Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/99 leq. 7
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Itokisetse Bokuli ba Tšohanyetso
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Sireletsa Ngoana oa Hao Tšebelisong e Mpe ea Mali
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Maikutlo a Molimo ka ho Sebelisa Mali
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 9/99 leq. 7

Lebokose la Lipotso

◼ Na u itokiselitse boemo ba tšohanyetso?

Lefatšeng la kajeno, “nako le ketsahalo e sa lebelloang” hangata lia kopana ho bōpa boemo ba tšohanyetso ba bongaka, ho akarelletsa le khatello ea ho tšela mali. (Moek. 9:11, NW) E le hore re ka itokiselletsa boemo bo joalo haeba bo ka hlaha, Jehova o lokiselitse thuso ka litsela tse ngata ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, empa o re lebeletse hore re phethe karolo ea rōna. Ka tlaase mona ho na le lethathamo le tla u thusa.

• Nka karete e nakong ea Advance Medical Directive/Release ka linako tsohle.

• Tiisa hore bana ba hao ba nka li-Identity Card tse nakong.

• Hlahloba kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1993, le itlhakisa kamoo le tla behelana mabaka le lingaka le baahloli mabapi le phekolo oa ngoana oa lōna.

• Hlahloba lihlooho tse buang ka likaroloana tsa mali le lintho tse ka sebelisoang ho e-na le mali. (Tse buelloang: Molula-Qhooa, October 1, 1994, leqepheng la 31; June 1, 1990, leqepheng la 30-1; March 1, 1989, leqepheng la 30-1; Awake!, December 8, 1994, leqepheng la 23-7; August 8, 1993, leqepheng la 22-5; Tsoha! ea December 8, 1991, leqepheng la 28; le kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1993 le June 1992. Li boloke li le moo u ka li fumanang habonolo.)

• Etsa qeto e tla u siea ka letsoalo le hloekileng haeba u ka lumela ho sebelisa mechine e potolohisang mali ka ntle ho ’mele kapa haeba u ka amohela lihlahisoa tse nang le likaroloana tsa mali.

• Pele u e-ea sepetlele, haeba ho khoneha, tsebisa baholo e le hore ba ka u tšehetsa le ho iteanya le Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (HLC) haeba ho hlokahala. Tabeng ea ngoana e monyenyane, kōpa baholo ho tsebisa HLC kapele.

Hlakisa Hore U Hana Mali: Litlaleho li bontša hore bara le barali ba bang babo rōna ba ema ho fihlela motsotsong oa ho qetela ho bolella ngaka e ba phekolang hore ha ba batle mali. Hona ke ho se nahanele lingaka ’me ho u beha kotsing ea ho tšeloa mali. Haeba lingaka li tseba litumelo tsa hao ’me litakatso tsa hao li tšehelitsoe ke litokomane tse saennoeng tse fanang ka litaelo tse tobileng, ho li thusa ho tsoela pele ntle ho tieho ’me hangata ho li fa menyetla e eketsehileng ea ho u phekola ka ntle ho mali.

Kaha boemo ba tšohanyetso ba bongaka bo ka hlaha ka nako leha e le efe, hangata ha u sa e lebella, nka mehato hona joale ea ho itšireletsa le bana ba hao tšelong ea mali.—Liprov. 16:20; 22:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela