Ho Betla Khoro ea ho Buoa ka Ntle ho Mali ka Lipaki tsa Jehova
LILEMONG tsa morao tjena Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hlaha lihloohong tsa litaba khafetsa ka baka la hore ha li amohele litšelo tsa mali. Le hoja lebaka leo li hanang ka lona e le la Mangolo, ho na le likotsi tse ling hape tse hlokomelehang tse ka hlahang ’meleng. (Genese 9:3, 4; Levitike 17:10-12; Liketso 15:28, 29) Boemo ba tsona bo ’nile ba baka likhohlano pakeng tsa tsona le lingaka, lipetlele, le makhotla. Batho ba baholo ba Lipaki ba ’nile ba haneloa ho fumana litšebetso tsa ho buuoa ka baka la hore ba ile ba hana litšelo tsa mali; bana ba bona ba ’nile ba qobelloa ho lumela ho tšeloa mali ka taelo ea lekhotla.
Hona joale boemo bo ntse bo fetoha mabapi le litšelo tsa mali. Hangata mali ao ho fanoang ka ’ona a ba le metsoako e kotsi. Mafu, ao a mang a ’ona e leng a bolaeang, a fetisoa ke litšelo tsa mali. Meharo e fetohile lebaka le leng kaha mali e se e le khoebo e khōlō ’me ho khothalletsoa hore a sebelisoe ka mehla—e leng ho eketsang kotsi e ’ngoe e sa hlokahaleng tšebetsong ea ho buuoa.a Ka mabaka ana le a mang, batho ba bang ba bangata bao e seng Lipaki tsa Jehova ba ntse ba hlahloba bocha taba ea ho amohela litšelo tsa mali tse sebelisoang ka mehla.
Lipaki tsa Jehova li phethile karolo e itseng ho sena sohle. Ba likete-kete har’a bona ba ’nile ba buuoa ’me maemong a mangata ba ile ba hlaphoheloa kapele le ho feta batho ba ileng ba amohela litšelo tsa mali. Phihlelo ea Lipaki e bontša hore lingaka tse buoang batho li ka etsa tšebetso ea ho buoa ’me ha ba le tahlehelo e fokolang haholo ea mali le hore maemong a mang manane a lisele tse khubelu le tse tšoeu tse teng maling a ka ’na a e-ba tlaase haholo ho feta moo ho neng ho nahanoa hore a lokela ho ba teng e le hore mokuli a sireletsehe. Ho feta moo, maemo ao li ileng tsa sebetsana le ’ona a bontšitse hore ho na le litsela tse ling tse ngata tsa ho sebetsana le bothata boo tse fumanehang hona joale, e leng ho fokotsang litšenyehelo le ho tlosang kotsi ea litšelo tsa mali. Ho hlōla ha tsona ka makhotleng le hona ho buselelitse bakuli tokelo ea bona ea ho amohela kapa ho hana litšebetso tse itseng tsa phekolo ea meriana.
Lipaki tsa Jehova li finyelletse karolo e khōlō ea sena ka ho sebelisana ’moho le lingaka le lipetlele. Lilemong tsa morao tjena li thehile lefapha le leng ntlo-khōlō ea tsona ea lefatše le bitsoang Litšebeletso tsa Boitsebiso ka Lipetlele (Hospital Information Services [HIS]). Baemeli ba lefapha lena ba ’nile ba etela linaha likarolong tse ngata tsa lefatše, ba tšoara liboka liofising tse ling tsa makala a Mokhatlo oa Watch Tower ’me ba theha Likomiti tse Kopanyang Bakuli le Lipetlele tse iteanyang le lipetlele le lingaka ha tlhokahalo e hlaha. Ha ba ntse ba etetse liofisi tse kholoanyane tsa makala, baemeli ba HIS ba boetse ba theha lefapha la Litšebeletso tsa Boitsebiso ka Lipetlele le tla ntšetsa mosebetsi oo pele ha ba se ba tsamaile.
Liboka tseo li koetlisetsa likomiti tsena ho buisana le lingaka le basebetsi ba sepetlele, ho tšohla mekhoa e meng ea phekolo e loketseng ka ntle ho tšelo ea mali, le ho hlalosa mekhoa e seli ea ho buoa e ka fokotsang tahlehelo ea mali haholo. Qetellong, litho tsa HIS tse etileng li fana ka koetliso ea sebele ea mosebetsi ho likomiti tse ncha tse kopanyang bakuli le lipetlele ka ho tsamaea le tsona ho ea buisana le lingaka le batsamaisi ba lipetlele.
Qalong, ho ile ha tšoaroa liboka tse 18 United States. Ka mor’a moo, ho ile ha tšoaroa liboka tse ’nè tikolohong ea Pacific, seboka ka seng sa tšoareloa Australia, Japane, Philippines, le Hawaii, ’me li ile tsa sebeletsa makala a robeli a Mokhatlo oa Watch Tower a libakeng tseo.b Ka November le ka December 1990, litho tse tharo tsa HIS li ile tsa tšoara liboka tse ling tse leshome Europe, Latin America, le Caribbean. Boitsebiso bo latelang ke tlaleho ea liphello tsa liboka tseo.
Liboka tse hlano li ile tsa tšoareloa Europe—seboka ka seng sa tšoareloa Engelane, Sweden, Fora, Jeremane, le Spain. Liboka tsena tse hlano li ile tsa sebeletsa makala a 20 a Mokhatlo oa Watch Tower ’me tsa koetlisa baholo ba fetang 1 700 bakeng sa mosebetsi oa Likomiti tse Kopanyang Bakuli le Lipetlele.
Ngaka e ’ngoe ea Lefora e buoang batho e ile ea lumela hore Lipaki tsa Jehova, ka boemo ba tsona bo tiileng tabeng ea mali, li thusitse mosebetsi oa phekolo ea meriana ho etsa tsoelo-pele lefapheng la ho etsa tšebetso ea ho buoa ka ntle ho mali. O ile a re ha ho bolumeli bo bong bo entseng boiteko bo bokaalo bakeng sa ho thusa batho ba bona ho sebetsana le litseko tse thata.
Sepetlele se tsoetseng pele ka ho fetisisa sa Madrid, Spain, se ne se hlile se hana ho sebelisana le Lipaki tsekong ena. Paki e ’ngoe e neng e hloka tšebetso ea ho buuoa mokokotlo e ile ea haneloa ho fumana phekolo kahobane e ne e hana tšelo ea mali. Ha e hana ho tloha sepetlele, ba ile ba e qobella ho tsamaea ka ho hana ho e fa lijo le lino. Leha ho le joalo, litho tsa HIS li ile tsa etsa taetsano ea ho kopana le motsamaisi oa phekolo ea meriana le mookameli oa lefapha la litšebetso tsa ho buoa ’me tsa ba le seboka sa lihora tse peli le bona. Phello e ile ea ba efe? Ba ile ba lumela ho etsa tšebetso eo ea ho buoa ’me ba letsetsa Paki e lelekiloeng ba re e khutle e tl’o buuoa.
Lipaki tsa Italy li ile tsa khutla sebokeng seo ’me hang-hang tsa thulana le boiteko ba ho qobella lesea le hlahileng pele ho nako ho amohela tšelo ea mali. Kamoo li hlalositseng ka teng: “Ka boitsebiso boo re ileng ra bo fumana sebokeng seo, re ile ra khona ho lokisa boemo boo, ’me ngoana eo o ile a phekoloa ka katleho ka ntle ho mali.”
Ho Fetela Latin America le Caribbean
Liboka tse hlano tse latelang li ile tsa tšoareloa Mexico, Argentina, Brazil, Ecuador le Puerto Rico. Liboka tsena tse hlano li ile tsa sebeletsa makala a 32 a Mokhatlo oa Watch Tower.
Motsamaisi oa banka ea mali ea Motse oa Mexico o ile a re Lipaki tsa Jehova li betlile khoro ea ho etsa tšebetso ea ho buoa ka ntle ho mali le hore joale ho se ho e-na le botsebi bo lekaneng lefapheng leo hoo ba bang ba ka ruang molemo boitekong boo ba ho betla khoro. O ile a talima leqephe la HIS le thathamisitseng mekhoa e meng ea tšebetso ea ho phekola mafu a ho lutla mali ’meleng.c Eaba o re: ‘Ke batla ho etsa likopi tsa leqephe lena bakeng sa mafapha a likoranta a sepetlele se seng le se seng Motseng oa Mexico. Ke tla kōpa lingaka hore li ikopiletse lona hore li be le boitsebiso boo. Joale, nakong e tlang, ha li letsetsa banka ena ea mali li batla mali, pele re tla kōpa hore li ntše leqephe lena, ebe rea li botsa, “Na le ile la sebelisa see? Na le ile la leka sela?” Haeba li sa ka tsa leka mekhoa ena e meng ea tšebetso pele, re ke ke ra li fa mali pele li e leka!’
Motsamaisi oa banka ea mali Argentina e ka leboea le eena o ile a fana ka thuso e khōlō. Sebakeng seo, ho na le leano le tlamang la hore motho e mong le e mong ea tlang sepetleleng se tsamaisoang ke ’Muso o tlameha ho lokisetsa hore beng ka eena kapa metsoalle ba fane ka mali a etsang bonyane litekanyo tse peli esale pele kapa a ke ke a fuoa phekolo. Ka hona, Lipaki li ne li ke ke tsa ipapisa le seo ’me li ’nile tsa haneloa ho fumana litšebetso tsa ho buuoa. Ka mor’a hore re hlalose litumelo tsa rōna tse tiileng mabapi le ho sebelisa mali, motsamaisi o ile a lokisetsa ho fetola leano lena nakong e tlang ha le ngoloa bocha. Khabareng, Lipaki tse hlahisang karete ea tsona ea Advance Medical Directive ha li amoheloa sepetlele li tla lokolloa tlhokahalong ea ho fana ka mali.
Ecuador ho na le ngaka e buoang batho e tsebahalang le e nang le tšusumetso e khōlō e seng e entse litšebetso tsa ho buoa tse fetang 2 500 ho Lipaki le ho batho bao e seng Lipaki ka ntle le ho sebelisa mali. E boletse hore e rerile ho qala phutuho ea ho khothalletsa tšebetso ea ho buoa ka ntle ho mali naheng eo ka baka la likotsi tse ngata tse tlang ho mokuli tse hlahang maling a fuoang bakuli.
Ka mor’a seboka seo sa Ecuador, ngaka e ’ngoe e buoang batho e neng e le teng nehelanong eo e ile ea re: “Haeba batho bana ba khona ho ba le matla a makana a monahano patlisisong ea phekolo ea meriana, hoo bo bolela ho hong ka thuto ea bona ea Bibele ’me ho etsa hore ke ikutloe hore bolumeli ba bona bo lokela ho hlahlojoa.”
Ho ile ha fumanoa boemo bo fetohileng bo thabisang Puerto Rico. Nakong e fetileng, ka linako tse ling batho ba baholo ba Lipaki ba ne ba tlangoa ka marapo e be ba qobelloa ho amohela mali; ba bang ba bona ba ile ba shoa hamorao. Baemeli ba HIS ba ile ba ikopanya le motlatsi oa mopresidente hammoho le ’muelli oa molao oa Mokhatlo oa Lipetlele oa Puerto Rico; ’muelli eo oa molao e ne e bile e le motsamaisi oa sepetlele. Hang-hang ka mor’a hore ba tsebane hantle le pele nehelano ea HIS e qaleha, ’muelli eo oa molao o ile a re o na le hoo a ratang ho ho bolela. Lipaki li ile tsa makala ha a qala ho hlalosa morero oa ho ntlafatsa litokelo tsa bakuli lipetleleng tse sehleke-hlekeng seo, ’me tlhaloso eo e ne e akarelletsa lintlha tse khōlō tsa nehelano eo! O ile a boela a kōpa tumello ea ho kopitsa bo bong ba boitsebiso boo a bo fuoeng; o ne a batla ho bo akarelletsa sehloohong se neng se ntse se hlophisoa bakeng sa makasine oa mokhatlo oa lipetlele.
Ho Fumanoa Liphello United States
Ngaka e ’ngoe—James J. Riley, eo e leng molula-setulo oa lefapha la tšebetso ea ho buoa sepetleleng sa hae—e ile ea bolella komiti ea sebaka seo e kopanyang bakuli le lipetlele taba e ’ngoe e sa tloaelehang: “Kamoo ke hlokomelang ka teng, ke lōna ba etelletseng pele boitsebisong ba phekolo ea meriana le ba molao bo amanang le tšebeliso ea mali.”
Sepetleleng se seng se seholo se tikolohong ea Washington, D.C., Komiti e Kopanyang Bakuli le Lipetlele e ile ea ikopanya le sehlopha sa batsamaisi le basebetsi ba phekolo ea meriana ba ileng ba itlama hore ba tla e tšehetsa ’me ka ho khethehileng ba hlalosa kananelo ea bona bakeng sa “boinehelo ba Watchtower ba ho thusa batho ba eona ka tokisetso e fanang ka tšehetso e kang ena ha thuso eo e hlokahala.”
Mookameli oa lefapha la tlhokomelo ea bakuli sepetleleng se seng sa Wisconsin o ile a bolela kamoo a neng a bolelletsoe boitsebiso bo fosahetseng ka teng ka Lipaki tsa Jehova. O ile a khothalletsa Komiti e Kopanyang Bakuli le Lipetlele hore “e tsoele pele ho fetisetsa molaetsa ’ona ho bohle ba fanang ka phekolo ea meriana.”
Karolo e ’ngoe ea mosebetsi oa HIS ke ho rōmela litaba tsohle tsa phekolo ea meriana le tsa molao ho lingaka tse khethiloeng, lipetlele, le mekhatlo ea lipetlele le ea phekolo ea meriana. Karabelo e tsoang ho motsamaisi ea hlokomelang hore sepetlele le basebetsi ba sona ba se be molato oa tlōlo ea molao sepetleleng se seng Baltimore, Maryland, e ile ea re: “Kea leboha ka boitsebiso bo pharalletseng boo le ileng la ntlhokomelisa bona mabapi le litšelo tsa mali le Lipaki tsa Jehova. Boitsebiso bona bo tla ba le molemo o moholo ka ho fetisisa ho thuseng sepetlele sa rōna ho rala bocha maano a rōna mabapi le ho phekola Lipaki tsa Jehova.”
United States feela, lingaka tse ka bang 10 000 li kentsoe lethathamong la lingaka tse ikemiselitseng ho buoa Lipaki tsa Jehova ka ntle ho mali.
Ho tla fihlela mona, ka liboka tse 32 tse seng li tšoeroe ho tla fihlela joale, ho se ho hlonngoe likomiti tse kopanyang bakuli le lipetlele liofising tsa makala tse 62 bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa Lipaki tsa Jehova likarolong tse fapa-fapaneng tsa lefatše. Joale likomiti tsena li itokiselitse ho hlokomela Lipaki tsa Jehova tse limillione. Liphello li bontša hore ka sebele Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba HIS.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lintlha tse qaqileng, bona Tsoha! ea November 8, 1990, maqephe 2-15.
b Bakeng sa tlaleho ea linaha tsena, bona Tsoha! ea December 8, 1990, sehloohong se reng “Ho Koala Lekhalo Pakeng tsa Lingaka le Bakuli ba Lipaki.”
c Leqephe lena le hlahisitsoe ho leqephe 28 la makasine ona.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Ho Thibela le ho Laola ho Lutla ha Mali ka Ntle ho Tšelo ea Mali
1. Thepa e Sebelisoang ho Buoa:
a. Tšepe ea motlakase e chesang linama ho thibela mali ho tsoa
b. Ho buoa ka mahlaseli a laser
c. Mochine o sebelisang moea oa argon le motlakase ho etsa hore mali a etse mahloele
d. Mochine o lebisang mahlaseli a gamma likarolong tse itseng tsa boko
2. Mekhoa ea Botsebi le Mechine e Sebelisoang ho Fumana le ho Thibela ho Lutla ha Mali ’Meleng:
a. Endoscopy e sebelisoang ho fumana moo mali a lutlang ’meleng
b. Electrode e kobehang habonolo e monyang mali le e etsang hore a ipōpe (Papp, J. P., JAMA, November 1, 1976, maqephe 2076-9)
c. Ho thibela mali ho feta methapong (JAMA, November 18, 1974, maqephe 952-3)
d. Ho fokotsa phallo ea mali ka mokhoa o laolehileng (ho fihlela ho tsoa ha mali ho emisoa)
e. Lintho tse kopanyang linama (Dr. S. E. Silvas, MWN, September 5, 1977)
3. Mekhoa ea Botsebi ea ho Buoa le ho Robatsa Mokuli:
a. Hypotensive anesthesia (ho fokotsa phallo ea mali)
b. Hypothermia (ho fokotsa mocheso ’meleng)
c. Ho hlapolla mali nakong ea tšebetso ea ho buoa
d. Mechine e sebelisang mali a tsoileng ’meleng nakong ea tšebetso ea ho buoa, e kang “cell-saver”
e. Ho thibela mali ho tsoa methapong ka mokhoa o seli le botsebi ba ho buoa
f. Ho eketsa litho tsa sehlopha se buoang bakeng sa ho fokotsa nako ea ho buoa
4. Mechine e Sebelisoang ho Laola Boemo:
a. Mochine o phunyeletsang letlalo o laolang bongata ba oxygen
b. Mochine o lekanyang bongata ba oxygen maling
5. Metsoako e Eketsang Mokeli-keli oa Mali:
a. Li-crystalloid
(1) Motsoako oa Ringer o nang le lactate (Eichner, E.R., Surgery Annual, January 1982, maqephe 85-99)
(2) Saline e tloaelehileng
b. Li-colloid
(1) Dextran
(2) Gelatin (Howell, P. J., Anaesthesia, January 1987, maqephe 44-8)
(3) Hetastarch
6. Lik’hemik’hale tse Thibelang Mali ho Lutla:
a. Avitene
b. Gelfoam
c. Oxycel
d. Surgicel
e. Tse ling tse ngata
7. Lintho tse Phekolang Hemoglobin e Tlaase:
a. Oxygen
b. Mochine o ntšang oxygen e ngata haholo (Hart, G. B., JAMA, May 20, 1974, maqephe 1028-9)
c. Dextran e nang le tšepe (Dudrick, S. J., Archives of Surgery, June 1985, maqephe 721-7)
d. Folic acid
e. Erythropoietin—e susumelletsa moko ho hlahisa mali
f. Li-anabolic steroid, tse kang Decadurabolin kapa hormone ea maiketsetso e susumetsang khōlo
g. Ho entoa ka Vitamin B-12 linameng
h. Vitamin C
i. Vitamin E (haholo-holo ho lesea le sa tsoa tsoaloa)
8. Mehato e Sebetsang ka Ntle ho ’Mele:
a. Bakeng sa ho tsoa mali:
(1) Ho tlama setho se amehang sa ’mele ho thibela mali ho tsoa
(2) Lipakete tsa leqhoa
(3) Ho beha ’mele boemong bo loketseng (bo kang ho phahamisa setho se tsoileng kotsi ho fokotsa ho tsoa ha mali)
b. Bakeng sa shock:
(1) Ho sebelisa mabanta a tletseng moea ho laola ho phalla ha mali maotong
(2) Borikhoe bo tletseng moea bo thibelang shock
(3) Ho phahamisa maoto a mabeli ho boloka mali a ntse a phalla ka matla a loketseng
9. Lithethefatsi Bakeng sa Bakuli ba Nang le Mathata a Mali:
a. DDAVP, desmopressin (Kobrinsky, N. L., Lancet, May 26, 1984, maqephe 1145-8)
b. E-aminocaproic acid (Schwartz, S. I., Contemporary Surgery, May 1977, maqephe 37-40)
c. Vitamin K
d. Li-bioflavonoid (Physician’s Desk Reference)
e. Carbazochrome salicylate
f. Tranexamic acid (Transfusion Medicine Topic Update, May 1989)
g. Danazol
10. Lintlha tse Ling:
a. Ho theoha ho itekanetseng ha phallo ea mali ho ea ho hoo e ka bang 90-100 millimeters ea mercury ho ka ’na ha thusa ho emisa ho tsoa ha mali ka ho etsa hore mali a ipōpe ka tsela ea tlhaho mothapong o phunyehileng
b. Molao oa hore hemoglobin e lokela hore bonyane e be 10grams pele ho tšebetso ea ho buoa ha o na tšehetso e utloahalang ea saense
c. Bakuli ba il’o buuoa ba ’nile ba phela ka hemoglobin e tlaase hoo e fihlang tekanyong ea 1,8 (Anaesthesia, 1987, Buka 42, maqephe 44-8)
d. Hemoglobin e tlaase e etsa hore mali e se ke ea ba a khomarelang, e leng ho fokotsang mosebetsi o boima oa pelo le ho ntlafatsang ho amohela ha mali metsoako e litšila e tsoang linameng le ho fana ka moea o hloekileng