bang ba leng teng tšitiso. Bohle baa lumellana hore bothata bona ba ho fihla ka mor’a nako bo ka rarolloa ka ho etsa boiteko bo sa khaotseng ba ho ntlafatsa.
Pina 86 le thapelo e koalang.