Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/99 leq. 1
  • Na U Bona Feela Ponahalo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Bona Feela Ponahalo?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Mefuta Eohle ba Tla Pholoha
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Na u Talima Feela Ponahalo e ka Ntle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • U se ke oa Kala Batho ka Mahlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • “O Bona Seo Pelo e Leng Sona”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 6/99 leq. 1

Na U Bona Feela Ponahalo?

1 Ha re ntse re etsa tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa, maikutlo a pele ao re bang le ’ona ka batho ba bang a ka ’na a re etsa hore re be leqe ho ba bolella litaba tse molemo. Ka mohlala, u ne u tla itšoara joang haeba kamehla monna ea shebahalang a le bohale a u sheba ka ho u belaella ha u etela moahelani oa hae ea bontšitseng thahasello ’neteng? Morali e mong oabo rōna ea bileng le phihlelo ena o ile a etsa qeto ea ho atamela monna eo ’me a bue le eena. Monna eo o ile a mo lumelisa ka mokhoa o tala. Empa, ho makatsang, o ile a mamela molaetsa oa Bibele ’me ka thabonyana e itseng, o ile a lumela ho ithuta. Ka lebaka la ho se ahlole ka ponahalo ha morali’abo rōna, monyetla oa hore monna enoa le mosali oa hae ba ithute ’nete o ile oa buleha.

2 Qalong morali e mong oabo rōna o ile a tšosoa ke ponahalo ea mohlankana e mong ea moriri o molelele empa o ile a ’na a phehella ho mo pakela ka bokhutšoanyane neng le neng ha a ne a kena ka lebenkeleng leo morali’abo rōna a sebetsang ho lona. Boiteko ba hae bo ile ba beha litholoana, ’me hona joale mohlankana eo ke Paki e kolobelitsoeng. Ke eng e tla re thibela hore re se potlakele ho etsa qeto ea hore batho ba joalo ba ke ke ba arabela?

3 Ho Etsisa Mohlala oa Jesu: Jesu o ne a tseba hore o tla fana ka bophelo ba hae bakeng sa e mong le e mong. Kahoo ha aa ka a thibeloa ke ponahalo ea ba bang. O ile a hlokomela hore esita le ba nang le botumo bo bobe ba ka ’na ba utloisisa ho fetoha haeba ba filoe thuso e loketseng le tšusumetso. (Mat. 9:9-13) O ile a leka ho thusa barui le bafutsana ka ho tšoanang. (Mat. 11:5; Mar. 10:17-22) E se eka re ke ke ra ahlola batho bao re kopanang le bona tšebeletsong ka ponahalo ea bona, re iphoufaletsa seo boemo ba pelo bo ka ’nang ba e-ba sona. (Mat. 7:1; Joh. 7:24) Ke eng e ka re thusang ho etsisa mohlala o ikhethang oa Jesu?

4 Ka ho ithuta ha rōna Bibele, ho fihlile moo re utloisisang hore Lentsoe la Molimo le na le matla a ho fetola monahano, boitšoaro le botho tsa motho. (Baef. 4:22-24; Baheb. 4:12) Ka hona, re lokela ho ba le boikutlo bo nepahetseng ’me re siee tsohle matsohong a Jehova, Eena ea balang lipelo tsa batho.—1 Sam. 16:7; Lik. 10:34, 35.

5 E se eka ho bolela ha rōna litaba tse molemo ho batho ba mefuta eohle ho se nang leeme, ho sa tsotellehe ponahalo ea bona, ho ka tlatsetsa mosebetsing o moholo oa kotulo matsatsing ana a ho qetela.—1 Tim. 2:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela