Na U ka Thusa?
1 Moapostola Pauluse o ile a eletsa litho tsa phutheho hore “li be le tlhokomelano e tšoanang.” (1 Bakor. 12:25) Kahoo, re lokela ho bontša ho thahasellana ’me re utloisise ho thusana ka lerato ha ho hlokahala. Ka mohlala, ba bang ba baralib’abo rōna ba moea har’a rōna ba hōlisa bana ba bona ba le bang ’neteng. Barali bana babo rōna ba jara boikarabelo bo tletseng ba ho koetlisa bana ba bona moeeng. Ka sebele ho hotle hore re ba khothatse ka mosa le ho ba thusa ka tsela e sebetsang “ho ea ka tseo ba li hlokang.” (Baroma 12:13a) Na u ka ba thusa?
2 Litsela Tseo U ka ’Nang ua Thusa ka Tsona: Ho palamisa ba itšetlehileng ka lipalangoang tsa sechaba koloing ea hao ha u e-ea libokeng le likopanong, ho ka ’na ha bolokela lelapa leo chelete haholo. Ho thusa ’mè ho hlokomela bana ba hae ba banyenyane libokeng ho ka ’na ha bolela hore o tla rua molemo haholoanyane lenaneong leo. Ka ho tšoanang, ho ithaopela hore u ka mo thusa ha a e-ea le bana tšebeletsong ea tšimo ho ka ’na ha mo imolla. Ho bontša thahasello ea sebele baneng—ho ba etsa metsoalle—ho ka etsa ho hoholo ho susumelletsa bacha ba rōna tseleng e nepahetseng. Ho memela lelapa la motsoali a le mong thutong ea lelapa la hao ka nako e ’ngoe, ho tla le hlasimolla moeeng.
3 E ba Bohlale: Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra qobella motho ho amohela thuso ea rōna eo a sa e hlokeng. Leha e le hore re batla ho itšunya-tšunya litabeng tsa botho tsa lelapa ha re ntse re ba fa thuso e hlokahalang. Ke ’nete hore baralib’abo rōna le banyalani ba tla ba boemong bo botlehali ba ho thusa morali’abo rōna ea hlokang.
4 Bakreste bohle ba khothalletsoa ho ‘latela mokhoa oa kamohelo e mofuthu ea baeti.’ (Baroma 12:13b) Ho thusa bara le barali babo rōna ba moea ke e ’ngoe ea litsela tse ngata tseo re bontšang lerato le tšoanang le la Kreste le teng har’a rōna.—Joh. 13:35.