-
Batsoali, Mohlala oa lōna o Ruta’ng?Molula-Qhooa—1999 | July 1
-
-
Batsoali, Mohlala oa lōna o Ruta’ng?
“Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong.”—BAEFESE 5:1, 2.
1. Jehova o ile a fa banyalani ba pele melao ea mofuta ofe ea tataiso?
JEHOVA ke Moqapi oa tokisetso ea lelapa. Lelapa le leng le le leng le entsoe ke eena hobane o ile a theha lelapa la pele a ba a fa banyalani ba pele matla a ho ba le bana. (Baefese 3:14, 15) O ile a fa Adama le Eva litaelo tsa motheo mabapi le boikarabelo ba bona a boela a ba fa monyetla o motle oa hore ba nke bohato ka bobona ho bo phetha. (Genese 1:28-30; 2:15-22) Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, malapa a ile a tlameha ho sebetsana le maemo a ntseng a rarahana haholoanyane. Ho ntse ho le joalo, Jehova ka lerato o ile a fana ka melao e tataisang e neng e tla thusa bahlanka ba hae ho sebetsana le maemo a joalo.
2. (a) Ke ka litsela life Jehova a matlafalitseng keletso e ngotsoeng ka thuto ea molomo? (b) Ho hlokahala hore batsoali ba ipotse potso efe?
2 E le Morupeli oa rōna e Moholo, Jehova o entse ho hongata ho feta ho fana ka litaelo tse ngotsoeng mabapi le seo re lokelang ho se etsa le seo re lokelang ho se qoba. Mehleng ea boholo-holo o ile a kopanya litaelo tse ngotsoeng le litaelo tsa molomo ka baprista le baprofeta le ka lihlooho tsa malapa. O sebelisa mang ho fana ka thuto eo ea molomo mehleng ea rōna? Baholo ba Bakreste le batsoali. Haeba u motsoali, na u phetha karolo ea hao ea ho ruta lelapa la hao litsela tsa Jehova?—Liproverbia 6:20-23.
3.Lihlooho tsa malapa li ka ithuta eng ho Jehova tabeng ea thuto e atlehang?
3 Thuto e joalo e lokela ho fanoa joang ka har’a lelapa? Jehova o beha mohlala. Ka ho hlaka o bontša se setle le se sebe, ’me ka mosa oa se pheta-pheta. (Exoda 20:4, 5; Deuteronoma 4:23, 24; 5:8, 9; 6:14, 15; Joshua 24:19, 20) O sebelisa lipotso tse susumelletsang motho ho nahana ka ho teba. (Jobo 38:4, 8, 31) Ka lipapiso le ka mehlala ea sebele, o susumetsa maikutlo a rōna ebile o bōpa lipelo tsa rōna. (Genese 15:5; Daniele 3:1-29) Batsoali, ha le ruta bana ba lōna, na le leka ho etsisa mohlala oo?
4. Re ithuta eng ho Jehova tabeng ea ho laea, ’me ke hobane’ng ha taeo e le ea bohlokoa?
4 Jehova ha a feto-fetohe tabeng ea se nepahetseng, empa o utloisisa liphello tsa ho se phethahale. Ka hona, pele a otla batho ba sa phethahalang, oa ba ruta ebile o ba fa litemoso le likhopotso ka makhetlo-khetlo. (Genese 19:15, 16; Jeremia 7:23-26) Ha a laea, o etsa seo ka tekanyo e nepahetseng, eseng ho tlōlisa. (Pesaleme ea 103:10, 11; Esaia 28:26-29) Haeba ke tsela eo re sebetsanang le bana ba rōna ka eona, ke bopaki ba hore re tseba Jehova, ’me ho tla ba bonolo haholoanyane hore le bona ba mo tsebe.—Jeremia 22:16; 1 Johanne 4:8.
5. Batsoali ba ka ithuta eng ho Jehova mabapi le ho mamela?
5 Hoa hlolla hore ebe Jehova oa mamela joaloka Ntate oa leholimo ea lerato. Ha a fane ka litaelo feela. O re khothalletsa ho tšollela lipelo tsa rōna ho eena. (Pesaleme ea 62:8) ’Me haeba maikutlo ao re a bontšang e se a nepahetseng ka ho feletseng, ha a re kharumele a le leholimong. O re ruta ka mamello. Ka lebaka leo, keletso ea moapostola Pauluse e loketse hakaakang: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang”! (Baefese 4:31–5:1) Jehova o behela batsoali mohlala o motle hakaakang ha ba batla ho ruta bana ba bona! Ke mohlala o finyellang lipelo tsa rōna le o etsang hore re batle ho tsamaea tseleng ea hae ea bophelo.
Tšusumetso eo Mohlala o Nang le Eona
6. Boikutlo ba batsoali le mohlala oa bona li susumetsa bana ba bona joang?
6 Ho ekelletsa thutong ea molomo, mohlala o na le tšusumetso e matla baneng. Ebang batsoali baa rata kapa che, bana ba bona ba tla ba etsisa. Ho ka ’na ha thabisa batsoali—ka linako tse ling ho ka ’na ha ba tšosa—ha ba utloa bana ba bona ba bua lintho tseo bona ka bo bona ba li buileng. Ha boitšoaro le boikutlo ba batsoali li bontša kananelo e tebileng bakeng sa lintho tsa moea, sena se ba le tšusumetso e nepahetseng baneng.—Liproverbia 20:7.
7. Jafeta o ile a behela morali oa hae mohlala oa mofuta ofe, ’me e le ka phello efe?
7 Phello ea mohlala oa batsoali e bontšoa hamolemo ka Bibeleng. Jafeta, ea neng a sebelisoa ke Jehova ho etella Iseraele pele hore e hlōle Baammone, e ne e boetse e le ntate. Tlaleho ea karabo ea hae ho morena oa Ammone e bontša hore e tlameha ebe Jafeta o ne a bala histori ea litšebelisano tsa Jehova le Iseraele khafetsa. O ne a ka qotsa histori eo ka bolokolohi, ’me o ile a bontša tumelo e matla ho Jehova. Ha ho pelaelo hore mohlala oa hae o ile oa thusa morali oa hae ho hlaolela tumelo le moea oa boitelo tseo a ileng a li bontša ka ho kenela tšebeletso ea bophelo bohle e le mosali oa lesoha ea inehetseng ho Jehova.—Baahloli 11:14-27, 34-40; bapisa le Joshua 1:8.
8. (a) Batsoali ba Samuele ba ile ba bontša boikutlo bofe bo botle? (b) Seo se ile sa tsoela Samuele molemo joang?
8 Samuele e ne e le mohlala o motle ha e sa le ngoana a ba a tšepahala ho Molimo ha e le moprofeta bophelong ba hae bohle. Na u ka rata hore bana ba hao ba tšoane le eena? Hlahlobisisa mohlala oo batsoali ba Samuele, Elkana le Anna ba ileng ba o beha. Le hoja boemo bo neng bo le ka lapeng la bona e ne e se bo phethahetseng, kamehla ba ne ba e-ea Silo ho ea rapela, sebakeng seo tabernakele e halalelang e neng e le ho sona. (1 Samuele 1:3-8, 21) Hlokomela botebo ba maikutlo boo Anna a neng a rapela ka bona. (1 Samuele 1:9-13) Hlokomela kamoo ka bobeli ba neng ba ikutloa kateng ka bohlokoa ba ho phethahatsa tšepiso efe kapa efe eo ba e etselitseng Molimo. (1 Samuele 1:22-28) Ha ho pelaelo hore mohlala oa bona o motle o ile oa thusa Samuele hore a be le litšoaneleho tse ileng tsa mo nolofalletsa ho phehella tsela e nepahetseng—esita leha batho ba mo potolohileng bao ho neng ho lumeloa hore ba sebeletsa Jehova ba ne ba sa hlomphe litsela tsa Molimo. Ha nako e ntse e feta, Jehova o ile a fa Samuele boikarabelo ba ho ba moprofeta oa Hae.—1 Samuele 2:11, 12; 3:1-21.
9. (a) Ke tšusumetso efe ea ka lapeng e bileng le phello e molemo ho Timothea? (b) Timothea o ile a fetoha motho oa mofuta ofe?
9 Na u ka rata hore mora oa hao a tšoane le Timothea, eo ha e sa le mohlankana a neng a sebetsa hammoho le moapostola Pauluse? Ntate oa Timothea e ne e se molumeli, empa ’mè oa hae le nkhono oa hae ba ile ba beha mohlala o motle oa ho ananela lintho tsa moea. Ntle ho pelaelo sena se ile sa thusa ho rala motheo o motle bakeng sa bophelo ba Bokreste ba Timothea. Re bolelloa hore ’mè oa hae, Eunise le nkhono oa hae Loise ba ne ba e-na le “tumelo . . . e se nang boikaketsi.” Bophelo ba bona e le Bakreste e ne e se ba boikaketsi; ba ne ba hlile ba phela tumellanong le seo ba neng ba bolela hore baa se lumela, ’me ba ile ba ruta Timothea e monyenyane hore a etse se tšoanang. Timothea o ile a bontša hore a ka tšeptjoa le hore ka sebele o tsotella boiketlo ba ba bang.—2 Timothea 1:5; Bafilippi 2:20-22.
10. (a) Bana ba rōna ba ka angoa ke mehlala efe ea bao e seng litho tsa lelapa? (b) Re lokela ho itšoara joang ha se susumetsang bana ba rōna se hlahella lipuong le boitšoarong ba bona?
10 Hase mehlala eohle e amang bana ba rōna e leng ka lapeng. Ho na le bana bao ba kenang sekolo le bona, matichere ao mosebetsi oa ’ona e leng ho bōpa likelello tse nyenyane, batho ba nang le maikutlo a matla a hore e mong le e mong o lokela ho phela tumellanong le litloaelo tse metseng ka metso tsa meloko kapa tsa sechaba, likhalala tsa lipapali tseo seo li se finyeletseng se rorisoang hohle, le liofisiri tsa ’muso tseo boitšoaro ba tsona bo bontšoang litabeng. Bana ba limilione le bona ba ’nile ba bona bokhopo ba ntoa. Na re lokela ho makala haeba litšusumetso tsee li hlahella lipuong kapa boitšoarong ba bana ba rōna? Re itšoara joang ha see se etsahala? Na khalemelo e bohale kapa ho bua ka thata-thata ho ka rarolla bothata? Ho e-na le ho arabela bana ba rōna kapele, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho ipotsa, ‘Na ho na le se itseng tseleng eo Jehova a sebetsanang le rōna ka eona se ka re thusang ho lemoha tsela ea ho sebetsana le boemo boo?’—Bapisa le Baroma 2:4.
11. Ha batsoali ba etsa liphoso, see se ka ama boikutlo ba bana ba bona joang?
11 Ka sebele, hase kamehla batsoali ba sa phethahalang ba ka sebetsanang le maemo ka tsela e molemohali. Ba tla etsa liphoso. Ha bana ba elelloa seo, na se tla fokotsa tlhompho ea bona ho batsoali ba bona? Ho ka ’na ha e-ba joalo, haholo-holo haeba batsoali ba leka ho koahela liphoso tsa bona ka hore ka bohale ba bontše matla a bona. Empa phello e ka ’na ea e-ba e fapaneng ho hang haeba batsoali ba ikokobelitse ’me ba lumela liphoso tsa bona ka bolokolohi. Ha ba etsa sena, ba ka beha mohlala o motle bakeng sa bana ba bona, bao ho hlokahalang hore ba ithute ho etsa se tšoanang.—Jakobo 4:6.
Seo Mohlala oa Rōna o ka se Rutang
12, 13. (a)Ho hlokahala hore bana ba ithute eng ka lerato, ’me le ka rutoa joang ka tsela e atlehang ka ho fetisisa? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bana ba ithute ka lerato?
12 Ho na le lithuto tse ngata tsa bohlokoa tse ka rutoang ka katleho e khōlō ha thuto ea molomo e kopane le mohlala o motle. Nahana ka tse seng kae.
13 Ho bontša lerato le se nang boithati: E ’ngoe ea lithuto tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse lokelang ho matlafatsoa ka mohlala ke se boleloang ke lerato. “Rea rata, hobane [Molimo] o ile a re rata pele.” (1 Johanne 4:19) Ke Mohloli le mohlala oa lerato o phahameng ka ho fetisisa. Bibele e bua ka lerato lena le laoloang ke melao-motheo la a·gaʹpe ka makhetlo a fetang 100. Ke tšoaneleho e khethollang Bakreste ba ’nete. (Johanne 13:35) Lerato le joalo le lokela ho bontšoa Molimo le Jesu Kreste le motho e mong ho e mong—esita le batho bao re sa ba utloisiseng. (Matheu 5:44, 45; 1 Johanne 5:3) Lerato lena le lokela ho ba ka lipelong tsa rōna ’me le totobale bophelong ba rōna pele re ka atleha ho le ruta bana ba rōna. Liketso li bua ho feta lipolelo. Ka har’a lelapa, ho hlokahala hore bana ba bone ’me ba latsoe lerato le litšoaneleho tse amanang le lona, tse kang boikutlo bo mofuthu. Ha lintho tsena li le sieo, khōlo ea ngoana ea khineha ’meleng, kelellong le maikutlong. Hape ho hlokahala hore bana ba bone kamoo lerato le boikutlo bo mofuthu li bontšoang ka tsela e loketseng kateng ho Bakreste ba bang bao e seng litho tsa lelapa.—Baroma 12:10; 1 Petrose 3:8.
14. (a) Bana ba ka rutoa ho etsa mosebetsi o motle o khotsofatsang joang? (b) See se ka etsoa joang ka lapeng la hao?
14 Ho ithuta mosebetsi: Mosebetsi ke karolo e ka sehloohong ea bophelo. Ho hlokahala hore motho a ithute kamoo a ka etsang mosebetsi o motle kateng e le hore a ka ba le boikutlo ba ho tšoaneleha. (Moeklesia 2:24; 2 Bathesalonika 3:10) Haeba ngoana a abeloa mesebetsi eo a sa kang a rutoa hantle tsela ea ho e etsa ’me a nyatsetsoa ho se e etse hantle, ha ho na tšepo ea hore o tla tseba ho etsa mosebetsi o motle. Empa ha bana ba ithuta ka hore ba hle ba sebetse le batsoali ba bona ’me ba babatsoa ka tsela e loketseng, ho na le tšepo e khōloanyane ea hore ba tla ithuta ho etsa mosebetsi o khotsofatsang. Haeba mohlala oa batsoali o lumellana le seo ba se bolelang, bana ba ka ’na ba se ke ba ithuta ho phetha mosebetsi feela empa ba ka boela ba ithuta kamoo ba ka hlōlang mathata, kamoo ba ka tiisetsang mosebetsing ho fihlela o phethiloe, le kamoo ba ka behang mabaka le ho etsa liqeto. Boemong bona ba ka thusoa ho ananela hore le Jehova oa sebetsa, hore o etsa mosebetsi o motle, le hore Jesu o etsisa Ntate oa hae. (Genese 1:31; Liproverbia 8:27-31; Johanne 5:17) Haeba lelapa le itseng le etsa mosebetsi oa temo kapa le etsa mosebetsi oa khoebo, litho tse ling tsa lelapa li ka ’na tsa sebetsa hammoho. Kapa mohlomong ’mè a ka ruta mora kapa morali ho pheha le ho hloekisa ka mor’a lijo. Ntate ea sebetsang hōle le lelapa a ka lokisetsa ho etsa mesebetsi ea lapeng le bana ba hae. Ho molemo hakaakang ha batsoali ba sa nahana ka ho phetha mesebetsi e itseng feela empa ba nahanne ka ho hlomella bana bakeng sa bophelo bohle!
15. Lithuto tse mabapi le tumelo li ka rutoa ka litsela life? Bontša.
15 Ho tiea tumelong ho sa tsotellehe mahlomola: Tumelo le eona ke karolo ea bohlokoa ea bophelo ba rōna. Ha ho buuoa ka tumelo thutong ea lelapa, bana ba ka ’na ba ithuta hore na ke eng ’me ba tseba ho e hlalosa. Ba ka boela ba elelloa pontšo e etsang hore tumelo e qale ho hōla ka lipelong tsa bona. Empa ha ba bona batsoali ba bona ba bontša tumelo e sa sisinyeheng ho sa tsotellehe liteko tse matla, sena se ka ba le phello e tšoarellang bophelong bohle ba bona. Mosali e mong oa Panama ea neng a ithuta Bibele o ile a tšosoa ke monna oa hae ka hore o tla mo leleka lapeng haeba a sa khaotse ho sebeletsa Jehova. Ho ntse ho le joalo, kamehla, eena le bana ba hae ba banyenyane ba bane, ba ne ba tsamaea ka maoto sebaka sa lik’hilomithara tse 16 ebe ba palama bese sebaka sa lik’hilomithara tse 30 ho ea fihla Holong ea ’Muso e haufinyane. Litho tse ka bang 20 tsa lelapa labo li ile tsa amohela ’nete ka lebaka la ho khothatsoa ke mohlala oa hae.
Ho Beha Mohlala Tabeng ea ho Bala Bibele Kamehla
16. Ke hobane’ng ha ho khothalletsoa ’malo oa Bibele oa lelapa oa letsatsi le letsatsi?
16 E ’ngoe ea litloaelo tseo lelapa lefe kapa lefe le ka bang le eona—e leng tloaelo e tla ruisa batsoali molemo le ho ba mohlala oo bana ba ka o etsisang—ke ea ho bala Bibele kamehla. Haeba ho khoneha, bala Bibele letsatsi le letsatsi. Ntho ea bohlokoahali hase hore na u bala karolo e kae. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho e bala kamehla le mokhoa oo u e balang ka oona. Ho bana, ’malo oa Bibele o ka ’na oa tlatsetsoa ka ho mamela lik’hasete tsa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele haeba li le teng ka puo ea hao. Ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng ho re thusa ho etelletsa menahano ea Molimo pele. ’Me haeba ’malo o joalo oa Bibele o sa etsoe ke batho ka bomong feela, empa o etsoa ke malapa, sena se ka thusa litho tsohle tsa malapa ho tsamaea tseleng ea Jehova. Ke mokhoa ona o ileng oa khothalletsoa Likopanong tse sa tsoa feta tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” tšoantšisong e reng Malapa—Etsang Hore ho Bala Bibele Kamehla e be Mokhoa oa Lōna oa Bophelo!—Pesaleme ea 1:1-3.
17. ’Malo oa Bibele oa lelapa le ho tšoara mangolo a sehlooho ka hlooho li thusa joang tabeng ea ho sebelisa keletso e ho Baefese 6:4?
17 Hore lelapa le bale Bibele le le hammoho ho tumellanong le seo moapostola Pauluse a se ngotseng lengolong la hae le bululetsoeng le eang ho Bakreste ba Efese, le reng: “Bo-ntate, le se ke la ba ba halefisang bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Seo se bolela’ng? ‘Ho laola kelello’ ka ho toba ho bolela “ho kenya kelello ka har’a”; ka hona, bo-ntate ba Bakreste ba phehelloa hore ba kenye kelello ea Jehova Molimo baneng ba bona—ba thuse bana ho tseba mehopolo ea Molimo. Ho khothalletsa bana ho tseba mangolo a sehlooho ka hlooho ho ka thusa ho finyella sena. Pakane ke ho etsa hore mehopolo ea Jehova e tataise mehopolo ea bana e le hore litakatso tsa bona le boitšoaro butle-butle li ka bonahatsa litekanyetso tsa bomolimo ebang batsoali ba teng kapa ha ba eo. Bibele ke motheo oa mohopolo o joalo.—Deuteronoma 6:6, 7.
18. Ha re bala Bibele, ho ka hlokahala eng hore (a) re e utloisise hantle? (b) re rue molemo keletsong eo e e fupereng? (c) re arabele ho seo e se senolang ka morero oa Jehova? (d) re rue molemo ho seo e se buang ka boitšoaro ba batho le liketso tsa bona?
18 Ka sebele, e le hore Bibele e tle e ame bophelo ba rōna, ho hlokahala hore re utloisise seo e se buang. Ho ba bangata, sena se ka ’na sa hloka hore re bale likarolo tse itseng ka makhetlo a ’maloa. E le hore re ka utloisisa lipolelo tse itseng ka ho hlakileng, ho ka ’na ha hlokahala hore re shebe mantsoe bukeng e hlalosang mantsoe kapa ho Insight on the Scriptures. Haeba lengolo le fupere keletso kapa taelo, nkang nako le buisana ka maemo a mehleng ea rōna a etsang hore e re ame. Joale u ka ’na ua botsa, ‘Ho sebelisa keletso ee ho ka re ruisa molemo joang?’ (Esaia 48:17, 18) Haeba lengolo le bua ka karolo e itseng ea morero oa Jehova, botsa, ‘See se ama bophelo ba rōna joang?’ Mohlomong u bala tlaleho e buang ka boitšoaro ba batho le liketso tsa bona. Ba ne ba le tlas’a likhatello life bophelong? Ba ne ba sebetsana le tsona joang? Re ka rua molemo joang mohlaleng oa bona? Kamehla fana ka nako ea ho buisana ka seo tlaleho e se bolelang bophelong ba rōna ba kajeno.—Baroma 15:4; 1 Bakorinthe 10:11.
19. Ka ho ba baetsisi ba Molimo, re tla be re fa bana ba rōna eng?
19 Ke tsela e molemo hakaakang ea ho etsa hore mehopolo ea Molimo e ame likelello le lipelo tsa rōna ka ho teba! Ka tsela eo, re tla fela re thusoe hore re be “baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” (Baefese 5:1) ’Me re tla beha mohlala oo ka sebele bana ba rōna ba lokelang ho o etsisa.
Na U sa Hopola?
◻ Batsoali ba ka rua molemo joang mohlaleng oa Jehova?
◻ Ke hobane’ng ha thuto ea molomo ea bana e lokela ho lumellana le mohlala o motle oa batsoali?
◻ Ke lithuto life tse rutoang hamolemohali ka mohlala oa batsoali?
◻ Re ka rua molemo o feletseng joang ha re bala Bibele re le lelapa?
-
-
Ithuteng Lentsoe la Molimo Kamehla le le LelapaMolula-Qhooa—1999 | July 1
-
-
Ithuteng Lentsoe la Molimo Kamehla le le Lelapa
“Motho o lokela ho phela, eseng ka bohobe feela, empa ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”—MATHEU 4:4.
1. Bibele e re’ng mabapi le boikarabelo ba lihlooho tsa malapa ba ho ruta bana ba bona litsela tsa Jehova?
KHAFETSA Jehova Molimo o ile a hopotsa lihlooho tsa malapa ka boikarabelo ba tsona ba ho ruta bana ba tsona. Thuto e joalo e ne e tla hlomella bana bakeng sa bophelo ba hona joale ’me e ne e ka boela ea thusa ho ba lokisetsa bophelo ba nakong e tlang. Lengeloi le neng le emela Molimo le ile la bontša Abrahama boikarabelo ba hae ba ho ruta lelapa la hae e le hore le “boloke tsela ea Jehova.” (Genese 18:19) Batsoali ba Baiseraele ba ile ba bolelloa hore ba hlalosetse bana ba bona kamoo Molimo a ileng a lopolla Iseraele Egepeta le kamoo a neng a ile a e fa Molao oa hae Thabeng ea Sinai, Horebe. (Exoda 13:8, 9; Deuteronoma 4:9, 10; 11:18-21) Lihlooho tsa malapa a Bakreste li khothalletsoa ho hōlisa bana ba tsona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Esita le haeba ke motsoali a le mong feela ea sebeletsang Jehova, o lokela ho leka ka matla ho ruta bana ba hae litsela tsa Jehova.—2 Timothea 1:5; 3:14, 15.
2. Na thuto ea lelapa ea hlokahala ha ho se na bana ka lapeng? Hlalosa.
2 Sena ha se bolele hore thuto ea lelapa ea Lentsoe la Molimo ke ea malapa a nang le bana feela. Ha monna le mosali ba tšoara thuto ea lelapa le haeba ho se na bana ka lapeng, sena se bontša kananelo e ntle ea lintho tsa moea.—Baefese 5:25, 26.
3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore thuto ea lelapa e tšoaroe kamehla?
3 Hore thuto e finyelle se molemohali, e lokela ho fanoa kamehla, tumellanong le thuto eo Jehova a neng a e ruta Baiseraele lefeelleng: “Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tsoang molomong oa Jehova.” (Deuteronoma 8:3) Ho latela maemo a lelapa, malapa a mang a ka ’na a lokisetsa thuto ea beke le beke; a mang a ka ’na a e-ba le lithuto tse khutšoanyane tsa letsatsi le letsatsi. Ho sa tsotellehe hore na u khetha tokisetso efe, u se ke ua tlohella thuto e tšoaroe feela ha monyetla o le teng. ‘Reka nako e loketseng’ bakeng sa eona. Ho itela hore ho be le nako e joalo ke ho lokisetsa nako e tlang ka mokhoa o nang le kelello. Bophelo ba litho tsa lelapa la hao bo kotsing.—Baefese 5:15-17; Bafilippi 3:16.
Lipakane Tse Lokelang ho Hopoloa
4, 5. (a) Ka Moshe, Jehova o ile a behela batsoali pakane efe ea bohlokoa ha ba ruta bana ba bona? (b) Seo se akarelletsa eng kajeno?
4 Ha u khanna thuto ea lelapa, e tla finyella molemo o moholohali haeba u nahanne ka lipakane tse hlakileng. Nahana ka tse seng kae tse ka etsoang.
5 Thutong ka ’ngoe, batla ho haha lerato bakeng sa Jehova Molimo. Ha Baiseraele ba ne ba bokane thoteng ea Moabe, pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a lebisa tlhokomelo ea bona ho seo hamorao Jesu Kreste a neng a tla se khetholla e le ‘taelo e khōlō ka ho fetisisa Molaong.’ E ne e le efe? “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle.” (Matheu 22:36, 37; Deuteronoma 6:5) Moshe o ile a phehella Baiseraele ho hatisa sena lipelong tsa bona le ho se ruta bana ba bona. Seo se ne se tla hloka ho pheta taba hangata, ho lebisa tlhokomelo mabakeng a ho rata Jehova, ho sebetsana le boikutlo le boitšoaro bo neng bo ka sitisa pontšo ea lerato le joalo le ho bontša lerato bakeng sa Jehova bophelong ba bona. Na bana ba rōna ba hloka mofuta o tšoanang oa thuto? E! ’Me le bona ba hloka thuso hore ba ‘bolotse lipelo tsa bona,’ ke hore, ho tlosa ntho efe kapa efe e neng e ka kena-kenana le lerato la bona ho Molimo. (Deuteronoma 10:12, 16; Jeremia 4:4) Litšitiso tse joalo li ka ’na tsa akarelletsa takatso ea lintho tsa lefatše le ea menyetla ea ho ameha ka botebo mesebetsing ea lona. (1 Johanne 2:15, 16) Ha re rata Jehova, lerato leo le lokela ho phela, le bontšoe, ’me le re susumelletse ho etsa lintho tse khahlisang Ntate oa rōna oa leholimo. (1 Johanne 5:3) E le hore thuto ea hao ea lelapa e be le melemo ea nako e telele, thuto e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho khannoa ka tsela e matlafatsang lerato lena.
6. (a) Ke’ng se hlokahalang e le hore ho ka fanoa ka tsebo e nepahetseng? (b) Mangolo a hatisa bohlokoa ba tsebo e nepahetseng joang?
6 Fana ka tsebo e nepahetseng ea seo Molimo a se hlokang. Seo se akarelletsa eng? Se akarelletsa se fetang ho khona ho bala karabo makasineng kapa bukeng. Hangata se hloka puisano e le hore ho ka tiisoa hore mantsoe a sehlooho le mehopolo ea bohlokoa li utloisisoa ka ho hlakileng. Tsebo e nepahetseng ke ntlha ea bohlokoa tabeng ea ho apara botho bo bocha, ho lebiseng tlhokomelo linthong tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa ha ho sebetsanoa le mathata bophelong, ’me, ka tsela eo, ho etsoa se khahlisang Molimo e le kannete.—Bafilippi 1:9-11; Bakolose 1:9, 10; 3:10.
7. (a) Ke ho sebelisa lipotso life ho ka thusang lelapa ho sebelisa hamolemo boitsebiso bo fuperoeng ke thuto? (b) Mangolo a hatisa bohlokoa ba pakane e joalo joang?
7 Ba thuse ho sebelisa se ithutiloeng. U hopotse pakane ena, thutong e ’ngoe le e ’ngoe ea lelapa, botsa: ‘Boitsebiso boo bo lokela ho ama bophelo ba rōna joang? Na bo hloka hore re etse liphetoho leha e le life ho seo re ntseng re se etsa hona joale? Ke hobane’ng ha re lokela ho batla ho etsa liphetoho?’ (Liproverbia 2:10-15; 9:10; Esaia 48:17, 18) Ho lebisa tlhokomelo e lekaneng tšebelisong ea lintho tse ithutiloeng e ka ba ntlha ea bohloka khōlong ea moea ea litho tsa lelapa.
Sebelisa Likofuto Tsa ho Ruta ka Bohlale
8. Sehlopha sa lekhoba se fane ka likofuto life tsa thuto ea Bibele?
8 “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le fane ka likofuto tse ngata tse ka sebelisoang bakeng sa ho ithuta. Makasine ea Molula-Qhooa, eo ho ka ithutoang Bibele ka eona, e fumaneha ka lipuo tse 131. Ho na le libuka tsa ho ithuta Bibele ka lipuo tse 153, libukana ka lipuo tse 284, lik’hasete ka lipuo tse 61, lik’hasete tsa video ka lipuo tse 41, esita le lenaneo la k’homphieutha bakeng sa phuputso ea Bibele ka lipuo tse 9!—Matheu 24:45-47.
9. Re ka sebelisa keletso ea mangolo a serapeng see a sa qotsoang joang ha re tšoere thuto ea Molula-Qhooa ea lelapa?
9 Malapa a mangata a sebelisa nako ea thuto ea lelapa bakeng sa ho lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa ea phutheho. Sena se ka ba molemo hakaakang! Molula-Qhooa o na le lijo tsa moea tsa bohlokoa tse fanoang bakeng sa ho matlafatsa batho ba Jehova lefatšeng lohle. Ha le ithuta Molula-Qhooa le le lelapa, le se ke la bala lirapa le ho araba lipotso tse hatisitsoeng feela. Batlang kutloisiso ka tieo. Ipheng nako ea ho bala mangolo a serapeng empa a sa qotsoa. Mema litho tsa lelapa ho hlalosa hore na a amana joang le taba e hlahlojoang serapeng. Etsa hore pelo e amehe.—Liproverbia 4:7, 23; Liketso 17:11.
10. Ho ka etsoa’ng hore bana ba kopanele thutong le ho etsa hore e be nako e ba thabisang?
10 Haeba ho na le bana lapeng la hao, u ka etsa’ng ho etsa hore thuto ea hao e se ke ea e-ba feela tloaelo ea lelapa empa e be nako e hahang, e thahasellisang le e thabisang? Leka ka matla ho etsa hore e mong le e mong a amehe ka tsela e itseng e tobileng e le hore tlhokomelo e lule boitsebisong bo ithutoang. Haeba ho khoneha, lokisetsa hore ngoana e mong le e mong a be le Bibele ea hae le makasine e ithutoang. Motsoali a ka ’na a etsa hore ngoana e monyenyane a lule haufi-ufi le eena, a ka ’na a ba a mo haka ka morero oa ho etsisa mofuthu o bontšitsoeng ke Jesu. (Bapisa le Mareka 10:13-16.) Hlooho ea lelapa e ka ’na ea etsa hore mocha a hlalose setšoantšo se hlahang boitsebisong bo ithutoang. Ngoana e monyenyane a ka ’na a abeloa esale pele hore a bale lengolo le itseng. E moholoanyane a ka ’na a abeloa ho bontša menyetla ea ho sebelisa boitsebiso bo ithutoang.
11. Ke likofuto life tse ling tsa ho ruta tse lokiselitsoeng, ’me moo li fumanehang, li ka sebelisoa joang hamolemo thutong ea lelapa?
11 Le hoja e ka ’na eaba u sebelisa Molula-Qhooa e le motheo oa puisano ea lōna, u se ke ua lebala likofuto tse ling tsa ho ithuta tse fumanehang ka lipuo tse ngata. Haeba ho hlokahala boitsebiso bo tšehetsang taba kapa tlhaloso ea polelo e itseng ea Bibele, e ka ’na eaba Insight on the Scriptures e fana ka bona. Lipotso tse ling li ka ’na tsa arajoa ka ho sebelisa Watch Tower Publications Index kapa ka ho sebelisa lenaneo la phuputso la k’homphieutha leo Mokhatlo o le lokiselitseng. Ho ithuta ho sebelisa likofuto tsena, haeba li le teng ka puo ea hao, e ka ba karolo ea bohlokoa ea thuto ea lelapa. U nahanne ka ho tsosa thahasello ea bana, u ka boela ua etsa hore karolo e itseng ea nako ea thuto ea lōna e sebelisetsoe ho shebella karolo e itseng ea video e ’ngoe ea Mokhatlo e rutang kapa ho mamela karolo e itseng ea tšoantšiso k’haseteng ebe le buisana ka eona. Tšebeliso e molemo ea likofuto tsena e ka thusa ho etsa hore thuto ea lelapa la hao e be e thahasellisang le e ruisang lelapa lohle molemo.
Tenyetseha ho Latela Litlhoko Tsa Lelapa la Hao
12. Thuto ea lelapa e ka ba le karolo joang tabeng ea ho sebetsana le maemo a hlokang tlhokomelo e potlakileng ka lapeng?
12 Ho ka ’na ha etsahala hore ebe lelapa la hao le atisa ho ithuta thuto ea Molula-Qhooa ea beke eo. Empa lemoha mathata le maikutlo ao lelapa le nang le ’ona ka nako eo. Haeba ’mè a sa sebetse, a ka ’na a qeta nako a e-na le bana letsatsi le leng le le leng ha ba fihla lapeng ba e-tsoa sekolong. Ho ka sebetsanoa le maemo a mang ka nako eo; empa a mang a ka ’na a hloka tlhokomelo e eketsehileng. Ha ho e-na le maemo a hlokang tlhokomelo e potlakileng ka lapeng, u se ke ua a hlokomoloha. (Liproverbia 27:12) A ka ’na a se ke a akarelletsa mathata a sekolong feela empa a ka ’na a akarelletsa le maemo a mang. Khetha boitsebiso bo loketseng, ’me u hlokomelise lelapa esale pele ka se tla ithutoa.
13. Ke hobane’ng ha puisano ea lelapa ea kamoo ho ka sebetsanoang ka katleho le bofutsana e ka ba molemo?
13 Ka mohlala, karolo e khōlō ea lefatše e hlasetsoe ke bofutsana; ka hona, libakeng tse ngata, ho ka ’na ha hlokahala hore ho buisanoe ka tsela ea ho sebetsana le bona. Na thuto ea lelapa e likolohang maemong a sebele a bophelo le melao-motheong ea Bibele e ka ba molemo lelapeng la hao?—Liproverbia 21:5; Moeklesia 9:11; Baheberu 13:5, 6, 18.
14. Ke maemo afe a ka ’nang a etsa hore puisano ea lelapa e mabapi le pono ea Jehova ka pefo, ntoa le ho se jele paate ha Bokreste e be nakong?
14 Taba e ’ngoe eo ho hlokahalang hore ho buuoe ka eona ke pefo. Kaofela ha rōna ho hlokahala hore pono ea Jehova e hatisoe ka ho tiea likelellong le lipelong tsa rōna. (Genese 6:13; Pesaleme ea 11:5) Thuto ea lelapa e mabapi le taba ena e ka bula monyetla oa ho buisana ka tsela ea ho sebetsana le bo-’mampoli sekolong, hore na ho ithuta karate ho loketse, le kamoo ho ka khethoang boithabiso bo loketseng. Likhohlano tse mabifi li tloaelehile; hoo e ka bang naha e ’ngoe le e ’ngoe e hlasetsoe ke ntoa ea lehae, kapa ntoa ea lipolotiki kapa ea morabe, kapa lintoa tsa lihlopha tsa litlokotsebe. Ka lebaka leo, ho ka ’na ha hlokahala hore lelapa la hao le buisane ka ho boloka boitšoaro ba Bokreste ha le pota-potiloe ke mekha e loanang.—Esaia 2:2-4; Johanne 17:16.
15. Bana ba lokela ho rutoa ka likamano tsa botona le botšehali le lenyalo ka tsela efe?
15 Ha bana ba ntse ba hōla, ho hlokahala hore ba rutoe ka likamano tsa botona le botšehali le lenyalo, ho ipapisitsoe le lilemo tsa bona. Litsong tse ling batsoali ba bangata ha ho mohla ba buisanang le bana ba bona ka likamano tsa botona le botšehali. Bana ba se nang tsebo ba ka ’na ba ba le pono e sothehileng e tsoang ho bacha ba bang, ’me liphello tsa sena li ka ba kotsi. Na ho ke ke ha e-ba molemo ho etsisa Jehova, ea sebelisitseng Bibele ho fana ka keletso e tobileng empa e le e ntle tabeng ee? Keletso ea bomolimo e tla thusa bana ba rōna ho lula ba itlhompha le ho tšoara ba bong bo fapaneng le ba bona ka tlhompho. (Liproverbia 5:18-20; Bakolose 3:5; 1 Bathesalonika 4:3-8) Esita le haeba le se le ntse le buisane ka litaba tsena, u se ke ua qea-qea ho etsa seo hape. Ha ho ntse ho hlaha maemo a macha, ke habohlokoa hore le boele le buisane ka tsona.
16. (a) Malapeng a sa tšoaneng, thuto ea lelapa e tšoaroa ne’ng? (b) U ’nile ua sebetsana le litšitiso joang e le hore u be le thuto ea lelapa ea kamehla?
16 Thuto ea lelapa e ka tšoaroa ne’ng? Ha a etsisa lelapa la Bethele ho pota lefatše, malapa a mangata a etsa kemiso ea ho tšoara thuto ea lelapa ka Mantaha mantsiboea. A mang a etsa kemiso e fapaneng le eo. Argentina, litho tse 11 tsa lelapa le leng, ho akarelletsa le bana ba 9, li ne li tsoha ka hora ea bohlano hoseng ho hong le ho hong hore li tšoare thuto ea lelapa. Ka lebaka la linako tse sa tšoaneng tsa mosebetsi, ho ne ho se na nako e ’ngoe e loketseng. Ho ne ho se bonolo, empa ho ile ha hatisa bohlokoa ba thuto ea lelapa likelellong le lipelong tsa bana. Philippines moholo e mong o ne a tšoara thuto ea lelapa ea kamehla le mosali oa hae le bana ba bona ba bararo ha bana ba ntse ba hōla. Har’a beke batsoali ba ne ba boetse ba khannela ngoana ka mong thuto ea hae e le hore e mong le e mong o ne a ka etsa hore ’nete e be ea hae. United States, morali’abo rōna eo monna oa hae e seng Paki o felehetsa bana ho ea beseng ea sekolo hoseng ho hong le ho hong. Ha ba ntse ba emetse bese, ba nka metsotso e ka bang leshome ba bala le ho buisana ka boitsebiso bo loketseng ba thuto ea Mangolo, ebe ’mè o etsa thapelo e khutšoanyane pele bana ba palama bese. Democratic Republic of Congo, mosali e mong eo monna oa hae ea sa lumelang a lahlileng lelapa, o tlameha ho sebetsa ka thata hore a ithute hobane a sa tsebe ho bala hantle. Mora oa hae ea seng a le moholo o mo thusa ka ho etela lelapa beke le beke a il’o khanna thuto le ’mè oa hae le baena ba hae. ’Mè enoa o beha mohlala o motle ka ho lokisetsa ka hloko. Na ho na le boemo bo etsang hore ho be thata ho ba le thuto ea lelapa ea kamehla lelapeng la hao? U se ke ua tela. Ka tieo kōpa tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba hao ba ho ba le thuto ea Bibele ea kamehla.—Mareka 11:23, 24.
Meputso ea ho Tiisetsa
17. (a) Ho hlokahala eng e le hore u ka ba le thuto ea lelapa ea kamehla? (b) Ke phihlelo efe e bontšang molemo oa thuto ea lelapa ea kamehla mabapi le litsela tsa Jehova?
17 Ho lokisetsa hoa hlokahala. Tiisetso ea hlokahala. Empa melemo e fumanoang thutong ea lelapa ea kamehla e etsa hore e tšoaneloe ke boiteko bona bohle. (Liproverbia 22:6; 3 Johanne 4) Jeremane, Franz le Hilda ba ile ba hōlisa bana ba 11. Ka mor’a nako e telele, morali oa bona Magdalena o ile a re: “Seo ke se nkang e le sa bohlokoa ka ho fetisisa kajeno ke hore ha hoa ka ha e-ba le letsatsi le le leng le ileng la feta re sa fumana thuto ea moea.” Ha moea oa bochaba o e-ba matla pusong ea Adolf Hitler, ntate oa Magdalena o ile a sebelisa Bibele ho lokisetsa lelapa la hae liteko tseo a ileng a hlokomela hore lia tla. Ha nako e ntse e feta, bana ba banyenyane ba lelapa lena ba ile ba isoa setsing sa ho tlohelisa bana ba litlokotsebe mekhoa e mebe; litho tse ling tsa lelapa li ile tsa tšoaroa ’me tsa koalloa literonkong le likampong tsa mahloriso. Tse ling li ile tsa bolaoa. Tumelo ea bona kaofela e ile ea lula e tiile—eseng nakong eo ea mahloriso a mabifi feela empa le lilemong tse latelang ho ba ileng ba phonyoha.
18. Boiteko ba batsoali ba se nang balekane bo ’nile ba putsoa joang?
18 Batsoali ba bangata ba se nang balekane, hammoho le bao balekane ba bona ba sa lumelang ba ’nile ba ruta bana ba bona Bibele kamehla. India, ’mè e mong ea se nang molekane, eo e leng mohlolohali, o ile a sebetsa ka thata ho kenya lerato la Jehova ka ho bana ba hae ba babeli. Leha ho le joalo, o ile a nyahama ha mora oa hae a khaotsa ho kopanela le batho ba Jehova. O ile a kōpa Jehova hore a mo tšoarele bakeng sa mefokolo leha e le efe eo a bileng le eona koetlisong ea mora oa hae. Empa mora enoa oa hae o ne a hlile a sa lebala seo a ithutileng sona. Ka mor’a lilemo tse fetang leshome, o ile a khutla, a tsoela pele hantle moeeng, ’me ea e-ba moholo oa phutheho. Hona joale eena le mosali oa hae ba tšebeletsong ea nako e tletseng ea bopula-maliboho. Batsoali ba nkileng ka botebo keletso ea Jehova le mokhatlo oa hae ea ho tšoara thuto ea Bibele kamehla malapeng a bona ba motlotlo hakaakang! Na u sebelisa keletso eo lelapeng la hao?
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke hobane’ng ha thuto ea lelapa ea kamehla e le ea bohlokoa?
◻ Lipakane tsa rōna e lokela ho ba life thutong ka ’ngoe ea lelapa?
◻ Re lokiselitsoe likofuto life tsa ho ruta?
◻ Thuto e ka lumelanngoa le litlhoko tsa lelapa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Lipakane tse tobileng li tla ntlafatsa thuto ea lelapa la hao
-
-
Malapa, Rorisang Molimo le le Karolo ea Phutheho ea haeMolula-Qhooa—1999 | July 1
-
-
Malapa, Rorisang Molimo le le Karolo ea Phutheho ea hae
“Ke tla boka Jehova har’a matšoele a phuthehileng.”—PESALEME EA 26:12, NW.
1. Karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete ke efe ho ekelletsa ho ithuteng le ho rapeleng lapeng?
BORAPELI ba Jehova ha bo akarelletse thapelo le ho ithuta Bibele lapeng feela empa bo boetse bo akarelletsa le hore re mo sebeletse re le karolo ea phutheho ea Molimo. Iseraele ea boholo-holo e ne e laetsoe ho “phutha sechaba, banna, le basali, le bana,” hore ba ithute molao oa Molimo e le hore ba tsamaee tseleng ea hae. (Deuteronoma 31:12; Joshua 8:35) Ka bobeli batho ba baholo le ‘bahlankana le baroetsana’ ba ile ba khothalletsoa ho kopanela ho roriseng lebitso la Jehova. (Pesaleme ea 148:12, 13) Litokisetso tse tšoanang lia sebetsa ka phuthehong ea Bokreste. Ka Liholong tsa ’Muso ho pholletsa le lefatše, banna, basali le bana ba kopanela ka bolokolohi lipuong tseo ho tsona bamameli ba nkang karolo, ’me ba bangata ba thaba haholo ha ba kopanela.—Baheberu 10:23-25.
2. (a) Ke hobane’ng ha ho lokisetsa e le ntlha e ka sehloohong ho thuseng bana ho thabela liboka? (b) Ke mohlala oa mang o leng bohlokoa?
2 Ka sebele, ho thusa ba banyenyane ho nka karolo kemisong e hahang ea tšebeletso ea phutheho e ka ba phephetso. Haeba ho bonahala eka bana ba bang ba kopanelang le batsoali ba bona ha ba thabele liboka, e ka ’na eaba bothata ke bofe? Ka sebele, bana ba bangata likelello tsa bona li lelera ka potlako ’me ba teneha kapele. Ho lokisetsa ho ka thusa ho rarolla bothata bona. Ha ba sa lokisetse, bana ba ke ke ba kopanela libokeng ka tsela e nang le morero. (Liproverbia 15:23) Ha ba sa lokisetse, ho tla ba thata ho bona hore ba tsoele pele moeeng ka tsela e tla ba khotsofatsa. (1 Timothea 4:12, 15) Ho ka etsoa’ng? Taba ea pele, ho hlokahala hore batsoali ba ipotse hore na bona ba lokisetsa liboka na. Mohlala oa bona ke tšusumetso e matla. (Luka 6:40) Ho hlophisa nako ea thuto ea lelapa ka hloko le hona e ka ba habohlokoa.
Ho Matlafatsa Pelo
3.Nakong ea thuto ea lelapa, ke hobane’ng ha boiteko bo khethehileng ba ho matlafatsa lipelo bo lokela ho etsoa, ’me see se hloka eng?
3 Thuto ea lelapa ha ea lokela ho ba nako ea hore ho tlatsoe lihlooho ka tsebo feela empa hape e lokela ho ba nako ea ho matlafatsa lipelo. Sena se hloka ho elelloa mathata ao litho tsa lelapa li talimanang le ’ona le kameho e lerato e mong ho e mong. Jehova ke eena “ea hlahlobang pelo.”—1 Likronike 29:17.
4. (a) Ho ‘haelloa ha pelo’ ho bolela’ng? (b) Ho ‘fumana pelo’ ho akarelletsa eng?
4 Jehova o fumana’ng ha a hlahloba lipelo tsa bana ba rōna? Bongata ba bona ba re ba rata Molimo, ’me seo sea babatseha. Empa, motho e mocha kapa ea sa tsoa ithuta ka Jehova o na le phihlelo e fokolang ea litsela tsa Jehova. Kaha o haelloa ke phihlelo, e ka ’na eaba ‘pelo ea hae ea haelloa,’ joalokaha Bibele e bontša. Mohlomong hase merero ea hae kaofela e leng mebe, empa ho nka nako ho etsa hore pelo ea motho e be boemong bo tla hle bo thabise Molimo. Sena se akarelletsa ho etsa hore mehopolo ea motho, litakatso, boikutlo bo mofuthu, maikutlo le lipakane bophelong li lumellane le seo Molimo a se amohelang, ho isa moo sena se khonehang ho batho ba sa phethahalang. Ha motho a bōpa motho ea ka hare joaloka tsela ea bomolimo, o ‘fumana pelo.’—Liproverbia 9:4; 19:8.
5, 6. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang ho ‘fumana pelo’?
5 Na batsoali ba ka thusa bana ba bona ho ‘fumana pelo’? Ke ’nete hore ha ho na motho ea ka kenyang pelo e ntle ka ho motho e mong. E mong le e mong ho rōna o fuoe bolokolohi ba ho ikhethela, ’me ho hongata ho itšetlehile ka seo re itumellang ho nahana ka sona. Leha ho le joalo, ka temoho, hangata batsoali ba ka fata maikutlo a ngoana oa bona, ba tsebe se ka pelong le moo ho hlokahalang thuso. Sebelisa lipotso tse kang ‘U ikutloa joang ka see?’ le ‘Ke’ng seo u hlileng u batlang ho se etsa?’ Ebe u mamela u sa fele pelo. U se ke ua phahamisa maikutlo. (Liproverbia 20:5) Moea o bontšang mosa, kutloisiso le lerato nakong ea thuto ke oa bohlokoa haeba u batla ho finyella pelo.
6 Hore u matlafatse litšekamelo tse molemo, bua ka litholoana tsa moea khafetsa—karolo ka ’ngoe ea tsona—’me le sebetse hammoho le le lelapa ho li hlaolela. (Bagalata 5:22, 23) Matlafatsa lerato bakeng sa Jehova le bakeng sa Jesu Kreste, eseng feela ka ho bolela hore re lokela ho ba rata empa ka ho buisana ka mabaka a hore na ke hobane’ng ha re ba rata le kamoo re ka bontšang lerato leo kateng. (2 Bakorinthe 5:14, 15) Matlafatsa takatso ea ho etsa se nepahetseng ka ho buisana ka melemo e tla latela. Matlafatsa takatso ea ho qoba mehopolo e fosahetseng, lipuo le boitšoaro ka ho buisana ka liphello tse mpe tsa lintho tse joalo. (Amose 5:15; 3 Johanne 11) Bontša kamoo mehopolo, lipuo le boitšoaro—ebang li ntle kapa li mpe—li ka amang kamano ea motho le Jehova.
7. Ke’ng se ka etsoang ho thusa bana ho sebetsana le mathata le ho etsa liqeto ka tsela e tla ba atametsa haufi le Jehova?
7 Ha ngoana a e-na le bothata kapa ho hlokahala hore a etse qeto ea bohlokoa, re ka mo botsa: ‘U nahana hore Jehova o ikutloa joang ka see? U tseba eng ka Jehova e etsang hore u arabe joalo? Na u se u rapetse mabapi le sona?’ Qala ho tloha lilemong tse tlaase ka hohle kamoo u ka khonang, thusa bana ba hao ho haha tsela ea bophelo eo ho eona kamehla ho etsoang boiteko bo matla ba ho fumana hantle hore na thato ea Molimo ke efe ’me ba e etse. Ha ba ntse ba e-ba le kamano e haufi le Jehova, ba tla fumana thabo ka ho tsamaea litseleng tsa hae. (Pesaleme ea 119:34, 35) Sena se tla haha ka hare ho bona kananelo bakeng sa tokelo ea ho kopanela le phutheho ea Molimo oa ’nete.
Ho Lokisetsa Liboka Tsa Phutheho
8. (a) Ke’ng se tla re thusa hore thutong ea rōna ea lelapa re akarelletse lintho tsohle tse hlokang tlhokomelo? (b) Thuto ee e bohlokoa hakae?
8 Ho na le lintho tse ngata tseo ho hlokahalang hore li hlokomeloe nakong ea thuto ea lelapa. U ka li kenyelletsa joang kaofela? Ho ke ke ha etsahala hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka nako e le ’ngoe. Empa u ka ’na ua fumana ho le molemo ho etsa lethathamo. (Liproverbia 21:5) Nako le nako, le hlahlobe ’me u nahane ka se hlokang tlhokomelo e khethehileng. E-ba le thahasello e matla tsoelo-peleng ea setho ka seng sa lelapa. Tokisetso ena ea thuto ea lelapa ke karolo ea bohlokoa ea thuto ea Bokreste, e re hlomellang bakeng sa bophelo ba hona joale le e re lokisetsang bophelo bo sa feleng bo tlang.—1 Timothea 4:8.
9. Butle-butle re ka sebeletsa lipakaneng life mabapi le ho lokisetsa liboka nakong ea thuto ea rōna ea lelapa?
9 Na thuto ea lelapa la hao e akarelletsa tokisetso ea liboka tsa phutheho? Ho na le lintho tse ’maloa tseo butle-butle u ka ’nang ua sebeletsa ho tsona ha le ntse le ithuta hammoho. Tse ling tsa tsona li ka ’na tsa hloka libeke, likhoeli kapa esita le lilemo hore li finyelloe. Nahana ka lipakane tsena: (1) e mong le e mong ka lapeng a itokisetse ho fana ka litlhaloso libokeng tsa phutheho; (2) e mong le e mong a sebeletse ho fana ka litlhaloso ka mantsoe a hae; (3) ho kenyelletsa mangolo litlhalosong; le (4) ho hlahloba boitsebiso ka sepheo sa hore motho ka mong a bo sebelise. Tsena tsohle li ka thusa motho ho etsa hore ’nete e be ea hae.—Pesaleme ea 25:4, 5.
10. (a) Ke joang re ka lebisang tlhokomelo sebokeng se seng le se seng sa phutheho? (b) Ke hobane’ng ha see se le bohlokoa?
10 Esita le haeba thuto ea lelapa la hao e atisa ho thehoa thutong ea Molula-Qhooa ea beke, u se ke ua hlokomoloha bohlokoa ba ho lokisetsa le le motho ka mong kapa le le lelapa Thuto ea Buka ea Phutheho, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso. Likarolo tsena tsa lenaneo le tsona ke tsa bohlokoa bakeng sa ho re ruta ho tsamaea ka tsela ea Jehova. Nako le nako le ka khona ho lokisetsa liboka le le lelapa. Ka ho sebetsa ha lōna hammoho, mekhoa ea ho ithuta e tla ntlafatsoa. Ka lebaka leo, ho tla fumanoa melemo e eketsehileng libokeng. Har’a lintho tse ling, buisanang ka melemo ea ho lokisetsa liboka tsena kamehla le bohlokoa ba ho behella nako e tobileng ka thōko bakeng sa hona.—Baefese 5:15-17.
11, 12. Ho ithuta lipina tsa phutheho ho ka re ruisa molemo joang, ’me see se ka etsoa joang?
11 Likopanong tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo,” re ile ra khothalletsoa ho lokisetsa bakeng sa tšobotsi e ’ngoe ea liboka tsa rōna—e leng ’mino. Na u se u nkile bohato ka seo? Ho etsa joalo ho ka thusa ho hatisa linnete tsa Bibele likelellong le lipelong tsa rōna ’me ka nako e tšoanang ho ka etsa hore re thabele liboka tsa rōna tsa phutheho haholoanyane.
12 Tokisetso e akarelletsang ho bala le ho hlahloba moelelo oa mantsoe lipineng tse ling tse leng kemisong ho ka re thusa ho bina ho tloha pelong. Iseraeleng ea boholo-holo, liletsa li ne li sebelisoa haholo borapeling. (1 Likronike 25:1; Pesaleme ea 28:7) Na ho na le ea binang ka seletsa lelapeng la hao? Ke hobane’ng ha a sa sebelise seletsa seo bakeng sa ho ithuta e ’ngoe ea lipina tsa ’Muso tse kemisong ea beke eo, ebe le bina pina eo le le lelapa. Tsela e ’ngoe ke ea ho sebelisa lipina tse rekotiloeng. Linaheng tse ling barab’abo rōna ba bina hamonate ba sa sebelise ’mino oa liletsa. Ha ba ntse ba tsamaea litseleng kapa ba etsa mosebetsi oa bona masimong, ba atisa ho thabela ho bina lipina tse kemisong ea liboka tsa phutheho bekeng eo.—Baefese 5:19.
Ho Lokisetsa ha Lelapa Tšebeletso ea Tšimo
13, 14. Ke hobane’ng ha lipuisano tsa lelapa tse lokisetsang lipelo tsa rōna tšebeletso ea tšimo e le tsa bohlokoa?
13 Ho pakela ba bang ka Jehova le merero ea hae ke karolo ea bohlokoa ea bophelo ba rōna. (Esaia 43:10-12; Matheu 24:14) Ebang re bacha kapa re hōlile, re thabela mosebetsi ona haholoanyane ’me re finyella molemo o moholoanyane haeba re lokiselitse. Re ka etsa see joang ka lapeng?
14 Joaloka litabeng tsohle tse amanang le borapeli ba rōna, ke habohlokoa hore re lokise lipelo tsa rōna. Ha ho hlokahale hore re buisane feela ka seo re il’o se etsa empa re buisane le ka hore na ke hobane’ng ha re il’o se etsa. Mehleng ea Morena Jehoshafate, batho ba ne ba filoe taelo molaong oa Molimo, empa Bibele e re bolella hore ba ‘ne ba e-s’o lokise lipelo tsa bona.’ Sena se ile sa etsa hore ba hoheloe habonolo ke lintho tse neng li ka ba tlosa borapeling ba ’nete. (2 Likronike 20:33; 21:11) Pakane ea rōna hase feela hore re khone ho tlaleha lihora tseo re li sebelitseng tšebeletsong ea tšimo, ebile hase feela ho tsamaisa lingoliloeng. Tšebeletso ea rōna e lokela ho ba pontšo ea lerato la rōna ho Jehova le ea lerato la rōna ho batho ba batlang monyetla oa ho khetha bophelo. (Baheberu 13:15) Ke mosebetsi oo ho oona re leng “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakorinthe 3:9) Ke tokelo e kaakang! Ha re kopanela tšebeletsong, re sebelisana le mangeloi a halalelang. (Tšenolo 14:6, 7) Ke nako efe e neng e ka ba molemo bakeng sa ho ntlafatsa kutloisiso ea see ho feta lipuisanong tsa lelapa, ebang ke thutong ea beke le beke kapa ha ho buisanoa ka temana e loketseng bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla!
15. Ke neng re ka lokisetsang bakeng sa tšebeletso ea tšimo re le lelapa?
15 Na ka linako tse ling u sebelisa nako e itseng ea thuto ea lelapa bakeng sa ho thusa litho tsa lelapa la hao ho lokisetsa tšebeletso ea tšimo ea beke eo? Ho etsa joalo ho ka ba molemo haholo. (2 Timothea 2:15) Ho ka thusa ho etsa hore tšebeletso ea bona e be le morero ’me e behe litholoana. Ka linako tse ling, u ka ’na ua sebelisa nako eohle ea thuto bakeng sa tokisetso e joalo. Khafetsa-khafetsa, u ka ’na ua sebetsana le likarolo tse itseng tsa tšebeletso ea tšimo ka ho buisana le lelapa ka tsona hakhutšoanyane qetellong ea thuto ea lelapa kapa nakong e ’ngoe e itseng har’a beke.
16. Bua ka bohlokoa ba mohato ka mong ho e thathamisitsoeng serapeng sena.
16 Thuto ea lelapa e ka ’na ea lebisa tlhokomelo letotong la mehato e kang ena: (1) Ho lokisetsa nehelano hantle ho akarelletsa le lengolo la Bibele le ka baloang haeba monyetla o le teng. (2) Tiiseha hore haeba ho khoneha e mong le e mong o na le mokotlana oa hae oa tšimo, Bibele, buka ea ho ngolla lintlha, pene kapa pentšele, lipampitšana le lingoliloeng tse ling tse boemong bo botle. Ha ho hlokahale hore mokotlana oa tšimo e be o theko e phahameng, empa o lokela ho ba makhethe. (3) Buisanang ka hore na bopaki bo sa reroang bo ka etsoa hokae le ka tsela efe. Latella mohato ka mong oa thuto ena ka hore le sebetse hammoho tšebeletsong ea tšimo. Fana ka litlhahiso tse molemo, empa u se ke ua fana ka keletso lintlheng tse ngata haholo.
17, 18. (a) Ke mofuta ofe oa tokisetso ea lelapa o ka etsang hore tšebeletso ea rōna ea tšimo e behe litholoana tse eketsehileng? (b) Ke karolo efe ea tokisetso ee e ka etsoang beke le beke?
17 Karolo e ka sehloohong ea mosebetsi oo Jesu Kreste a o abetseng balateli ba hae ke ea ho etsa barutuoa. (Matheu 28:19, 20) Ho etsa barutuoa ha ho akarelletse ho bolela feela. Ho hloka ho ruta. Thuto ea lelapa e ka le thusa joang ho atleha ho etsa see?
18 Le le lelapa, buisanang ka hore na ho ka ba molemo ho boela ho bo-mang. E ka ’na eaba ba bang ba bona ba amohetse lingoliloeng; e ka ’na eaba ba bang ba mpile ba mamela feela. E ka ’na eaba ba fumanoe mosebetsing oa ntlo le ntlo kapa bopaking bo sa reroang ’marakeng kapa sekolong. Lumella Lentsoe la Molimo le u tataise. (Pesaleme ea 25:9; Ezekiele 9:4) Rera hore na ho hlokahala hore e mong le e mong a etele mang bekeng eo. Ho tla buuoa ka eng? Puisano ea lelapa e ka thusa setho ka seng ho lokisetsa. Bontša mangolo a tobileng a ka hlahlojoang le ba thahasellang hammoho le lintlha tse loketseng tse tsoang bukaneng ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. U se ke ua leka ho akaretsa boitsebiso bo bongata haholo leetong le le leng. Siela mong’a ntlo potso eo u tla e araba leetong le latelang. Ke hobane’ng ha u sa etse hore e be karolo ea kemiso ea lelapa ea beke le beke ho lokisetsa hore na ke maeto afe a ho boela ao e mong le e mong a tla a etsa, nako eo a tla a etsa ka eona, le seo a lebelletseng ho se finyella. Ho etsa sena ho ka thusa ho etsa hore tšebeletso ea tšimo ea lelapa lohle e behe litholoana tse eketsehileng.
Tsoela Pele ho ba Ruta Tsela ea Jehova
19. E le hore litho tsa lelapa li ka tsoela pele ho tsamaea tseleng ea Jehova, li lokela ho etsa’ng, ’me ke’ng se kolekelang ho see?
19 Ho ba hlooho ea lelapa lefatšeng lena le khopo ke phephetso. Satane le bademona ba hae ba leka ka matla ho senya bomoea ba bahlanka ba Jehova. (1 Petrose 5:8) Ho feta moo, kajeno ho na le khatello e ngata holim’a lōna batsoali, haholo-holo holim’a lōna batsoali ba se nang balekane. Ho thata ho fumana nako ea ho etsa lintho tsohle tseo le ka ratang ho li etsa. Empa re lokela ho etsa boiteko, esita le haeba le ka sebelisa tlhahiso e le ’ngoe feela ka nako, ’me butle-butle la ntlafatsa lenaneo la thuto ea lōna ea lelapa. Ho bona ba haufi-ufi le uena ba tsamaea tseleng ea Jehova ka botšepehi ke moputso o thobang pelo. Hore litho tsa lelapa li tsamaee tseleng ea Jehova ka katleho, ho hlokahala hore li thabele ho ba libokeng tsa phutheho le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Hore seo se etsahale, ho hlokahala tokisetso—tokisetso e matlafatsang pelo le e hlomellang e mong le e mong ho ba le karolo e nang le morero.
20. Ke’ng se ka thusang batsoali ba eketsehileng ho ba le mofuta oa thabo o bontšitsoeng ho 3 Johanne 4?
20 Ha moapostola Johanne a ngola mabapi le bao a neng a ba thusitse moeeng, o ile a re: “Ha ke na lebaka le leholoanyane la ho leboha ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4) Lithuto tsa malapa tse khannoang ho nahannoe ka lipakane tse hlakileng le lihlooho tsa malapa tse sebetsanang le litlhoko tsa setho ka seng sa lelapa ka mosa le ka tsela e molemo li ka etsa ho hongata ho nolofalletsa lelapa ho kopanela thabong e joalo. Ka ho hlaolela kananelo bakeng sa tsela ea Molimo ea bophelo, batsoali ba thusa lelapa la bona ho thabela tsela e molemohali ea bophelo.—Pesaleme ea 19:7-11.
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke hobane’ng ha ho lokisetsa liboka e le habohlokoa hakaale ho bana ba rōna?
◻ Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang ho ‘fumana pelo’?
◻ Ke joang thuto ea lelapa la rōna e ka re thusang ho lokisetsa liboka tsohle?
◻ Ke joang ho lokisetsa bakeng sa tšebeletso ea tšimo re le lelapa ho ka re thusang hore re atlehe haholoanyane?
-