Bopula-maliboho—Ho Sebelisa Nako ea Rōna ka Bohlale!
1 ‘Ke se ke ntse ke imetsoe ke mosebetsi! Na e tla hle e be bohlale hore ke qale ho bula maliboho nakong ee?’ Morali’abo rōna o ile a nahana joalo ha a ntse a mametse ha moholo eo e leng pula-maliboho a fana ka puo kopanong ea potoloho e nang le sehlooho se reng “Ho Tsoela pele ka Tšebeletso ea Bo-pula-maliboho.” Mor’abo rōna e mong e monyenyane ea leng har’a bamameli bona bao o ile a nahana, ‘O khona joang ho etsa sebaka sa ho bula maliboho? Ha ke moholo, empa bophelo ba ka bo se bo tletse ka mesebetsi e meng!’
2 Ha moholo eo a tsoela pele ho bua ka mahlohonolo a bopula-maliboho, o ile a buisana ka lipotso le bo-pula-maliboho ba ’maloa ba leng potolohong eo ba ileng ba bolela ka liphetoho tseo ba neng ba li entse e le hore ba ka bula maliboho le kamoo Jehova a hlohonolofalitseng boiteko ba bona ka ho enneng kateng. E mong o ne a holofetse, e mong a e-na le molekane ea sa lumelang, ’me e mong a tlohetse mosebetsi oa lefatše empa a ntse a khona ho fumana moputso o mo phelisang. Ha ba utloa kamoo bo-pula-maliboho bana ba atlehang kateng ka thuso ea Jehova, mora le morali babo rōna ba har’a bamameli ba ile ba qala ho hlahloba maemo a bona le monahano oa bona bocha. Le uena re u mema hore u etse joalo, haholo-holo kaha lihora tse hlokahalang tsa bopula-maliboho li fokolitsoe, hona joale li boemong boo bahoeletsi ba bangata ba eketsehileng ba litaba tse molemo ba ka li finyellang.
3 Rea tseba hore Jehova ke ’Mōpi le ’Musi oa Bokahohleng le hore re mo kolota bophelo. (Dan. 4:17; Lik. 17:28) Ho hlakile ho rōna hore Jehova o sebelisa mokhatlo o le mong feela o hlophisitsoeng. Re filoe tokelo ea ho sebeletsa ka botšepehi le oona, re tšehetsa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ka ho fana ka bopaki ba ’Muso pele bofelo bo fihla. (Mat. 24:45; 25:40; 1 Pet. 2:9) Re kenelletse hare “matsatsing a ho qetela,” rea hlokomela hore nako eo ka eona re lokelang ho bolela ea fela. (2 Tim. 3:1) Ka nako e tšoanang, ho hlokahala hore re phelise ba malapa a rōna ka lintho tse bonahalang. (1 Tim. 5:8) Moputso oa motho ha o bonahale o anela joaloka nakong e fetileng. Mohlomong bophelo ba rōna ha bo joalo ka pele. ’Me ha re bua ’nete, re batla ho ba le nako le matlotlo a itseng ao re itšebelisetsang ’ona. (Moek. 3:12, 13) Kahoo re ka ’na ra ipotsa hore na ehlile ke bohlale ho arabela memong ea ho bula maliboho.
4 Ho ho e mong le e mong oa rōna hore re hlahlobe maemo a rōna ka hloko ’me re etse qeto ea hore na re ka bula maliboho kapa che. (Baroma 14:12; Bagal. 6:5) Ke ho khothatsang ho hlokomela manane a ntseng a eketseha a ba arabetseng memong ea ho bula maliboho. Ho sa tsotellehe likhatello le mathata a matsatsing ana a ho qetela, tlaleho ea tšebeletso e hatisitsoeng ho Buka ea Selemo ea 1999 e bontša hore ba ka bang 700 000 ba batho ba Jehova lefatšeng ka bophara ba tsoela pele ka matla tšebeletsong ea bopula-maliboho. Ebang ba sebeletsa tlas’a maemo a boima a moruo, ba haelloa ke lipalangoang, ba ba le mathata a bophelo, kapa ba tobana le mathata a mang le maima, bara le barali bana babo rōna ha ba khathale ho etsa hantle, ’me hona hoa babatseha. (Bagal. 6:9) Ba amohetse memo ea Jehova ea hore ba mo leke. (Mal. 3:10) Ba na le maikutlo a hore ho bula maliboho ke ho sebelisa nako ea bona e lekanyelitsoeng ka bohlale le matlotlo a bona le hore Jehova o ba hlohonolofalitse e le kannete ka hore ebe ba entse liphetoho tse hlokahalang hore ba kenele mosebetsi oa bopula-maliboho le ho lula ho oona.
5 Bo-pula-maliboho Baa Hlohonolofatsoa: Morali e mong oabo rōna oa Cameroon ea nang le morali e monyenyane haholo oa hlalosa: “Ho tloha ha a hlaha, morali oa ka esale a tsamaea le ’na tšebeletsong kamehla. Esita le pele a ithuta ho tsamaea, ke ne ke mo pepa, ke mo tlamme ka thari. Hoseng ho hong ha ke le tšebeletsong, ke ile ka ema moo ho rekisetsoang teng pel’a tsela. Ngoan’a ka o ile a tloha pel’a ka, a tsamaea a nkile limakasine tse ’maloa mokotlaneng oa ka. O ile a therekella ho barekisi ba haufi. Le hoja a ne a ke ke a bua hakaalo, o ile a hapa tlhokomelo ea mosali e mong ’me a mo fa makasine. Mosali eo o ne a makaletse feela ho bona ngoana e monyenyane hakaalo a kopanela tšebeletsong ena. O ile a amohela makasine eo habonolo hammoho le thuto ea lehae ea Bibele!”
6 Ha a arabela memong ea bo-pula-maliboho ba thusang ba eketsehileng, moholo e mong ebile e le hlooho ea lelapa Zambia, ea nang le mosebetsi oa boipheliso oa nako e tletseng o ile a etsa qeto ea ho ba pula-maliboho ea thusang ho sa tsotellehe kemiso ea hae e phathahaneng. O ne a batla ho behela phutheho le lelapa la hae mohlala. Maemong a mang, o ne a ee a emise koloi ea hae pel’a tsela ebe o letsa k’hasete ea The Secret of Family Happiness ebe o mema ba fetang ka tsela hore ba tl’o mamela se ntseng se balloa holimo. Ka tsela eo, o ile a khona ho tsamaisa libuka tse 16 tsa Thabo ea Lelapa le libuka tse 13 tsa Tsebo, ’me o ile a qalisa lithuto tse peli tsa Bibele.
7 Moea o motle oa bopula-maliboho o ile oa boela oa hlokomeloa naheng ea boahisani ea Zimbabwe. Ka April 1998, phutheho e ’ngoe e nang le bahoeletsi ba 117 e ile ea tlaleha bo-pula-maliboho ba thusang ba 70 le ba 9 ba kamehla. Phutheho e ’ngoe e nang le bahoeletsi ba 94 e bile le bo-pula-maliboho ba thusang ba tlalehang ba 58. E ’ngoe hape, e nang le bahoeletsi ba 126, e ile ea tlaleha hore ba 58 ba ile ba etsa qeto ea ho ba bo-pula-maliboho ba thusang hammoho le bo-pula-maliboho ba kamehla ba 4. Selemo se fetileng sa tšebeletso se ipakile e le se ikhethang Zimbabwe. Esita le hoja barab’abo rōna moo ba ne ba tšoarehile haholo ka litaba tsa malapa, mesebetsi ea phutheho le kaho ea lekala, ba ile ba tsepamisa mohopolo ho sebeliseng nako ea bona ka bohlale tšebeletsong.
8 Bo-pula-maliboho baa hlokomela hore ho qalisa mosebetsi oa bopula-maliboho le ho tšoarella ho oona ha hoa itšetleha ka matla a bona. Ke bona ba pele ba ho lumela hore eng kapa eng eo ba khonang ho e etsa, ba ka e khona hobane ba ‘itšetlehile ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona.’ (1 Pet. 4:11) Tumelo ea bona e ba nolofalletsa ho phetha tšebeletso ea bona letsatsi le letsatsi. Ho e-na le ho ipatlela menyetla le boiketlo, bo-pula-maliboho ba atlehileng baa hlokomela hore, hore ba tsoele pele, ho ka ’na ha hlokahala “ntoa e khōlō,” empa ba fumana mahlohonolo a mangata ka lebaka leo.—1 Bathes. 2:2.
9 Mohlala oa Pauluse o Tšoanela ho Etsisoa: Bibele e tlaleha seo moapostola Pauluse a ileng a se finyella tšebeletsong le thuso e ntle eo a e fileng batho ba bangata haholo. Leha ho le joalo, ha ho buuoa ka motho ea neng a e-na le mosebetsi o mongata haholo, ho boleloa Pauluse. O ile a mamella mahloriso le mathata a nama e le hore a ka bolela litaba tse molemo le ho matlafatsa liphutheho. Hape o ile a tlameha ho mamella bothata bo boholo ba bophelo. (2 Bakor. 11:21-29; 12:7-10) O ne a ikemiselitse ho sebelisa nako ea hae ka bohlale. O ile a lumela hore o entse mosebetsi oohle oa hae ka thuso ea Jehova. (Bafil. 4:13) Ha ho le ea mong ho bao Pauluse a ileng a ba thusa ea ka beng a ile a fihlela qeto ea hore nako le boiteko ba hae tšebeletsong ea Jehova e ne e le tšenyo ea nako kapa hore e ka be e sebelisitsoe hamolemo kae-kae. Re sa ntse re rua molemo le kajeno tseleng eo ka eona Pauluse a ileng a sebelisa nako ea hae ka bohlale! Re ananela keletso ea hae e bululetsoeng hakaakang ho re thusa ho lokisa lintho tsa rōna tse tlang pele le ho khomarela ’nete linakong tsena tse thata!
10 Hona joale ‘nako e setseng ea ho bolela litaba tse molemo e fokotsehile’ ho feta leha e le neng pele. (1 Bakor. 7:29; Mat. 24:14) Ka hona, ke ho loketseng hore re ipotse, ‘Haeba bophelo ba ka bo ne bo ka fela ka tšohanyetso hosane, na nka bolella Jehova kajeno hore ke sebelisitse nako ea ka ka bohlale?’ (Jak. 4:14) Ke hobane’ng ha u sa bue le Jehova hona joale ka thapelo, u mo tiisetsa hore u lakatsa ho sebelisa nako ea hao ka bohlale u le e mong oa Lipaki tsa hae? (Pes. 90:12) Rapella thuso ea Jehova ho u nolofalletsa bophelo. Esita le hoja pele u ne u sa lumele hore u ka bula maliboho, na hona joale mohlomong u fumana hore bopula-maliboho bo ka ba le sebaka bophelong ba hao?
11 Sebelisa Maemo a Hao Hamolemo: Ka ho utloahalang, ka lebaka la maemo, hase bohle ba lakatsang joalo ba ka behellang ka thōko lihora tse 70 ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Leha ho le joalo, bahoeletsi ba bangata ba lokisetsa ho nehela lihora tse 50 ka khoeli tšebeletsong e le bo-pula-maliboho ba thusang hangata kamoo ba ka khonang kapa ba sa khaotse. Haeba hona joale maemo a hao a sa u lumelle hore u be pula-maliboho ea thusang kapa oa kamehla, se ke ua nyahama. Tsoela pele u rapella hore maemo a hao a fetohe. Ho sa le joalo, haeba ho sa be le liphetoho ho hang, tšeliseha ka ho tseba hore Jehova o thabisoa ke sohle seo u khonang ho se etsa ka moea oohle tšebeletsong ea hae. (Mat. 13:23) Oa hlokomela hore u eme u tiile ka lehlakoreng la hae le hore u loana ka thata ho ba mohoeletsi ea tšepahalang eo ho seng mohla a lumellang hore ho fete khoeli a sa ka a sebelisa monyetla oa ho fana ka bopaki. Mohlomong u ka tsoela pele ka ho chorisa tsebo ea hao ea ho paka, u sebeletsa ho ipabola joaloka ’moleli le mosuoe oa litaba tse molemo.—1 Tim. 4:16.
12 Kaha “letsatsi la Jehova le leholo, le tšabehang” le haufi haholo, ho hlokahala hore re sebelise nako e setseng ka bohlale hore re tle re qete mosebetsi oo re laetsoeng hore re o etse. (Joele 2:31) Satane oa tseba hore nako ea hae e khutšoanyane, ’me ho feta leha e le neng pele, o leka sohle se matleng a hae ho rarahanya bophelo ba rōna le ho re thatafalletsa ho tsepamisa mehopolo linthong tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa. (Bafil. 1:10; Tšen. 12:12) Le ka mohla u se ke ua khella tlaase taba ea hore Molimo oa u thahasella. Jehova a ka u thusa hore u nolofatse bophelo ba hao le hore u finyelle ho etsa sohle se matleng a hao tšebeletsong. (Pes. 145:16) Ka thabo, ba bangata, ka ho hlahloba maemo a bona bocha, baa hlokomela hore ba ka kopanela lihlopheng tsa bo-pula-maliboho ba thusang kapa ba kamehla. Ka sebele, bo-pula-maliboho ba fumana khotsofalo e tebileng ka ho sebelisa nako ea bona ka bohlale. Na u tla ba e mong oa bona?