Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/99 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 7 June
  • Beke e Qalang ka la 14 June
  • Beke e Qalang ka la 21 June
  • Beke e Qalang ka la 28 June
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 6/99 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Beke e Qalang ka la 7 June

Pina 45

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Litaba tsa Puso ea Molimo.

15 mets: “Re Rutoa ke Jehova.” Lekanyetsa litlhaloso tsa kenyelletso nakong e ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ea lipotso le likarabo. Mema bamameli hore ba phete e meng ea melemo eo ba e fumaneng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso, le tse ling. Hatisa hore na li thusitse batho ba Jehova joang hore e be ba atlehang haholoanyane tšebeletsong.

20 mets: “Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo.” Puisano pakeng tsa mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba nang le phihlelo, ba phetang kamoo ba khonang ho sebelisa nako ea bona ho kopanela ka botlalo kamoo ho ka khonehang tšebeletsong ea tšimo. Ba hlalosa bohlokoa ba kemiso e sebetsang le ho hatisa hore ea hlokahala. Ba bolela kamoo ba qobang lintho tse senyang nako joaloka ho lieha ho qala tšebeletso, ho se lokisetse esale pele, kapa ho tšoarelloa ke ho qoqa nakong ea tšebeletso. Nahanela maemo a sebaka ebe u fana ka litlhahiso tse sebetsang tsa kamoo ho ka sebelisoang nako hamolemo kateng.

Pina 48 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 14 June

Pina 63

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Na U ka Thusa?” Puisano le bamameli, e tsamaisoang ke moholo. Kopanyelletsa le litlhahiso tseo ho fanoeng ka tsona ho Tsoha! ea October 8, 1995, leqepheng la 8-9, bakeng sa ho thusa batsoali ba se nang balekane. Mema ba bang hore ba hlalose kamoo ba ananelang thuso e lerato eo ba e fumaneng ho ba bang ka phuthehong.

Pina 53 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 21 June

Pina 72

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Haeba phutheho e e-na le likopi tsa buka ea Bacha Baa Botsa kapa ea Bacha setokong, bontša hore na li ka sebelisoa hamolemo joang tšebeletsong likhoeling tse tlang, ha re fumana bacha malapeng.

17 mets: Sebelisa Livideo le Litšoantšiso Tse Lik’haseteng Hamolemo. Na livideo tse 10 le lik’hasete tsa litšoantšiso tse 11 tse lokiselitsoeng ke Mokhatlo li ka sebelisoa hamolemo? Na uena le lelapa la hao le se le kile la li shebella kapa ho li mamela kaofela ha tsona? Hlahloba lihlooho tse ’maloa, u bontša kamoo li ka ntlafatsang ’malo oa rōna oa Bibele kateng, tsa matlafatsa bomoea ba rōna kateng le kamoo li pakelang ’nete hantle kateng. Bapala likarolo tse khutšoanyane tse khethiloeng lik’haseteng tse peli kapa tse tharo. Kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ke video kapa k’hasete efe ea tšoantšiso eo ba e fumaneng e atleha ka ho khethehileng ho khothatseng malapa a bona kapa ho lebiseng ba bacha mokhatlong o hlophisitsoeng. Pheta liphihlelo tse bontšang litholoana tse ntle. (Bona Buka ea Selemo ea 1999, leqepheng la 51-2.) Khothalletsa bohle ho sebelisa livideo le lik’hasete tsa litšoantšiso hamolemo.

18 mets: “Na U Bona Feela Ponahalo?” Puo le puisano le bamameli. Hatella mabaka a hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho potlakela ho ba le maikutlo a mabe ka batho bao re kopanang le bona. Ka bokhutšoanyane hlahloba thuto eo Jehova a ileng a e ruta Jonase, eo ka phoso a ileng a ahlola bao a neng a ba talima e le ba sa tšoaneleheng. (Bona Molula-Qhooa oa August 15, 1997, leqepheng la 22, serapeng sa 17-19.) Mema bamameli hore ba hlalose ka mefuta ea batho eo ba kopaneng le eona tšimong, ba phete kamoo ba sa beng le maikutlo a mabe ka bona le kamoo ba sieang kahlolo matsohong a Jehova.

Pina 77 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 28 June

Pina 85

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle ho tlisa litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa June. Hlahloba lingoliloeng tseo ho fanoang ka tsona ka July. Hlahisa libukana tse teng tse fumanehang ka bongata phuthehong, ’me u buelle tšobotsi e le ’ngoe kapa tse peli tseo re ka li totobatsang linehelanong tsa rōna. Akarelletsa le pontšo eo ho itlhakisitsoeng hantle ho eona.

13 mets: Ke hobane’ng ha Jehova a Lumella Hore Batho ba Hae ba Hlorisoe? Puo ka moholo, e thehiloeng ho Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 676-7. Joalokaha Jesu a boletse esale pele, re ‘hloiloe ke lichaba tsohle.’ (Mat. 24:9) Re ka ’na ra tobana le khanyetso ha re kopanela tšebeletsong, re kopana le beng ka rōna ba lefatše, kapa re sebelisana le bao eseng Lipaki mosebetsing kapa sekolong. Ka tsela e ntle, sebui se hlalosa hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumella mahloriso a joalo kapa khanyetso le kamoo ho mamella ha rōna ho tlang ho felella ka mahlohonolo.

20 mets: E-ea Moo Batho ba Leng Teng! Puo e thehiloeng ho Buka ea Selemo ea 1997, leqepheng la 42-8. Le hoja re lokela ho tsoela pele ho kopanela kamehla bopaking ba ntlo le ntlo, ka cheseho re sheba menyetla ea ho paka ka mokhoa o sa reroang—neng kapa neng, kae kapa kae. Pheta liphihlelo tse tsoang ho Buka ea Selemo tse bontšang kamoo ba bang ba ho entseng ka katleho kateng ha ba palame bese, ha ba tsamaea seterateng kapa lebōpong la leoatle, kapa ba atamela likoloi tse pakiloeng, ho ea moo ho emisoang literaka teng, ho sebelisa thelefono le ho ngola mangolo. Ha nako e lumela, mema bamameli ho pheta liphihlelo tse ling tsa bona. Khothalletsa bohle ho sebelisa monyetla o mong le o mong oa ho fana ka bopaki hohle moo batho ba leng teng.

Pina 75 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela