Litaba tsa Puso ea Molimo
◼ Afrika Boroa: Likhoeling tsa April, May le June ho ile ha neheloa Liholo tsa ’Muso tse latelang: Ha Makhakhe le Leribe, Lesotho le Scottburgh, Kokstad, Izingolweni le Kwa-Nzimakwe, KwaZulu Natal. Kaha Holo ea ’Muso ea Westonaria e ile ea atolosoa le ho nchafatsoa ka ho feletseng le eona e ile ea neheloa hape. Liphutheho tsena kaofela li ile tsa bontša kananelo ea tsona e tebileng ka mosebetsi o motle le o lerato oa Likomiti tsa Kaho tsa Libaka hammoho le baithaopi bohle ba ileng ba li thusa ho haheng libaka tsa bona tsa borapeli.