Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/99 maq. 2-7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 9/99 maq. 2-7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 e sekoahelo sa pampiri. October: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka monehelo oa R1,00 e le ’ngoe. November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka monehelo oa R1,20 kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 e sekoahelo sa pampiri. Tse ling tseo ho ka fanoang ka tsona: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R4,00. December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng e e-na le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R9,00 ha le fana ka buka e sekoahelo se thata le R7,75 ha le fana ka ea sekoahelo sa pampiri.

◼ Morao tjena batho ba ikhakanyang le ba khaotsoeng ba tsoang linaheng tsa sa tšoaneng tsa Afrika ba ’nile ba atamela barab’abo rōna ba iketsa eka ke Lipaki. Re buella hore baholo ba tsebisoe ka makolopetso a batho ba joalo. Baholo bona ho ka ba molemo hore ba etse fax kapa ho seng joalo ba founele Mokhatlo e le hore ba ka fumana boitsebiso ba batho bao. Ka tsela ena ho amohela baeti ka mofuthu ho ntse ho ka atolosetsoa ho barapeli-’moho le rōna ba ’nete.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong eo a mo khethileng o lokela ho hlahloba boemo ba lichelete tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, tsebisa phutheho ka mor’a hore tlaleho e latelang ea lichelete e etsoe.

◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele litaelo tse fanoeng leqepheng la 21-3 la Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le batho leha e le bafe ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba sekamela ho khutlisetsoa ka phuthehong.

◼ Ka Moqebelo, oa la 9 October, 1999, Lelapa la Bethele le fektheri li tla be li koetsoe bakeng sa ho hloekisoa. Ho ke ke ha e-ba le litokisetso tsa ho bona mohaho kapa hore liphutheho li tl’o lata libuka tsa tsona ka letsatsi leo.

◼ Liphutheho tse ngata hona joale li lefisoa litefiso tsa banka liak’haonteng tsa tsona. Molebeli ea okamelang a ka ’na a lakatsa ho ngolla Mokhatlo bakeng sa litlhahiso tsa hore na ho ka theoloa litefiso tseo tsa banka joang. Ka kōpo tšoaeang lengolo la lōna tjena, “Attention: Accounting Office.”

◼ Sena ke ho hopotsa LIPHUTHEHO TSOHLE hore li odare likarete tsa Advance Medical Directive/Release le Identity Cards kapele kamoo ho ka khonehang ka foromo ea Literature Order (S-AB-14). Liphutheho tse se nang ak’haonte le Mokhatlo kapa tse nang le khaello ak’haonteng ea tsona ea libuka li lokela ho romela chelete le odara ea tsona. Likarete tsena tsa taelo ea meriana ke lisente tse 12 e le ’ngoe ’me Identity Cards ke lisente tse 10 e le ’ngoe. Moo ho khonehang ka kōpo odarang ka lihlopha tsa tse 20. Le se ke la fana ka likarete tsena, empa li bolokeng ho fihlela le fumana litaelo tse tsoang ho Mokhatlo.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kenyelletsa odara ea Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000 odareng ea tsona ea libuka ea September. Lialmanaka li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Sexhosa le Sezulu. Ena ke thepa ea setoko se laoloang. Liphutheho tse se nang ak’haonte le Mokhatlo kapa tse nang le khaello ak’haonteng ea tsona li lokela ho romela chelete le odara ea tsona.

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Theko ea bukana ea Apply Yourself to Reading and Writing e nyolohile hang-hang. Monehelo hona joale ke R5,00 ho phutheho le R3,75 bo-pula-maliboho.

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Ho na le liphetoho likopanong tse latelang:

La 17-19 December:

Johannesburg (Sepotoketsi; kopano e ncha)

La 24-26 December:

Bloemfontein (letsatsi le lecha)

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:

Marked for Survival (Tšoantšiso, k’hasete e le ’ngoe; phutheho: R10,50; bo-pula-maliboho: R9,50)—Senyesemane

◼ Ho qala ka tokollo ea September 1, 1999, Molula-Qhooa o tla fumaneha ka Sekazakh e le khatiso e tsoang hang ka khoeli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela