Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo
1 E mong le e mong o na le nako e lekanang le ea ba bang eo a ka e sebelisang beke le beke. Karolo eo re e sebelisang ho haseng litaba tse molemo ke ea bohlokoa, haholo-holo hobane ke nako e qetoang mosebetsing o pholosang bophelo. (Baroma 1:16) Re bontša kananelo ea rōna bakeng sa sena ka ho lokisetsa hantle bakeng sa tšebeletso e reriloeng, ho fihla libokeng tsa tšebeletso ka nako le ho tsoela tšimong hang-hang. Ho ne ho tla ba molemo hore e be re boboleling ho e-na le ho leta. Kaha Jehova o re rutile hore bakeng sa “ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho na le nako e behiloeng,” ho hlokahala hore nako eo re e behelletseng ka thōko bakeng sa tšebeletso e hle e be ea bohlokoa.—Moek. 3:1.
2 Sebelisa Nako ea Hao ka Bohlale: Re tleloa ke mahlohonolo a mangata ha re khomarela kemiso e re lumellang ho kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo. Ha ho pelaelo hore liphello tse molemo tseo re li fumanang tšebeletsong li lokela ho lekana le nako eo re e qetang tšebeletsong. Ka ho lokisa kemiso ea rōna hanyenyane, na re ka eketsa nako tšebeletsong ea tšimo? Ka mohlala, ka mor’a tšebeletso ea limakasine ka Moqebelo, na re ka ba le nako e eketsehileng ea maeto a seng makae a ho boela? Haeba re bile tšebeletsong ea tšimo ka nakoana ka Sontaha, na re ka boetse ra qeta nako e itseng maetong a ho boela kapa ho khanneng thuto ea Bibele? Na ho tla ba bonolo ho tlatselletsa tšebeletso ea rōna ea ntlo le ntlo ka bopaki ba seterateng? Ka litsela tsena kapa tse ling, re ka ’na ra khona ho ntlafatsa tšebeletsong ea rōna.
3 Ha re tsoile re le tšebeletsong, re ka lahleheloa ke nako ea bohlokoa haeba re sa hlokomele. Ke ’nete hore ha maemo a leholimo a le mabe, khefu e khutšoanyane e tla re khatholla ’me e re thuse hore re ’ne re tsoele pele. Leha ho le joalo, e-bang ba leka-lekaneng, kaha likhefu tse joalo hase kamehla li hlokahalang.
4 Lilemong tsa morao tjena ho ’nile ha e-ba thata haholo ho fumana batho ba le teng malapeng. E le ho sebetsa boemo bona ka katleho, bahoeletsi ba bangata ba etsa bopaki ba bona ba ntlo le ntlo ka linako tse sa tšoaneng tsa letsatsi. Ke hobane’ng ha le sa leke ho paka mantsiboea kapa ka shoalane?
5 Ho ka ba molemo haeba re sa lulele ho qoqa ha re tšoarehile mosebetsing oa seterata. Ho e-na le hoo, emang le arohane ’me le atamele batho e le hore le ka qala moqoqo le bona. Kahoo nako e tla sebelisoa hamolemo haholo ’me thabo e khōlōanyane e tla fumanoa mosebetsing ona.
6 Sebelisa Menyetla ea ho Paka: Ha mong’a ntlo e mong a ne a re ha a thahaselle, Paki e ile ea botsa hore na ho na le e mong ka tlung eo e ka buang le eena. Sena se ile sa lebisa moqoqong le monna oa moo, ea neng a kutse ka lilemo tse ngata ’me boholo ba nako a sa tsohe betheng. Tšepo e behiloeng Lentsoeng la Molimo e ile ea nchafatsa ho thahasella ha hae bophelo. Ka mor’a nako e khutšoanyane o ne a theohile betheng, a e-ba teng libokeng Holong ea ’Muso, ’me a bolella ba bang tšepo eo a e fumaneng bocha!
7 Morali e mong oabo rōna ea lilemong tsa bocha o ile a sebelisa tlhahiso ea ho tšoareha tšebeletsong ea tšimo hora pele ho Thuto ea Buka ea Phutheho. Ntlong ea pele eo a keneng ho eona, o ile a kopana le ngoanana ea lilemo li 13 ea ileng a mamela ka hloko ’me a nka libuka. Letsatsing le hlahlamang sekolong, morali’abo rōna e monyenyane o ile a bona ngoanana eo. Hang ka mor’a moo, o ile a mo kōpa hore na a ka ithuta Bibele le eena, ’me ngoanana eo o ile a lumela.
8 Etsa Hore e be Nako ea Bohlokoahali: Ho kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo ho re thusa ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho nehelana ka litaba tse molemo. Na u ka ntlafatsa tsebo ea hao mabapi le ho qala moqoqo matlong ka ho sebelisa kenyelletso e sebetsang haholoanyane? Na u ka ba tichere e chatsi haholoanyane ha u khanna thuto ea lehae ea Bibele? Ka ho etsa joalo, ka sebele u ka etsa hore nako ea hao tšebeletsong e be ea bohlokoa le ho etsa hore tšebeletso ea hao e be e behang haholoanyane.—1 Tim. 4:16.
9 Kaha “nako e setseng e fokotsehile,” bophelo ba rōna bo lokela ho tlatsoa ka mesebetsi ea Bokreste. (1 Bakor. 7:29) Ho arola nako bakeng sa tšebeletso ea ho bolela ho lokela ho ba ka sehloohong lethathamong la rōna. A re kopaneleng hantle le ka cheseho tšebeletsong. Nako ke letlotlo le babatsehang leo re le filoeng ke Jehova. Kamehla, e sebelise ka bohlale ’me u etse hore e be ea bohlokoa.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Nahanang ka Litlhahiso Tsena:
◼ Fihlang ka nako libokeng tsa tšebeletso.
◼ Bolokang lihlopha tsa ho paka li le nyenyane ka ho lekaneng.
◼ Qobang ho lieha ho tsoela tšimong.
◼ Sebetsang tšimo ha boholo ba batho bo le teng malapeng.
◼ Sebetsa u le mong ka linako tse ling haeba ho sireletsehile ho etsa joalo.
◼ Etsang maeto a ho boela haufi le moo le sebetsang tšimo ea ntlo le ntlo.
◼ Tšoarehang tšebeletsong ha ba bang sehlopheng ba tšoarelletsoe ntlong.
◼ Ho itšetlehile ka maemo, neng le neng ha ho khoneha, sebetsang nako e fetang hora.