Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Thusoa ho Boloka Mali a Halalela
LEFATŠENG lohle bahlanka ba Jehova ba tšepahetse ho Molimo litabeng tsa khalalelo ea mali. (Liketso 15:28, 29) Mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho o thusitsoe ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. (Matheu 24:45-47) A re boneng se etsahetseng Philippines.
Lekala la Philippines le re: “Ka 1990 re ile ra tsebisoa hore baemeli ba tsoang Bethele ea Brooklyn ba tla tšoara seboka mona Philippines. Ho ile ha mengoa barab’abo rōna ba makala a mangata a Asia, ho akarelletsa Korea, Taiwan le Hong Kong. Morero e ne e le ho theha Lefapha la Boitsebiso ba Litšebeletso Tsa Lipetlele makaleng le ho lokisetsa hore ho be le Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele. Philippines ho ile ha qaloa ka hore ho thehoe likomiti metseng e meholo e mene.” Likomiti tsena li ne li tla leka ho fumana lingaka tse ikemiselitseng ho sebelisana le rōna tabeng ea tumelo ea rōna ea Bokreste ea ho se amohele mali. Hape li ne li tla thusa barab’abo rōna ha ho hlaha mathata tabeng ea mali.
Remegio o ile a khethoa hore a sebetse Komiting ea Bohokahanyi le Lipetlele Baguio. Ka mor’a nako, lingaka li ile tsa qala ho hlokomela mosebetsi oa komiti ena. Remegio o hopola ketsahalo e ’ngoe eo ho eona lingaka tse ngata li neng li kopane le Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele li batla ho tseba hore na li phekole Lipaki tse hanang mali joang. Remegio o re: “Lingaka li ile tsa qala ho botsa lipotso, empa ke ile ka ema hlooho hobane li ne li botsa lipotso tse thata.” O ile a rapela Jehova hore a mo thuse ho sebetsa bothata bona. Remegio o tsoela pele o re: “Ka mor’a potso e ’ngoe le e ’ngoe, lingaka tse ling li ile tsa phahamisa matsoho ’me tsa bolela hore na li rarolotse bothata boo joang.” Remegio o ile a thabela thuso ena haholo kaha ho ile ha botsoa lipotso ka lihora tse peli.
Hona joale ho na le likomiti tse 21 naheng eo, ’me barab’abo rōna ba 77 ke litho tsa tsona. Danilo, eo e leng Paki ebile e le ngaka o re: “Lingaka lia hlokomela hore bakuli ba Lipaki ba tšehelitsoe ke mokhatlo o ba hlokomelang ka lerato.” Ngaka e ’ngoe qalong e ne e le leqe ho buoa mor’abo rōna e mong e sa mo tšele mali. Empa mor’abo rōna o ile a ema a tiile hore a ke ke a tšeloa mali. Leha ho le joalo, o ile a buuoa ka katleho. Lefapha la Boitsebiso ba Litšebeletso Tsa Lipetlele le re: “Ngaka e ile ea hlolloa ke tsela eo mor’abo rōna a ileng a fola kapele ka eona. E ile ea re: ‘Ka lebaka la se etsahetseng, haeba ho hlokahala hore e mong oa lōna a buuoe ntle ho mali ka lebaka la boloetse bona, ke tla thabela ho mo buoa.’”