Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/99 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 6 September
  • Beke e Qalang ka la 13 September
  • Beke e Qalang ka la 20 September
  • Beke e Qalang ka la 27 September
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 9/99 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September

Beke e Qalang ka la 6 September

Pina 190

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

17 mets: “Na U Sebetsa U E-na le Morero?” Lekanyetsa kenyelletso nakong e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo. Akarelletsa le litlhaloso tse bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 88-9. Khothalletsa bohle ho ba ba tiileng le ba hloahloa tšebeletsong ea bona.

18 mets: “Batsoali—Behelang Bana ba Lōna Mohlala o Motle.” Kenyelletso e khutšoanyane ka moholo, ebe ho latela puisano ka sehlooho sena ea barab’abo rōna ba babeli bao e leng batsoali. Ba bolela ho tšoenyeha ka ho sireletseha ha bana ba bona mekhoeng e kotsi eo ba e pepesehetseng sekolong, ka thelevishene le ka beng ka bona bao e seng Lipaki le ba bang. Barab’abo rōna ba hlahloba boitšoaro ba ho hloka tlhompho, puo ea lefatše le boitlhopho ba lefatše le boithabiso bo sa haheng. Ka mor’a ho nahana ka tlhokahalo ea ho beha mohlala o motle, ba buisana ka litsela tsa ho haha cheseho e khōloanyane bakeng sa thuto ea lelapa, liboka tsa phutheho le tšebeletso ea tšimo.—Bona Molula-Qhooa oa July 1, 1999, leqepheng la 8-22 le Tsoha! ea October 8, 1991, leqepheng la 25-6.

Pina 101 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 13 September

Pina 171

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: Re Sebelitse Joang Selemong se Fetileng? Puo ka molebeli oa tšebeletso. Hlahloba lintlha tsa sehlooho tsa tlaleho ea phutheho bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1999. Fana ka pabatso bakeng sa lintho tse ntle tse finyeletsoeng. Supa libaka tseo ho tsona ho ka ’nang ha hlokahala hore ho ntlafatsoe. Tsepamisa mohopolo ho seo phutheho e se entseng ka ho ba teng libokeng le ho khanneng lithuto tsa Bibele. Thathamisa lipakane tse sebetsang bakeng sa selemo se tlang. Khothalletsa bohle ho tlaleha kamehla khoeli e ’ngoe le e ’ngoe selemong se secha sa tšebeletso le ho sebelisana le mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ha ba thusa bohle ho tlaleha kamehla.

20 mets: “U Tla Re’ng ho Mohindu?” Lipotso le likarabo. Hatisa molemo oa ho batla lintho tseo re tšoanang ka tsona le motho eo ’me o hlahise hore na ke hokae moo e ka ’nang eaba rea lumellana le Mohindu. Bontša kamoo linehelano tse entsoeng e le litlhahiso li ka lokisoang kateng ho pakela batho ba limelo leha e le life tsa bolumeli. Etsa pontšo ea nehelano eo ho itlhakiselitsoeng eona hantle ea ho pakela Mohindu. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Bohindu, bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1998; buka ea Ho Bea mabaka, leqepheng la 22; le Moloko oa Batho o Batla Molimo, khaolong ea 5. Haeba ho se na Mahindu tšimong ea lōna, etsa pontšo ka hore na ho ka qalisoa lithuto tsa Bibele joang ka buka ea Tsebo.

Pina 140 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 20 September

Pina 193

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba litokisetso tsa phutheho bakeng sa tšimo e sa abuoang ka September le October. Pheta liphihlelo tse thahasellisang tse thabetsoeng ho tla fihlela hona joale tšimong e sa abuoang. Etsa tsebiso ea litokisetso tsa tšimo bakeng sa la 24 September.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

18 mets: Sebelisa Buka ea Creator Hamolemo. Puo le lipontšo. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1999 e ile ea hlalosa hore buka ea Creator e ka fanoa ka nako leha e le efe ha re kopana le motho (1) ea sa lumeleng ho Molimo kapa (2) ea lumelang ho Molimo empa a hlile a sa tsebe hore na ke mang kapa hore na litšoaneleho tsa hae le merero ea hae ke life. Lipotso le litlhaloso tse fatang maikutlo tse sekoahelong se ka morao li ka sebelisoa ho tsosa thahasello bakeng sa ho bala buka eo. Kapa ho ka sebelisoa leqephe la 152 hamolemo. Mohoeletsi a ka ’na a botsa: “Ke hokae moo re ka fumanang keletso e ntlehali ea hore na re ka rarolla mathata a rōna a rarahaneng ka ho fetisisa joang?” A ka bontša motho kamoo ba boholong ba tsebahalang ba ileng ba rorisa Thuto ea Jesu ea Thabeng kateng, a mo kōpe hore a khethe e ’ngoe ea lintlha tse supileng tse khethiloeng eo a e thahasellang ka ho fetisisa, ebe joale o bala litemana tse seng kae tse qotsitsoeng. Etsa pontšo ea litlhahiso tsena ka bobeli bakeng sa ho fana ka buka ea Creator. Khothalletsa bohle ho tsamaea ka buka ena tšebeletsong ea tšimo, e be ba itokiselitseng ho fana ka eona neng le neng ha ho loketse.

Pina 175 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 27 September

Pina 141

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa September. Khothalletsa bohle ho etsa litokisetso tsa ho kopanela ka botlalo kabong ea limakasine ka October. Hlahloba tse ling tsa litlhahiso tse hlahileng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1996, leqepheng la 12, mabapi le mokhoa oa ho lokisetsa linehelano. U sebelisa limakasine tsa morao-rao, bolela lintlha tse ntle tse ipuellang ’me u etse pontšo ka e le ’ngoe kapa tse peli tsa linehelano tse khutšoanyane.

15 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo.

15 mets: “Borapeli ba ’Nete Boa Atoloha Europe Bochabela.” Moholo o tsamaisa karolo eo ka lipotso le likarabo. Bolela liphihlelo kapa bopaki ba keketseho linaheng tse emetsoeng, joalokaha li tlalehiloe Libukeng Tsa Selemo tsa morao tjena.

Pina 87 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela