Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 4 January ho ea ho la 19 April, 1999. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Hase kamehla Jehova a ileng a bitsa lentsoe ka lentsoe bakeng sa taba e tlalehiloeng ka Bibeleng. (2 Tim. 3:16) [w97-SU 6/15 leq. 5 ser. 3]
2. Kutloano ea lelapa le khōlo ea bana moeeng li itšetlehile ka ho feletseng ka batsoali. (Liprov. 22:6) [fy-SU leq. 85 ser. 19]
3. Kahobane sebe se ne “se laletse monyako,” ho ne ho se na mokhoa oa hore Kaine a qobe ho etsa sebe se tebileng. (Gen. 4:7) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w94-SU 6/15 leq. 14 ser. 11.]
4. Ha mocha ea lilemong tse ka tlaase ho 20 a ntse a hōla, ka ho iketsahallang feela o lokela hore a fuoe bolokolohi bo eketsehileng ba ho ikhethela boikhathollo. [fy-SU leq. 73 ser. 20]
5. Tšusumetso e ka sehloohong ea ho bolella ba bang ’nete ka linako tsohle ke takatso ea ho khahlisa ’Mōpi oa rōna. (Liprov. 6:17) [g97-SU 3/8 leq. 19 ser. 4]
6. E le hore ‘lipolelo tsa melomo ea rōna le ho thuisa ha lipelo tsa rōna e ka ba tse khahlisang ho Jehova’ ha re etsa thapelo, re lokela ho leka ho bua ka bokheleke ka hohle kamoo ho ka khonehang. (Pes. 19:14) [w97-SU 7/1 leq. 29 lir. 4-5]
7. Litaelo, melao e hlomamisitsoeng le melao ea Jehova e boletsoeng ho Genese 26:5 (NW) e bolela ea selekane sa Molao. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 7/1 leq. 10 ser. 8.]
8. Ha Jesu a ne a re “tumelo ea hao e u folisitse,” joalokaha ho tlalehiloe ho Luka 8:48, o ne a bolela hore ho hlokahala hore mosali eo ea kulang a bolele hore o lumela ho Jesu joaloka Mesia pele a ka folisoa. [w97-SU 7/1 leq. 4 lir. 2-4]
9. Genese 11:1 ke e ’ngoe ea litemana tsa Bibele tse sebelisang lentsoe “lefatše” ha li bua ka moloko oa batho ka kakaretso, kapa mokhatlo oa batho. [g97-SU 1/8 leq. 31 ser. 3]
10. Esita le hoja ho sa bonahale eka Dina o ile lumellana le seo a se entsoeng, o ne a ntse a jara boikarabelo bo itseng ka ho lahleheloa ke boroetsana ba hae. (Gen. 34:1, 2) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w85-SU 6/15 leq. 31 ser. 4.]
Araba lipotso tse latelang:
11. Satane o ile a fana ka maikutlo afe ka mabaka a hlalositsoeng ho Genese 3:1-5? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 7/15 leq. 5 ser. 1.]
12. Ho Tšenolo 19:15, ke’ng e emeloang ke “sabole e telele e bohale” e tsoang molomong oa Jesu? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 5/15 leq. 4 ser. 4.]
13. Taba ea hore Moshe o fana ka matsatsi a tobileng mabapi le Moroallo oa mehleng ea Noe e hatisa eng? [g97-SU 2/8 leq. 18 ser. 4]
14. Abrahama o ile a “ipiletsa lebitsong la Jehova” joang? (Gen. 12:8, NW) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 7/1 leq. 20 ser. 9.]
15. Ho latela se potolohileng taba, Jehova o ne a bolela eng ha a bolella Pauluse: “Mosa o sa tšoanelang oa ka o u lekane”? (2 Bakor. 12:9) [w97-SU 6/1 leq. 25 ser. 3]
16. Ka ho hlakileng, ke’ng e ileng ea susumetsa mosali oa Lota hore a hetle, ’me ea mo bakela hore a fetohe seemahale sa letsoai? (Gen. 19:26) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 4/15 leq. 18 ser. 10.]
17. Bakreste ba talima taba ea ho reka lintho tse utsoitsoeng joang? (Ex. 22:1; Jer. 17:11) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 6/15 leq. 30 ser. 3; leq. 31 lir. 1, 7.]
18. Ho ea ka Genese 33:18, Jakobo o ile a bontša joang hore o ne a sa thahaselle ho etsa setsoalle le Bakanana? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 9/15 leq. 21 ser. 4.]
19. Liketso tsa Josefa tse hlalositsoeng ho Genese 37:13 li tšoana le tsa Jesu joang? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w87-SU 5/1 leq. 12 ser. 12.]
20. Ho na le phapang efe pakeng tsa Molimo le batho ha ho tluoa tabeng ea ho halefa? [g97-SU 6/8 leq. 12 lir. 2-3]
Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
21. Ho ba le maikutlo _________________________ ka ba bang ntle ho lebaka _________________________ ho tšoana le ho ba ahlola. [w97-SU 5/15 leq. 26 ser. 5]
22. Bonnete ba buka ea Genese bo bontšoa ke ho _________________________ ha eona ho ka hare, hammoho le ho ________________________ ha eona ka ho feletseng le karolo eohle ea Mangolo a bululetsoeng. [si-SU leq. 14 ser. 8]
23. Mehlala ea Rehoboame le Eli e ka thusa batsoali ho utloisisa liphello tsa _________________________ haholo kapa _________________________ ha ba hōlisa bana. [fy-SU maq. 80-1 lir. 9-13]
24. Ho ithuisa _________________________ ke mohato oa bohlokoa bakeng sa ho hōlisa _________________________ la bomolimo. [w97-SU 8/1 leq. 4 ser. 5]
25. Ho tlaleha phoso ke ketso ea lerato la Bokreste le laoloang ke melao-motheo le bontšoang ho _________________________, le bontšoang ho _________________________ hammoho le ho _________________________. [w97-SU 8/15 leq. 30 ser. 2]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
26. Khalemelo (e thata-thata; e bonolo; e loketseng) ke bopaki ba hore motsoali o rata ngoana oa hae. (Baheb. 12:6, 11) [fy-SU leq. 72 ser. 18]
27. Genese 7:6, 11 e supa selemong sa (2970; 2370; 2020) B.C.E., “ha moroallo oa metsi o e-ba teng lefatšeng.” [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona si-SU leq. 294 chate.]
28. Ho Johanne 8:32, tokoloho eo Jesu a neng a e hopotse e ne e le tokoloho (pusong ea Roma; tumela-khoeleng; sebeng le lefung). [w97-SU 2/1 leq. 5 ser. 1]
29. Phethahatsong ea ho qetela ea Genese 22:18, peō e bolela (Isaka; Baiseraele; Jesu le ba 144 000). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w98-SU 2/1 leq. 14 ser. 8.]
30. Hore a hanele boitšoaro bo bobe ka katleho, Josefa o ile a thusoa ke (ho mamela Molao oa Moshe; hore ebe Molimo ke oa sebele ho eena le tšabo e loketseng ea ho mo halefisa; ho tšaba kotlo). (Gen. 39:9) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w81-SU 8/15 leq. 7 ser. 2.]
Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
Liprov. 5:3, 4; 15:22; 20:11; Baef. 5:19; 2 Tim. 3:16
31. Ke habohlokoa hore batsoali ba etse bonnete ba hore bana ba bona ba lumela ka pelo eohle hore ke habohlokoa ho phela bophelo ba boitšoaro bo botle le bo hloekileng. [fy-SU leq. 67 ser. 8]
32. Puo ea lekunutung pakeng tsa batsoali le bana ba bona ba lilemong tsa bocha ke ea bohlokoahali hore ba boloke mecha ea puisano e bulehile. [fy-SU leq. 65 ser. 4]
33. Senotlolo sa ho ntlafatsa ’mino libokeng tsa phutheho ke ho ba le boikutlo bo nepahetseng ba pelo. [w97-SU 2/1 leq. 27 ser. 3]
34. Ho utloisisa lithuto tsa Lentsoe la Molimo, Bibele, ke tlhokahalo ea ho fumana bophelo bo sa feleng. [w97-SU 8/15 leq. 6 ser. 5]
35. Hore re qobe teko ea boitšoaro bo bobe, re lokela ho hlokomela hore bo fosahetse le hore bo na le liphello tse kotsi le tse bohloko. [fy-SU leq. 93 ser. 9]