Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/98 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa November

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa November
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 2 November
  • Beke e Qalang ka la 9 November
  • Beke e Qalang ka la 16 November
  • Beke e Qalang ka la 23 November
  • Beke e Qalang ka la 30 November
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 11/98 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa November

Beke e Qalang ka la 2 November

Pina 38

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Litaba tsa Puso ea Molimo. Bua ka tlaleho ea August ea tšebeletso ea tšimo ea phutheho. Khothalletsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa October.

15 mets: “Bohle ba Lokela ho ‘Amohela Lentsoe ka Pelo Eohle’!” Lipotso le likarabo. Kopanyelletsa le litlhahiso tse eketsehileng tse hlahang kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, serapeng sa 21.

20 mets: “Ke Batla Thuto ea Bibele!” Puisano le bamameli e tsamaisoang ke molebeli oa tšebeletso. Hlalosa hore na boiteko bona bo kopanetsoeng ba ho etsa maeto a ho boela bo tla hlophisoa joang phuthehong. Ho isa moo ho khonehang, bahoeletsi ba nang le phihlelo ba ka sebetsa le ba bachanyana. Lihlopha tsa likoloi li lokela ho bolokoa li le nyenyane e le hore ho ka etsoa maeto a eketsehileng. Hlahloba litlhahiso tse leng kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1998, serapeng sa 12-15. E-re mohoeletsi ea nang le bokhoni a etse pontšo ea ho buella thuto leetong la ho boela. Khothalletsa e mong le e mong hore a loanele ho qala thuto e ncha.

Pina 35 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 9 November

Pina 187

13 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Lebokose la Lipotso.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

17 mets: “Hahanang ka ho Fana ka Litlhaloso Libokeng.” Lipotso le likarabo. Hlalosa kamoo ho fana ka litlhaloso ho eketsang khōlo ea rōna ea moea. (Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, thuto ea 38, serapeng sa 4.) Mema ba bang hore ba phete kamoo ba hlōtseng ho qeaqea hore ba fane ka litlhaloso le kamoo ba hlohonolofalitsoeng kateng ka ho nka karolo libokeng.

Pina 51 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 November

Pina 182

8 mets: Litsebiso tsa phutheho.

20 mets: “Balebeli ba Etellang Pele—Molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.” Puo ka molebeli oa sekolo. Hlahloba Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 10-11, serapa sa 6-12.

17 mets: “E-ba ea Atlehang Tšebeletsong ea Hao.” Puisano ea lipotso le likarabo lirapeng tsa 1-7 tsa kenyelletso. Isa tlhokomelo lintlheng tse ka ’nang tsa sebetsa ka ho khetheha tšimong ea phutheho. Lebisa tlhokomelo lebokoseng le reng “Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane.” Khothalletsa bao maemo a bona a ba lumellang hore ba nahanisise ka ho arabela pitso eo.

Pina 167 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 November

Pina 89

8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Pheta liphihlelo tse ngotsoeng leqepheng le ka morao la Tsoha! ea August 8, 1998 mabapi le tšusumetso eo buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa e bileng le eona ho batho. Bahoeletsi bohle ba lokela ho falimehela ho nehelana ka buka ena maemong a loketseng.

17 mets: “E-ba ea Atlehang Tšebeletsong ea Hao.” Puisano ea lipotso le likarabo lirapeng tsa 8-21 tsa kenyelletso. Isa tlhokomelo lintlheng tse ka ’nang tsa sebetsa tšimong ea phutheho.

20 mets: Litlhahiso Tsa Hore U Ntlafatse ’Malo oa Hao oa Bibele. Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa May 1, 1995, serapeng sa 16-17. Totobatsa melemo ea moea e fumanoang ka ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Hlahloba litlhahiso tse fanoeng, ’me u tšohle kamoo li ka sebelisoang kateng. E-re bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba hlalose kamoo ba ruang molemo kateng ka ho bala Lentsoe la Molimo kamehla.

Pina 46 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 30 November

Pina 64

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Babatsa bohle ba ileng ba kopanela phutuhong ea tšimo e sa abuoang ’me u fane ka tlaleho ea ho qetela ka se finyeletsoeng ke phutheho. Hopotsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo. Khothalletsa leha e le bafe ba sa kang ba qalisa thuto ka November hore ba ntšetse pele boiteko ba bona ka December, ha ho nehelanoa ka buka ea Tsebo le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. E-re mohoeletsi ea nang le bokhoni a etse pontšo ea leeto la ho boela a sebelisa lebokose le leqepheng la 19 bukeng ea Tsebo; mohoeletsi o hlalosa kamoo buka ena e ka sebelisoang kateng ho fumana kutloisiso ea lithuto tsa Bibele ’me o qalisa thuto.

15 mets: Sebelisa Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999 Hamolemo. Puo. Hlahloba litšobotsi tsa almanaka: (1) litšoantšo tse hlollang tse bontšang liketsahalo tse hlahelletseng le lithuto tsa Bibele, (2) kemiso ea beke le beke ea ’malo oa Bibele bakeng sa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, (3) ’malo oa Bibele oa selemo le selemo oa beke e etellang Sehopotso pele, (4) tlhokomeliso ka litlhahlobo tse ngoloang tse latelang le (5) likhopotso tsa ho kopanela kamehla tšebeletsong ea limakasine. Tšohla litsela tsa ho sebelisa sebaka se sa ngoloang letho bakeng sa ho ngola kemiso ea tšebeletso ea tšimo, ho ngola litlaleho tsa tšebeletso le litaetsano tsa ho sebetsa le ba bang, ho ngola lethathamo la likabelo tsa liboka, ho ngola likhopotso tsa ketelo ea molebeli oa potoloho le likopano tse latelang. Ho fanyeha almanaka moo e bonahalang lapeng kapa mosebetsing ho ka ’na ha hlahisa menyetla ea ho qalisa puisano ea Mangolo. Pheta phihlelo e tsoang ho Buka ea Selemo ea 1988, (ea Senyesemane) leqepheng la 8.

15 mets: Mongoli o hlahloba le phutheho “Likhopotso Tsa Kopano” kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1998. Akarelletsa lintlha tse latelang: Na u entse litokisetso tse tiileng tsa ho ba teng matsatsing a mararo kaofela a kopano? Na u atametse mohiri oa hao hore u kōpe nako ea ho ba sieo mosebetsing? Na u entse bonnete ba hore lelapa kaofela le hlomeletsoe hore le ngole lintlha e le hore bohle ba ka rua molemo ka ho fetisisa lenaneong? Na u tla ithaopa kopanong? Na u entse litokisetso tsa hore lithuto tsa hao tsa Bibele li tle li be teng? Hopotsa barab’abo rōna hore ba se ke ba lelera liphasejeng nakong ea lenaneo. Batsoali ba lokela ho beha bana ba bona leihlo ka linako tsohle. Likopanong tse ’nè tsa machaba, etsa bonnete ba hore u amohela baeti ba tlileng kopanong. Sheba menyetla ea ho fana ka bopaki bo sa reroang. Batho bao u teanang le bona lipalangoeng tsa sechaba, liteisheneng tsa ho tšela petrole, libakeng tsa ho jela le lihoteleng ba ka ’na ba thahasella molaetsa oa ’Muso. Itokisetse sena ka ho nka lingoliloeng tse sa tšoaneng. Khothalletsa bahoeletsi ba tla beng ba le sieo bofelong ba December hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo pele ba ea phomolong kapa kopanong.

Pina 121 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela