Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 3/1 maq. 30-31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mali—Aa Hlokahala Bakeng sa Bophelo
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Ka Nepo Nka Mpho ea Hao ea Bophelo e le ea Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 3/1 maq. 30-31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Na Lipaki tsa Jehova li lumella tšebeliso ea mali a motho ka boeena (autotransfusion), a kang hore mali a tsona a bolokoe’me hamorao a khutlisetsoe ho tsona?

Hangata lingaka li bontša phapang pakeng tsa mali a tsoang ka thōko (a tsoang ho motho e mong) le mali a motho ka boeena (mali a mokuli). Hoa tsebahala hore Lipaki tsa Jehova ha li amohele mali a tsoang ho batho ba bang. Empa ho thoe’ng ka ho sebelisa mali a motho ka boeena, polelo e sebelisoang mabapi le mekhoa e ’maloa?

E meng ea mekhoa eo ha e amohelehe ho Bakreste hobane ka ho hlakileng e loantšana le Bibele, empa e meng e hlahisa lipotso. Ho totobetse hore ha Bibele e ne e ngoloa, litšelo tsa mali le mekhoa e meng ea tšebeliso ea mali merianeng li ne li sa tsejoe. Empa, Molimo o fane ka litaelo tse thusang bahlanka ba oona ho etsa qeto ea hore na mekhoa e itseng ea meriana e amang mali e ka ba a sa o khahliseng na.

Qeto ea Molimo ke hore mali a emela bophelo ’me ka hona aa halalela. O ile oa laela hore ho se be motho ea ka matlafatsang bophelo ba hae ka ho sebelisa mali. Ka mohlala, Molimo o itse: “Lintho tsohle tse tsamaeang, tse phelang, e tla ba lijo tsa lōna; . . . Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba eona, ke ho re, mali a eona.” (Genese 9:3, 4; Levitike 7:26, 27) Ho latela Monei-Bophelo, tšebeliso feela e amohelehang ea mali e ne e le sehlabelong: “Hobane moea oa nama o maling. Ke le neile ’ona aletareng, a tle a etsetse meea ea lōna pheko, hobane ke ka baka la moea mali a ka etsang pheko. Ke ka baka leo ke itseng ho bang ba Iseraele: Ho se be motho har’a lōna ea jang mali.”—Levitike 17:11, 12.

Le hoja Bakreste ba se tlas’a Molao oa Moshe, Bibele e bolela hore ke ntho e “hlokahalang” bakeng sa rōna hore re ‘ile mali,’ re a talime a halalela. (Liketso 15:28, 29, TLP) Hona hoa utloahala, hobane lihlabelo tse neng li etsoa tlas’a Molao li ne li tšoantšetsa mali a Kreste, tokisetso ea Molimo eo ka eona re ka fumanang bophelo bo sa feleng.—Ba-Heberu 9:11-15, 22.

Mali a ne a lokela ho tšoaroa joang tlas’a Molao haeba a sa sebelisoe sehlabelong? Re bala hore ha motho ea tsomang a bolaile phoofolo eo a tlil’o e ja, “o tla tšolla mali a eona, a a koahele ka mobu.” (Levitike 17:13, 14; Deuteronoma 12:22-24) Kahoo mali a ne a sa lokela ho sebelisoa bakeng sa lijo kapa ka tsela e ’ngoe. Haeba a nkiloe sebopuoeng se seng ’me a sa sebelisoa sehlabelong, a ne a lokela ho qhalloa holim’a lefatše, e leng bonamelo ba maoto a Molimo.—Esaia 66:1; bapisa le Ezekiele 24:7, 8.

Ka ho hlakileng sena se behella ka thōko tšebeliso e ’ngoe e tloaelehileng ea mali a motho ka boeena—hore a bokelloe pele motho a buuoa, a bolokoe, a be hamorao a busetsoa ho mokuli. Mokhoeng o joalo, ho etsoa tjena: Pele motho a ikhethela ho buuoa, likarolo tse ling tsa mali a motho lia bolokoa kapa ho aroloa lisele tse khubelu, li kenngoa ka sehatsetsing, ’me lia bolokoa. Joale haeba ho bonahala hore mokuli o hloka mali ha a ntse a buuoa kapa ka mor’a moo, mali a hae a bolokiloeng a ka khutlisetsoa ho eena. Ho tšoenyeha ho teng ka mafu a tšoaetsanoang ka mali ho entse hore tšebeliso ena ea mali a motho ka boeena e be a ratoang. Empa, Lipaki tsa Jehova HA LI amohele mokhoa ona. Ka nako e telele re ’nile ra ananela hore mali a joalo a bolokiloeng ha e sa le karolo ea motho ho hang. A tlositsoe ho eena ka ho felletseng, kahoo a lokela ho qhaloa tumellanong le Molao oa Molimo: “U a tšollele fatše joale ka metsi.”—Deuteronoma 12:24.

Mokhoeng o mong o batlang o fapane le oo, mali a motho ka boeena a ka faposoa ho tloha ho mokuli ho ea mochining o hloekisang mali (phio ea maiketsetso) kapa pompong ea pelo le matšoafo. Mali a phallela ka ntle ho ’mele ka lethopo le eang sethong seo sa maiketsetso se a pompang le se a sefang (kapa se a kenya moea o hloekileng) e be a khutlela methapong ea mokuli. Bakreste ba bang ba ’nile ba lumella sena haeba thepa e sebelisoang e sa qaloe ka mali a bolokiloeng. Ba ’nile ba talima lethopo le ka thōko e le katoloso ea methapo ea bona e le hore mali a ka feta sethong sa maiketsetso. Ba ne ba ikutloa hore mali a tsamaeang potolohong ena e ne e ntse e le karolo ea bona ’me ho ne ho sa hlokahale hore a ‘tšolloe.’a

Empa, ho thoe’ng haeba phallo ea mali a joalo a motho ka boeena e emisa ka nakoana, joalokaha mochini oa pelo le matšoafo o tingoa ha ngaka a hlahloba hore na lintho tse lapileng methapo ea pelo li kene hantle?

Ha e le hantle, seo Bibele e se hatellang hase tseko ea hore mali a lule a ntse a phalla. Esita le ka ntle le ho buuoa, pelo ea motho e ka ’na ea ema ka nakoana ’me ea boela ea qala ho otla.b Ho ne ho ke ke ha hlokahala hore mali a hae kaofela a ntšoe methapong ’me a qhaloe hobane feela phallo ea mali e ile ea emisa ha pelo e eme. Kahoo, Mokreste ea lokelang ho etsa qeto ea hore na a ka lumella hore mali a hae a faposoe ’meleng ka mochini o ka thōko ha aa lokela ho ameha haholo ka hore na ho ka ’na ha e-ba le ho khaotsa ho hokhutšoanyane ha phallo ea mali, empa hore na o ikutloa hore letsoalo la hae le mo lumella hore mali a fapositsoeng ’meleng e tla be e ntse e le karolo ea tšebetso ea methapo ea hae.—Ba-Galata 6:5.

Ho thoe’ng ka ho hlapolloa ha mali ka morero? Lingaka tse ling li lumela hore ho molemo hore mali a mokuli a hlapolloe ha a buuoa. Ka hona, qalong ea ho buuoa, li lebisa mali a mang mekotleng e a bolokang ka ntle ho ’mele oa mokuli e be li kenya maro ao a seng mali ho nka sebaka sa ’ona; hamorao, mali ao a khutlisetsoa ho mokuli a etsoa mekotleng eo. Kaha Bakreste ha ba lumelle hore mali a bona a bolokoe, lingaka tse ling li fetotse mokhoa ona, ka ho lokisetsa hore thepa eo e be potoloho e lutseng e ntse a hokahantsoe le mothapo ea mokuli. Bakreste ba bang ba ’nile ba amohela sena, ba bang ba se hanne. Hape, motho ka mong o tlameha ho iketsetsa qeto ea hore na a ka talima mali a fapositsoeng ’meleng a potolohong e joalo e hlapollang mali e ntse e tšoana le e phallang ka mochini oa pelo kapa matšoafo kapa o nahana hore mali ao a tlohile ho eena ’me ka hona a lokela ho qhaloa.

Mohlala oa ho qetela oa tšebeliso ea mali a motho ka boeena o akarelletsa ho bokella le ho sebelisa mali hape ha motho a ntse a buuoa. Ho sebelisoa thepa e hulang mali leqebeng, e a pompela ka ntle e a fetisa sefeng (ho tlosa mahloele kapa lisele tse senyehileng) kapa mochining o bilikang (ho tlosa maro a mang), e be a khutlisetsoa ho mokuli. Bakreste ba bangata ba ’nile ba tšoenyeha haholo ka hore ho sebelisoeng ho joalo ha mali ho phalla ha mali ho ka ’na ha khaotsa ka nakoana. Empa, joalokaha ho boletsoe, see Bibele e amehileng ka sona haholoanyane ke hore na mali a kenang leqebeng le joalo la ho buuoa e sa ntsane e le karolo ea motho eo. Na ’nete ea hore mali a ile a phallela ka ntle ho methapo ea hae eaba a kena leqebeng e bolela hore a lokela ho ‘tšolloa; joaloka mali a boletsoeng ho Levitike 17:13? Haeba motho a lumela joalo, mohlomong o ne a ke ke a lumella ho ntšoa ho joalo ha mali. Empa, Mokreste e mong (eo ka ho tšoanang a neng a ke ke a lumella hore mali a phallele ka ntle ho ’mele oa hae, a bolokoe ka nakoana, e be hamorao a khutlisetsoa ho eena) a ka’na a fihlela qeto ea hore potoloho e bokellang mali ho tsoa karolong eo a buuoeng ho eona le hore a lule a ntse a kena’meleng hape li ke ke tsa siteloa letsoalo la hae le koetlisitsoeng.

Joalokaha re ka bona, ho na le thepa e fapa-fapaneng e ntseng e eketseha kapa mahlale a amang ho sebelisoa ha mali a motho ka boeena. Re ke ke ra hlalosa mokhoa ka mong e bile ha rea lokela ho leka ho etsa joalo. Ha a talimane le potso ntlheng ena, Mokreste ka mong oa ikarabella bakeng sa ho fumana lintlha tse qaqileng ho lingaka e be joale o iketsetsa qeto ea botho.

Le hoja mona ho boletsoe ho hongata ka mekhoa ea meriana, seo e leng sa bohlokoa ka ho fetisisa ke litseko tsa bolumeli. Ha Mokreste a etsa qeto ka lipelaelo kapa lipotso leha e le life tse mabapi le mekhoa ea meriana e amang mali, ntho e khōlō e lokela ho ba hore a bontše tumelo, a hlomphe molao oa Molimo oa ho ‘ila mali,’ le hore a boloke letsoalo le letle. Hobane’ng? Hobane tsela ea mantlha eo ka eona bophelo bo ka bolokoang ka mali hase ka mahlale a meriana empa ke ka matla a pholosang a mali a Kreste. Moapostola Pauluse o ngotse: “Ke ka ho eena re nang le topollo ka mali a hae.” (Ba-Efese 1:7; Tšenolo 7:14, 17) Le hoja meriana ea kajeno e ka ’na ea khona ho re thusa ho lelefatsa bophelo ba rōna ka nakoana, ho hang ha re batle ho lelefatsa bophelo ba rōna hona joale ka ho etsa ntho leha e le efe e tla siteloa matsoalo a rōna a Bokreste kapa e ke keng ea khahlisa Monei-Bophelo oa rōna.—Mattheu 16:25; 1 Timothea 1:18, 19.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa oa June 1, 1979, leqephe 23.

b Sena se ka ’na sa bakoa ke lefu la pelo, ho choukoa ke motlakase, kapa ho theoha ho hoholo ha mocheso ’meleng, ho kang ho tlisoang ke ha motho a kene tlas’a metsi a entseng leqhoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Mochining oa pelo le matšoafo, potoloho e akarelletsa: (1) ho kenngoa ha lethopo le tlohang methapong ea mokuli; (2) lipompo tse hulang mali ’me li a bokella; (3) ntho e butsoelang moea o hloekileng; (4) sefe ea mali a sefang ka mathopo; (5) pompo e khōlō; (6) lethopo le khutlelang methapong ea mokuli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela