Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 12/8 maq. 29-31
  • Ho Koala Lekhalo Pakeng tsa Lingaka le Bakuli ba Lipaki

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Koala Lekhalo Pakeng tsa Lingaka le Bakuli ba Lipaki
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likomiti tse Kopanyang Lipaki le Lipetlele
  • Mecha ea Tšebelisano-’moho
  • Komiti e Ncha e Phethahatsa Morero oa Eona
  • Ho Betla Khoro ea ho Buoa ka Ntle ho Mali ka Lipaki tsa Jehova
    Tsoha!—1991
  • Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Thusoa ho Boloka Mali a Halalela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Puisano ea Ngaka le Mokuli—Senotlolo sa Katleho
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 12/8 maq. 29-31

Ho Koala Lekhalo Pakeng tsa Lingaka le Bakuli ba Lipaki

LEFATŠENG ka kakaretso lingaka li tseba ntho e le ’ngoe feela ka Lipaki tsa Jehova: Li hana litšelo tsa mali. Leha ho le joalo, lingaka tse ngata li tseba ho fokolang feela ka Lipaki. Kahoo ha li batla ho tšela mokuli eo e leng Paki mali, li makatsoa ke ho hana ha hae ’me li bona seo e le ho hloka kelello ka ho felletseng. Ka hona, lekhalo le utloisang bohloko le ka arohanya ngaka le mokuli.

Ke lingaka tse ’maloa feela tse hlokomelang hore Lipaki tsa Jehova ha li khahlanong le phekolo ea meriana le hore boemo ba tsona tabeng ea mali ke bo ke keng ba fetoloa le bo theiloeng ka tieo molaong oa Mangolo. Ho sa le joalo, molemo oa boemo bona ba Mangolo butle-butle o ile oa hlakisoa ke liphuputso tse ncha tsa saense ka likotsi tsa ho tšeloa mali a motho e mong le mekhoa e meng ea phekolo e molemo ho feta litšelo tsa mali. Empa ke joang Lipaki tsa Jehova li ka fetisetsang boitsebiso bona ho lingaka?

Likomiti tse Kopanyang Lipaki le Lipetlele

Ho finyella seo, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ile sa laela hore ho theoe likomiti tse kopanyang lipaki le lipetlele metseng e meholo e nang le litsi tse khōlō tsa bongaka. Likomiti tse 100, tse nang le litho tsa basebeletsi ba bahlano komiting ka ’ngoe li se li ntse li koala lekhalo pakeng tsa lingaka le Lipaki United States. Tokisetso ena e ile ea atolosetsoa linaheng tse ling mathoasong a selemo sena. Ho tloha ka la 19 February ho fihlela ka la 27 March, litho tse tharo tsa Lefapha la Boitsebiso ba Tšebeletso ea Lipetlele Brooklyn li ile tsa etela liofisi tsa makala a robeli tsa Lipaki tsa Jehova Pacific.

Ketelo ea tsona e ne e na le merero e meraro: ho tšoara liseminari bakeng sa ho koetlisa basebeletsi ba khethiloeng esale pele ba Lipaki bakeng sa mosebetsi oa komiti e kopanyang bakuli le lipetlele, ho koetlisetsa basebeletsi ba lekala ho tsamaisa Lefapha la Boitsebiso ba Tšebeletso ea Lipetlele lekaleng ka leng, le ho etela lipetlele hammoho le lingaka ho li khothalletsa ho tsoela pele ho sebelisa lipheko tse atolositsoeng ho Lipaki tsa Jehova ka ntle le ho sebelisa mali. Ho ile ha tšoaroa liseminari tse ’nè: e ’ngoe Sydney bakeng sa Australia le New Zealand; e ’ngoe Manila bakeng sa Philippines, Hong Kong, le Taiwan; e ’ngoe Ebina City bakeng sa Japane le Korea; ’me ea ho qetela Honolulu bakeng sa Hawaii.

Lenaneo le ile la sebelisa li-slide le video ho hlalosa mosebetsi oa mali le likarolo tsa ’ona le lenane le ntseng le eketseha la lipheko tse ling tse ka sebelisoang ho e-na le ho tšeloa mali a motho e mong. Ho ile ha buisanoa ka litsela tsa ho thusa Lipaki tsa Jehova ha li tobane le mathata a amanang le mali. Seminari eo e ile ea boela ea hatisa bohlokoa ba ho sebelisana le lingaka le lipetlele, ’me ho etsa joalo ho li nolofallelitse ho hlompha boemo ba Lipaki. Se seng sa litho tsa komiti ea Japane se ile sa re: “Ka sebele lenaneo lena le re hlomelletse hantle bakeng sa ho qala mosebetsi ona oa ho hlaolela kutloisiso.” Lipaki tse fetang 350 tse tsoang mefuteng eohle ea bophelo li ile tsa koetlisoa liseminaring tsena tse ’nè.

Pele ho eteloa lipetlele, liofisi tsa makala li ile tsa etsa tokisetso ea ho kopana le lingaka tse buoang tse tsebahalang le baokameli ba baholo ba lipetlele tse khōlō ho buisana ka lipheko tseo e seng tsa mali tse ka sebelisoang ho Lipaki tsa Jehova. Lihlopha tse tharo lekaleng ka leng li ile tsa abeloa ho nka maeto ana, se seng le se seng se ne se etelletsoe pele ke e mong oa baemeli ba bararo ba tsoang Brooklyn. Hase feela hore li ile tsa fana ka koetliso ea hona hoo ho ba abetsoeng ho ba litho tsa komiti ea sepetlele empa li ile tsa boela tsa etsa hore ba phutholohe ha ba buisana le lingaka le litsebi tsa bophelo bo botle. Maeto a joalo a fetang 55 a li ile a nkoa nakong ena ea libeke tse tšeletseng.

Mecha ea Tšebelisano-’moho

Liphello e bile tse khotsofatsang. Australia teng sehlopha se etileng se ile sa kopana le motlatsi oa letona la bophelo bo botle motseng oa New South Wales. Ba ile ba buisana le eena ka ho buoa batho ka ntle ho mali litsing tse ngata tsa bophelo bo botle, ba etsa tlhahiso ea hore Australia e ne e ka ba setsi se joalo bakeng sa Lipaki tsa Jehova Pacific Boroa. O ile a bona ho se lebaka leo ka lona lihlopha tsa lingaka li ke keng tsa hlophisoa hore li buoe ka tsela eo. Maeto a 22 a li a etsoa Australia. Mookameli e mong oa sepetlele o ile a re: “Le tseba haholo ka taba ea mali le mekhoa e meng ea phekolo ho feta kamoo re tsebang ka teng.” Motsamaisi e moholo oa sehlopha sa lipetlele tse supileng o ile a tiisa hore o il’o khetha ngaka ea moprofesa oa ho buoa hore e hlomamise sehlopha sa lingaka tse buoang ho se seng sa lipetlele tsa bona hore se buoe Lipaki tsa Jehova ka ntle ho mali.

Setsing sa ho buuoa pelo sa Manila—seo batho ba nahanang e le sona se molemo ka ho fetisisa Bochabela—mookameli oa bongaka o ile a bontša hore Lipaki tsa Jehova tse ka bang 100 tse neng li emetse ho buuoa pelo li ile tsa behoa tlaase lenaneng hobane li ne li ke ke tsa tšeloa mali. O ile a re o tla thibela mokhoa oo. Mookameli oa bongaka oa sepetlele se tummeng ka ho fetisisa sa Philippines sa St. Luke’s, o ile a bontšoa seo libuka tsa bongaka li se buang ka ho buoa ka ntle ho mali, ’me o ile a lumela hore ho sireletsehile haholoanyane, ’me a re: “Ena ke ntho ea bohlokoa,” a ba a lumela hore, “Ke ka mokhoa ona feela re ka qobang AIDS le lefu la sebete.” O ile a bontša hore o ikemiselitse ho fa Lipaki monyetla oa ho fumana phekolo ka ntle ho mali lefapheng la hae; hape ke eena mopresidente oa banka ea mali ea sepetlele seo.

Japane seminaring ea matsatsi a mararo, Korea e ne e emetsoe ke baemeli ba 44 ba Lipaki tsa Jehova bao ba bahlano ho bona e leng lingaka. Basebeletsi ba Lipaki tsa Jehova ba 255 ba tsoang Japane ba ne ba kopanyelletsa lingaka tse 41, tseo har’a tsona ho neng ho na le lingaka tse buoang boko le methapo le lingaka tse robatsang motho pele a buuoa, le babuelli ba molao ba babeli. Likomiti tse 20 li ile tsa theoa Japane, ’me tse supileng li ile tsa theoa Korea.

Ka mor’a seminari ena, barupeli ba ile ba tsamaea le litho tsa komiti ea sepetlele ea sebaka seo ho etela lingaka le lipetlele tsa Tokyo ho khothalletsa kamano e nang le tšebelisano. Mosebeletsi e mong oa Japane oa tlaleha, “Re ile ra etela motlatsi oa moprofesa oa thuto ea ho ima le ho hlaha ha bana sepetleleng sa univesithi. O ne a ile a belehisa bonyane basali ba leshome bao e leng Lipaki tsa Jehova. E mong oa bona o ne a tsoile mali a li-cubic centimeter tse 2 800, ’me tekanyetso ea hae ea hemoglobin e ne e theohetse ho ligramo tse 3,5 desilithareng. (Kakaretso ea sena ho basali ke ligramo tse 14 desilithareng.) Empa ngaka ena e ile ea khona ho mo pepisa e sa mo tšela mali. Le hoja e le Mobuddha, tloaelo ea hae ke ho hlompha litumelo tsa bakuli ba hae. O ile a lumela ho tsoela pele ho amohela bakuli bao e leng Lipaki tsa Jehova.”

Motsamaisi oa sepetlele Yokohama o ile a lumela hore sepetlele sa hae se thathamisoe har’a lipetlele tse ikemiselitseng ho sebelisana le bakuli ba Lipaki ’me a re ba ka thabela ho amohela bakuli ba Lipaki ba hannoeng lipetleleng tse ling. Ngaka e ’ngoe e itse, “Ho phekola Lipaki tsa Jehova ka ntle ho mali ke phephetso ea sebele, empa ke ananela Lipaki hobane li mphile menyetla ea ho ntlafatsa tsebo ea ka joaloka ngaka.” Ke Yokohama hape moo ngaka e ’ngoe ea mafu a basali e ileng ea re: “Ke ne nka loanela litokelo tsa bakuli lekhotleng la molao haeba ke ne ke qosetsoa ho hlompha thato ea mokuli ka ho se mo tšele mali.”

Likomiti tse ileng tsa theoa Korea li tlaleha katleho ea tsona e ntle. Ka la 26 May ho ile ha eteloa Sepetlele sa Univesithi ea Yonsei. Se tsebahala hohle Korea ’me se na le makala a mararo. Litho tsohle tse tsoang makaleng ana ’ohle li bile teng moo ’me lenane la ba bileng teng ebile 62. Moprofesa oa thuto ea ho robatsa motho ka lithethefatsi pele a buuoa o ile a bua ka “Tsamaiso ea Tšebetso ea ho Robatsa Motho Pele a Buuoa ho Bakuli ba Lipaki tsa Jehova.” Boitsebiso boo a faneng ka bona bo tla ngoloa makasineng oa Korea oa bongaka. Kaha ke se seng sa lipetlele tse khethehileng tsa Korea, sena se lokela ho ba le tšusumetso e ntle ho lipetlele le ho lingaka tse ling. Ha ho na potso e ileng ea botsoa e sa kang ea arabeloa ka botlalo seminaring ea Japane.

Likomiti tse hlano tse kopanyang lipetlele le bakuli ba lipaki li ile tsa theoa bakeng sa Hawaii, ’me kaofela ha tsona li ile tsa ea seminaring ea Honolulu. Ba bangata ho likomiti tsena ba ile ba etela sepetlele. Setsing sa Tlhokomelo ea Bophelo bo Botle sa Hawaii, motsamaisi o ile a re o tla ngola sehlooho se buang ka rōna koranteng ea setsi seo ka morero oa ho se romela lipetleleng tsohle tsa Hawaii.

Setsing se seholo ka ho fetisisa sa bophelo bo botle sa Queen’s se Honolulu, komiti e ile ea hlokomelisa ka phoso e foromong e amohelang bakuli setsing seo e emelang Lipaki tsa Jehova hampe. E fana ka maikutlo a hore Lipaki li ka mpa tsa shoa ho e-na le ho amohela litšelo tsa mali tse “pholosang bophelo.” Ho ile ha hlakisoa hore ho hang bona hase boemo ba rōna, le hore re tlile sepetlele ho sireletsa bophelo ba rōna. Mantsoe a bona a etsa hore ho bonahale eka mali a lokile kahohle-hohle le hore mali a ke ke a bolaea. Mantsoe a bona a hlōlehile ho amohela boikarabelo ba hore litšelo tsa mali li ka ’na tsa bolaea, kahoo ha ba nehe mokuli khetho e nang le boitsebiso ba hore na o ipeha tsietsing ea likotsi life. ’Muelli oa molao oa sepetlele o ile a re: “Ak’u re ke e bone!” Ha a ntse a e bala, o ile a re: “Ha kea ka ka ngola sena!” Ha ’muelli oa molao le motsamaisi ba tsamaea, motsamaisi o ile a re ho ’muelli oa molao: ‘Ke nahana hore re lokela ho hlahloba tokomane ena re le hammoho.’

Komiti e Ncha e Phethahatsa Morero oa Eona

Matsatsi a seng makae ka mor’a koetliso Hawaii, Paki e ile ea potlakisetsoa sepetlele ka baka la khaello ea mali, tekanyo ea mali a eona e ne e le tlaase ka mokhoa o kotsi. Ho ne ho sa fumanehe hore na mali a tsoa hokae; e ne e lokela ho buuoa e le hore lipatlisiso li ka etsoa. Ngaka eo e ne e ke ke ea mo buoa ka ntle ho mali. E ile ea isoa sepetleleng se seng moo ngaka e ’ngoe le eona e ileng ea hana ho e buoa. Komiti e theiloeng bocha e kopanyang bakuli ba lipaki le lipetlele e ile ea itlhahisa ho mookameli oa sepetlele le ngaka e neng e sebetsa mokuli ho buisana le bona ’me ea ba hlalosetsa hore ha e le hantle, ba lahla mokuli. Ngaka ea ’na ea hana ho mo buoa ’me e ile ea tlosoa tabeng ena. Ho ile ha tlisoa lingaka tse ling tse peli. Li ile tsa buoa mokuli, tsa fumana moo mali a tsoang le teng, ’me tsa lokisa bothata boo. Khaitseli oa rōna o ile a pholoha. Ka ntle le ho kenella ha komiti e kopanyang bakuli ba lipaki le lipetlele, mohlomong a ka be a ile a shoa, ’me mehloli ea litaba e ka be e ile ea hlalosa taba ena e le ea Paki e ’ngoe e ‘shoang ke ho se fumane mali a hlokahalang.’ Ha e le hantle, maemong a joalo Lipaki li ile tsa shoa ke ho se fumane ho buuoa ho hlokahalang kaha ho buuoa ho loketseng ho ka be ho ile ha li pholosa.

Joale likomiti tse kopanyang bakuli ba lipaki le lipetlele li sebeletsa ho koala lekhalo pakeng tsa lingaka le Lipaki tsa Jehova lichabeng tsohle ka lipuisano tse nang le morero le ka kutloano. Ho bile le liphello tse thabisang. Lingaka tse eketsehileng li lemoha hore tšebetso e molemo ea bongaka le ho buoa batho ka tsebo li ka amohela litumelo tsa Lipaki tsa Jehova. United States lingaka tse fetang 6 500 li ikemiselitse ho etsa sena.

Ka lehlakoreng la tsona, Lipaki li lokela ho tsoela pele li etsa boiteko ba ho sebelisana le lingaka le ho ba bakuli ba utloisisang. Ka tsela eo, lingaka tse ling li hlompha Lipaki ka ho khomarela melao-motheo e phahameng. Ho joalokaha motlatsi oa moprofesa oa thuto ea litho tsa ’mele tse sebetsanang le ho ntša metsi ’meleng kolecheng ea bongaka e Tokyo a ile a re: “Ke hlompha bakuli bao e leng Lipaki tsa Jehova. Ba na le litekanyetso tseo ho seng motho e mong ea nang le tsona lefatšeng.”

Morero ’ohle oa liseminari tsena le maeto ana ebile ho hōlisa tšebelisano e hlomphehang haholoanyane le hore ho qojoe likhohlano. Bohle ba amehang boitekong bona ba ile ba ikutloa hore pakane ena e finyelletsoe ka katleho e khotsofatsang. Re tšepa hore Jehova o tla tsoela pele ho hlohonolofatsa boikitlaetso bona le ho tšehetsa ba utloang taelo ea Jehova ea ho tela mali, joalokaha Lentsoe la hae le ba laela ho etsa joalo.

[Lebokose le leqepheng la 31]

Genese 9:3, 4 (NW):

“Liphoofolo tsohle tse tsamaeang tse phelang e ka ba lijo tsa lōna. Ke le nehile tsona tsohle, joalokaha ke le nehile lijo tse tala. Ke feela nama e nang le sephefumolohi sa eona—mali a eona—eo le sa tlamehang ho e ja.”

Levitike 17:10-12 (NW):

“Ekare ha motho leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele kapa molichaba ea ikahetseng har’a lōna a ja mali a mofuta leha e le ofe, ke tla tjamela sephefumolohi se jang mali, ’me ke tla hle ke se khaole har’a sechaba sa habo sona. Hobane sephefumolohi sa nama se maling, ’me ’na ka bonna ke se behile aletareng ho etsetsa liphefumolohi tsa lōna pheko, hobane ke mali a etsang pheko ka baka la sephefumolohi se ho ’ona. Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: ‘Ho se be sephefumolohi har’a lōna se jang mali le eena molichaba ea ikahetseng har’a lōna a se ke a ja mali.’”

Liketso 15:28, 29:

“Ho hopotsoe ke Moea o Halalelang le ke rōna, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka khotso!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela