Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/99 leq. 1
  • Batsoali—Behelang Bana ba Lōna Mohlala o Motle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batsoali—Behelang Bana ba Lōna Mohlala o Motle
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Mekhoa e Metle—Tšobotsi ea Batho ba Inehetseng ho Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 9/99 leq. 1

Batsoali—Behelang Bana ba Lōna Mohlala o Motle

1 Lentsoe la Molimo le re bolella hore “ntat’a [le ’mè oa] ea lokileng o tla nyakalla haholo.” (Liprov. 23:24, 25) Ke tlhohonolofatso e kaakang ho batsoali ba ileng ba behela bana ba bona mohlala o motle! Setho se seng sa Komiti ea Lekala se ile sa bua tjena ka batsoali ba sona: “Bophelo bohle ba bona bo ne bo likoloha ’neteng, le ’na ke ne ke batla hore bophelo bohle ba ka bo likolohe ’neteng.” Bana ba lokela ho bona eng ho batsoali ba bona?

2 Mekhoa e Metle le Tlhompho e Tebileng: Ke boikarabelo ba batsoali hore ba kenye litšobotsi tse hahang baneng ba bona. Mekhoa e metle ea ithutoa, eseng feela ka taeo ea molomo, empa le ka ho bona le ho etsisa. Ka hona, le bonahatsa mekhoa efe? Na bana ba lōna ba utloa le re “ntšoarele,” “kea kōpa” le “kea leboha”? Ka lapeng na le tšoarana ka tlhompho e tebileng? Na lea mamela ha ba bang ba bua? Na lea mamela ha bana ba lōna ba bua le lōna? Na litšobotsi tsee tse ntle li bonahatsoa Holong ea ’Muso le lapeng?

3 Bomoea bo Matla le Tšebeletso e Chesehang: Mor’abo rōna ea qetileng lilemo tse fetang 50 tšebeletsong ea nako e tletseng oa hopola: “’Mè le Ntate e ne e le mehlala e babatsehang tabeng ea ho ananela ha bona liboka le cheseho ea bona tšebeletsong.” Le bontša bana ba lōna joang hore le amehile ka ho boloka bomoea ba lelapa la lōna? Na le hlahloba temana ea letsatsi hammoho? Na le na le thuto ea lelapa ea kamehla? Na bana ba lōna ba le bona le bala Bibele le lingoliloeng tsa Mokhatlo? Ba utloa eng ha le rapela le le lelapa? Na le ba le moqoqo oa moea o hahang le bana ba lōna, le buisana ka lintho tse molemo ka ’nete le phutheho? Na le labalabela ho ba teng libokeng tsohle le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le le lelapa?

4 Batsoali, nahanang ka mohlala oo le o behelang bana ba lōna. Behang o babatsehang, ’me ba tla o nka e le oa bohlokoa bophelo bohle ba bona. Mosali e mong oa molebeli ea tsamaeang, eo hona joale a leng lilemong tsa bo-70, o ile a re: “Ke ntse ke rua molemo mohlaleng o motle oa batsoali ba ka ba lerato ba Bakreste. ’Me ke thapelo ea ka e tiileng hore ke tla paka kananelo ea ka e tletseng ka lefa lena ka ho le sebelisa hantle ho theosa le lilemo tsena.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela