E-ba ea Atlehang Tšebeletsong ea Hao
1 Leholimo lea fifala, ’me molumo o tšosang o eketseha ka matla hoo o thibanyang litsebe. Ho theoha leru le kang mosi. Ke eng? Ke lebotho la litsie tse limilione-milione tse tlelang ho tla senya naha ka ho feletseng! Pono ena e hlalositsoeng ke moprofeta Joele e phethahatsoa kajeno ka mosebetsi oa ho bolela oa bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona, bongata bo boholo.
2 Molula-Qhooa oa May 1, 1998, leqepheng la 11, serapeng sa 19, o ile oa bontša hore: “Lebotho la Molimo la litsie la kajeno le fane ka bopaki bo feletseng ‘motseng’ oa Bokreste-’mōtoana. (Joele 2:9) . . . Li sa ntse li hlōla litšitiso tsohle, li kena malapeng a limilione, li atamela batho seterateng, li buisana le bona ka thelefono le ho kopana le bona ka tsela leha e le efe e khonehang ha li ntse li bolela molaetsa oa Jehova.” Na hase tokelo e khōlō ho kopanela mosebetsing oo o laetsoeng ke Molimo?
3 Ho fapana le litsie tsa sebele, tseo sepheo sa tsona e leng ho iphepa feela, rōna joaloka bahlanka ba Jehova re amehile haholo ka bophelo ba bao re ba bolellang. Re batla ho thusa ba bang hore ba ithute ka linnete tse khanyang tse ka Lentsoeng la Molimo le hore ba susumelletsehe ho nka mehato e tla isa polokong ea bona ea ka ho sa feleng. (Joh. 17:3; 1 Tim. 4:16) Kahoo, re batla ho ba ba atlehang mokhoeng oo re phethang tšebeletso ea rōna ka oona. Ho sa tsotellehe hore na ho sebelisoa tsela efe ea ho bolela, re lokela ho nahana ka hore na re ho phethahatsa ka mokhoa le ka nako tse tlang ho hlahisa liphello tse molemo ka ho fetisisa. Kaha “pono ea lefatše lena ea fetoha,” re etsa hantle ha re hlahloba mekhoa ea rōna le katamelo ea rōna ho tiisa hore re finyella phephetso ea ho ba ba behang litholoana ka hohle kamoo ho ka khonehang.—1 Bakor. 7:31.
4 Le hoja re etsa boiteko ba ho kopana le batho ka litsela tse ngata, mosebetsi oa ntlo le ntlo e ntse e le mokhoa o ka sehloohong oa tšebeletso ea rōna. Na hangata u fumana batho ba le sieo lapeng kapa ba robetse ha u ba etela? Ke ho ferekanyang hakaakang, kaha ha u khone ho arolelana molaetsa oa litaba tse molemo le bona! U ka tobana le phephetso ee joang?
5 E-ba ea Feto-fetohang le ho Bontša Kahlolo e Molemo: Iseraeleng ea lekholo la pele la lilemo, batšoasi ba litlhapi ba ne ba tšoasa litlhapi bosiu. Ke hobane’ng ha ba ne ba li tšoasa bosiu? Le hoja ena e ne e se nako eo ho leng bonolo haholo ho bona, e ne e le nako e molemo ka ho fetisisa bakeng sa ho tšoasa litlhapi tse ngata haholo. E ne e le nako e hlahisang litholoana haholo. Ha o hlalosa ka tloaelo ena, Molula-Qhooa oa June 15, 1992, o ile oa re: “Le rōna re lokela ho ithuta tšimo ea rōna e le hore re ka tsoa ho ea tšoasa ha batho ba bangata ba le malapeng ebile ba bulehetse ho amohela seo re ba bolellang sona.” Ho ela hloko litloaelo tsa sechaba ho bontšitse hore metseng e mengata ea litoropo le libakeng tsa bolulo, mohlomong batho ba ba teng lapeng ha re ba etela hoseng ka Moqebelo le Sontaha, empa ka kakaretso ha ba amohele molaetsa oa rōna ka nako eo. Haeba ho joalo sebakeng sa heno, na u ka fetola nako ea maeto a hao hore e be hamoraonyana hoseng kapa esita le thapama? Ena ke tsela e molemo ea ho eketsa katleho tšebeletsong ea rōna hammoho le ho bontša ho nahanela baahisani ba rōna, e leng bopaki ba lerato la ’nete la Bokreste.—Mat. 7:12.
6 Ho Bafilippi 4:5, moapostola Pauluse o re hopotsa hore re lokela ho ‘etsa hore ho ba ha rōna le kahlolo e molemo ho tsejoe ke batho bohle.’ Tumellanong le tataiso ena e bululetsoeng, re batla ho ba ba leka-lekaneng le ba nang le kahlolo e molemo mekhoeng ea rōna ha re phetha kabelo ea rōna ea ho bolela ka cheseho le ka mafolofolo. Ha re batle ho ‘ithiba ho bolela phatlalatsa le ka ntlo le ntlo,’ empa re batla ho tiisa hore re phetha tšebeletso ea rōna ea ntlo le ntlo ka linako tse bontšang kahlolo e molemo le tse hlahisang litholoana. (Lik. 20:20) Joaloka batšoasi bane ba litlhapi ba Iseraeleng ea lekholo la pele la lilemo, ha rea ameha ka ‘ho tšoasa litlhapi’ nakong eo ho leng bonolo ho rōna, empa ho e-na le hoo, ka linako tseo ka tsona re ka hlahisang litholoana haholo.
7 Ho ka etsoa liphetoho life? Hangata liboka tsa tšebeletso ea tšimo li tšoaroa ka 9:00 kapa 9:30 hoseng ka Moqebelo le ka Sontaha, ebe ka mor’a moo, kapele-pele sehlopha se kena mosebetsing oa ntlo le ntlo tšimong. Leha ho le joalo, lihlopha tse ling tsa baholo li lokiselitse hore sehlopha se kopanele mefuteng e meng ea tšebeletso, e kang ho paka seterateng, ho sebetsa tšimo ea khoebo, kapa ho etsa maeto a ho boela, pele se ea ka ntlo le ntlo libakeng tsa bolulo. Liphutheho tse ling li behile nako ea liboka tsa tšebeletso ea tšimo hore e be hamoraonyana hoseng—ka 10:00, 11:00 hoseng, kapa 12:00 har’a motšehare. Ka mor’a moo, sehlopha se ea ka ho toba mosebetsing oa ntlo le ntlo ’me se ba tšebeletsong ho fihlela qalong ea motšehare oa mantsiboea. Masimong a mang, qalong ea motšehare oa mantsiboea, ho e-na le hoseng, e ka ’na ea e-ba nako e molemo ka ho fetisisa ea ho kopana bakeng sa tšebeletso ea tšimo. Liphetoho tse joalo li ka ’na tsa tlatsetsa hantle hore ho be le litholoana tse eketsehileng mosebetsing oa ntlo le ntlo.
8 E-ba le Temoho ’me U be Masene: Ha re ntse re kopana le batho ka ntlo le ntlo, re teana le batho ba arabelang ka litsela tse sa tšoaneng molaetseng oa rōna. Beng ba matlo ba bang ba amohela molaetsa, ba bang ha ba na thahasello, ’me ba seng bakae ba ka pheha khang kapa ba e-ba mabifi. Mabapi le ba phehang khang kapa ba mabifi, leqepheng la 7 la Ho Bea Mabaka ka Mangolo, rea hopotsoa hore ha re batle “ho ‘hlōla likhang’ tsa batho ba sa bontšeng ho hlompha ’nete.” Haeba mong’a ntlo a le mabifi, ho molemo hore re itsamaele. Le ka mohla ha rea lokela ho halefisa batho ka ho phehella hore ba buisane le rōna kapa ba amohele pono ea rōna ea litaba. Ha re qobelle batho molaetsa oa rōna. Hoo ho ne ho ke ke ha bontša kahlolo e molemo ’me ho ne ho ka bakela Lipaki tse ling mathata le mosebetsi ka kakaretso.
9 Pele re qala ho sebetsa tšimo, ke bohlale hore re hlahlobe karete ea tšimo ho bona litlaleho tsa liaterese tsa moo batho ba teng ba re boleletseng hore re se ke ra ba etela. Haeba liaterese tse joalo li le teng, mohoeletsi ka mong ea sebetsang seterateng seo o lokela ho bolelloa moo a sa lokelang ho etela teng. Ha ho motho eo ka boeena a ka iketsetsang qeto ea ho etela malapeng ana kantle ho tataiso ea molebeli oa tšebeletso hore a etse joalo.—Bona Lebokose la Lipotso la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1994.
10 Re ka eketsa katleho ea rōna ka ho ba le temoho ha re sebetsa ka ntlo le ntlo. E-ba hlokolosi ha u atamela lelapa. Na likharetene kaofela kapa li-blinds li koetsoe? Na ha ho utloahale molumo oa ho sebetsa? Hona ho ka ’na ha bontša hore batho ba lulang moo ba robetse. Mohlomong re tla ba le moqoqo o hlahisang litholoana le mong’a ntlo haeba re mo etela hamoraonyana. Mohlomong ho ka ba molemo ho feta lelapa lena ka nakoana, le ngole nomoro ea ntlo eo. Le ka sheba ntlo eo hape pele le tloha tšimong eo kapa la ngola fatše hore le tle le etele moo ka mor’a hora.
11 Hape ho ka boetse ha e-ba le maemo ao ho ’ona re tsosang motho re sa hlokomele kapa ra mo ferekanya ka tsela e itseng. A ka ba a bonahala a khopehile kapa a halefile. Re lokela ho itšoara joang? Liproverbia 17:27 (NW) ea eletsa: “Motho ea nang le temoho o na le moea o khutsitseng.” Le hoja re se masoabi ka tšebeletso ea rōna, ka sebele re ka bolela kamoo re leng masoabi kateng ka hore ebe re etile nakong e sa lokelang. Ka tlhompho re ka botsa hore na nako e ’ngoe e ke ke ea e-ba e loketseng haholoanyane ’me re bolele hore re tla khutla. Polelo e tiileng ea kameho ea botho e etsoang ka lentsoe le bonolo hangata e etsa hore motho ea joalo a phutholohe. (Liprov. 15:1) Haeba mong’a ntlo a re tsebisa hore kamehla o sebetsa bosiu, ho ka ngoloa kareteng ea tšimo e le hore maeto a nakong e tlang a ka etsoa ka nako e loketseng.
12 Temoho e boetse ea hlokahala ha re etsa boiteko ba ho sebetsa tšimo ea rōna ka botlalo. Kaha batho ba bangata ha ba eo lapeng ha re ba etela ka lekhetlo la pele, ho hlokahala hore re etse boiteko bo eketsehileng ba ho kopana le bona hore re arolelane molaetsa oa poloko le bona. (Baroma 10:13) Litlaleho li bontša hore ka linako tse ling bahoeletsi ba etela lelapeng le le leng ka makhetlo a ’maloa ka letsatsi ba leka hore ba fumane batho lelapeng leo. Baahisani ba bang ba hlokomela sena. Ho ka fanoa ka maikutlo a seng matle a hore Lipaki tsa Jehova ‘kamehla li etela’ seterateng sa bona. See se ka qojoa joang?
13 Sebelisa temoho. Ha u etela hape moo ho neng ho se na batho, na hona joale ho na le lipontšo tsa hore ho na le motho lapeng? Haeba mangolo kapa lipampitšana tsa phatlalatso li hlahile lebokoseng la poso, ho ka etsahala hore ebe ho ntse ho se na motho lapeng ’me ho kokota monyako hape ho ke ke ha hlahisa litholoana tsa letho nakong ena. Haeba motho a sa fumanoe ka mor’a boiteko bo seng bokae bo entsoeng ka linako tse sa tšoaneng ka letsatsi, joaloka mantsiboea, mohlomong ho ka khoneha ho kopana le mong’a ntlo ka thelefono. Haeba ho se joalo, ka mokhoa o masene ho ka siuoa pampitšana kapa sememo tlas’a lemati, haholo-holo haeba tšimo eo e akaretsoa hantle kamehla. Hape e ka ’na eaba ho tla kopanoa le motho eo nakong e tlang ha ho sebetsoa tšimo eo.
14 Re lokela ho qoba moqoqo o molelele monyako ha mong’a ntlo a talimane le maemo a mabe a leholimo. Ha u memeloa hore u kene, e-ba hlokolosi hore u se ke ua silafatsa fatše. Sebelisa kahlolo e molemo ha u hlahisetsoa bothata ke ntja e boholang. Ha u sebetsa mehahong ea lifolete, buela tlaase ’me u qobe ho etsa lerata le ferekanyang batho ba lulang moo le le tsebahatsang hore u teng.
15 E-ba ea Hlophisehileng le ea Nang le Seriti: Ha re e-na le tlhophiso e ntle re ka qoba ho etsa lihlopha tse khōlō, tse hapang tlhokomelo tse bokellanang tšimong. Beng ba matlo ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba sokeloa ha likoloi tse ’maloa le livene li fihla ka pel’a matlo a bona li e-na le sehlopha se seholo sa bahoeletsi. Ha re batle ho fana ka maikutlo a hore re “hlasela” libaka tsa bolulo. Litokisetso tsa ho sebetsa tšimo li etsoa hamolemo sebokeng sa tšebeletso ea tšimo. Lihlopha tse nyenyane tsa bahoeletsi, tse kang lelapa, ho hang ha li tšose beng ba matlo ’me li hloka ho boela li hlophisoa hanyenyane ha ho sebetsoa tšimo.
16 Tlhophiso e hloka hore batsoali ba ele hloko boitšoaro ba bana ba bona ha ba ntse ba sebetsa tšimo. Bana ba lokela ho itšoara hantle ha ba tsamaea le batho ba baholo ka ntlo le ntlo. Bana ha baa lokela ho lumelloa hore ba bapale kapa ba solle ka bolokolohi, ba hapa tlhokomelo e sa hlokahaleng ea beng ba matlo kapa batho ba fetang ka tsela.
17 Ho boetse ho hlokahala ho leka-lekana tabeng ea ho etsa khefu ea lijo tse bobebe. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1995, leqepheng la 3, e ile ea re: “Ha re le tšebeletsong ea tšimo, re ka lahleheloa ke nako ea bohlokoa ka khefu ea lijo tse bobebe. Leha ho le joalo, ha maemo a leholimo a se matle, ho ba le khefu ho tla re khatholla ’me ho re thuse hore re ’ne re tsoele pele. Leha ho le joalo, ba bangata ba khetha ho tšoareha ka ho pakela batho ’me ba tlohela ho ba le botsoalle le barab’abo rōna linakong tsa khefu ea lijo tse bobebe, ka nako e beheletsoeng ka thōko bakeng sa tšebeletso.” Le hoja ho khefutsa bakeng sa lijo tse bobebe e le qeto ea botho, ho hlokometsoe hore ka linako tse ling, lihlopha tse khōlō tsa bara le baralib’abo rōna li kopana lebenkeleng la lijo tse bobebe kapa sebakeng sa ho jela. Ho phaella nakong e senngoang ha le emetse hore le rekisetsoe, boteng ba letšoele e ka ba bo tšosang bareki ba bang. Ka linako tse ling, ho phetoa liphihlelo tsa tšebeletso ea tšimo ea hoseng ka mantsoe a phahameng, ’me hona ho ka tlosa seriti tšebeletsong ea rōna ’me ha fokolisa katleho ea eona. Ka masene, bahoeletsi ba ka qoba ho subuhlellana mohahong o itseng le ho senya nako ea tšebeletso ho sa hlokahale.
18 Ba bangata ba bile le litholoana tse ntle ka ho atamela batho kae kapa kae moo ba ka fumanehang teng—literateng, moo ho pakoang makoloi le libakeng tse ling tsa sechaba. Le mona re batla ho fana ka bopaki bo botle, eseng feela ka mantsoe a rōna empa hape le ka kahlolo ea rōna e molemo. Bahoeletsi phuthehong ka ’ngoe ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba hlompha meeli ea tšimo ea bona e le hore ba se ke ba ferekanya batho ba tsamaeang ka maoto libakeng tsa khoebo le liteisheneng tsa terene kapa basebetsi ba leng likhoebong tse butseng ka lihora tse 24, tse kang liteishene tsa ho tšela petrole. Ho etsa bonnete ba hore re phetha tšebeletso ea rōna ka mokhoa o hlophisehileng, o nang le seriti, re tla sebetsa feela tšimong eo re e abetsoeng ntle le ha ho entsoe litokisetso tse khethehileng ka Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho ea phutheho e ’ngoe, tsa hore ba thusoe.—Bapisa le 2 Bakorinthe 10:13-15.
19 Liphutheho tse ling tse nang le libaka tse ngata tseo ho tsona ho ka etsoang bopaki ba phatlalatsa li hlophisitse libaka tsena hore e be masimo. Joale karete ea tšimo e fuoa mohoeletsi a le mong kapa sehlopha. Sena se nolofalletsa hore ho koaheloe tšimo ka katleho ’me se thibela hore bahoeletsi ba bangata haholo ba sebetse sebakeng se le seng ka nako e tšoanang, tumellanong le molao-motheo o ho 1 Bakorinthe 14:40: “Lintho tsohle a li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”
20 Ponahalo ea rōna ea botho e lokela hore kamehla e be e nang le seriti le e emelang basebeletsi ba jereng lebitso la Jehova. Ho boetse ho joalo le ka thepa eo re e sebelisang. Mekotlana ea libuka e tabohileng le Libibele tse sosobaneng maqephe kapa tse litšila li tlosa seriti molaetseng oa ’Muso. Ho ’nile ha boleloa hore moaparo le boitlhopho “ke mokhoa o potlakang oa puisano sechabeng o fang batho ba u potolohileng boitsebiso ka hore na u mang le ka seo u leng sona le moo u oelang teng tlhophisong ea lintho.” Ka hona, ponahalo ea rōna ha ea lokela ho ba e bohlasoa kapa e sa hlophisehang, leha e le hore e be e phatsimang kapa e feteletseng, empa kamehla e be e “tšoanelang litaba tse molemo.”—Bafil. 1:27; bapisa le 1 Timothea 2:9, 10.
21 Ho 1 Bakorinthe 9:26, moapostola Pauluse o re: “Tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise; tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka ba ea otlang moea.” Re etsisa Pauluse, re ikemiselitse ho ba le tšebeletso e atlehang, e hlahisang litholoana. Ha re ntse re kopanela ka cheseho mosebetsing oa ho paka re le karolo ea “lebotho la litsie” la Jehova kajeno, e se eka re ka sebelisa kahlolo e molemo ea Bokreste le temoho ka ho tlisa molaetsa oa poloko ho bohle ba leng tšimong ea rōna.