Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 1/8 maq. 7-11
  • Tlhokahalo e Hōlang ea ho Phekola le ho Buoa Ntle ho Mali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhokahalo e Hōlang ea ho Phekola le ho Buoa Ntle ho Mali
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhoa o Buelloang
  • Mali le Lipaki Tsa Jehova
  • Ho Buoa Ntle Ho Mali—Melemo ea Hona ea Lemohuoa
    Tsoha!—1998
  • Lipaki Tsa Jehova li Thusitse Tsoelo-peleng ea ho Buuoa ha Pelo
    Tsoha!—1996
  • Seboka se Ikhethang sa ho Buoa Ntle ho Mali Moscow
    Tsoha!—1999
  • Mekhoa e Meng ea Phekolo ea Boleng bo Botle ka Ntle ho Tšelo ea Mali
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 1/8 maq. 7-11

Tlhokahalo e Hōlang ea ho Phekola le ho Buoa Ntle ho Mali

“Bohle ba sebetsanang le mali le ba hlokomelang bakuli ba buuoang ba lokela ho nahana ka ho buoa ntle ho mali.”—Dr. Joachim Boldt, moprofesa oa ho robatsa bakuli ka lithethefatsi, Ludwigshafen, Jeremane.

TLOKOTSI ea AIDS e qobeletse bo-rasaense le lingaka ho nka mehato e eketsehileng ea ho etsa hore sebaka sa ho buoa e be se sireletsehileng haholoanyane. Ka ho totobetseng, sena se ile sa bolela hore ho nkoe mehato e matlanyana ea ho hlahlobisisa mali. Empa litsebi li bolela hore esita le mehato ena ha e tiise hore tšelo ea mali ha e na kotsi ka ho feletseng. Makasine e bitsoang Transfusion e re: “Le hoja batho ba sebelisa chelete e ngata ho etsa hore phepelo ea mali e be e sireletsehileng ho feta leha e le neng pele, re lumela hore bakuli ba tla ’ne ba leke ho qoba ho tšeloa mali a motho e mong [mofani] kaha ha ho mohla phepelo ea mali e tla ke e be e sireletsehileng ka ho feletseng.”

Hase ho makatsang hore ebe lingaka tse ngata li ea li ntse li e-ba hlokolosi ka ho fana ka mali. Dr. Alex Zapolanski, oa San Francisco, California, o re: “Ha e le hantle tšelo ea mali ha e na molemo oa letho, ’me re leka ka matla ho e qoba bakeng sa motho e mong le e mong.”

Batho ka kakaretso le bona ba ea ba ntse ba hlokomela likotsi tsa tšelo ea mali. Ha e le hantle, phuputso e entsoeng ka 1996 e ile ea senola hore karolo ea 89 lekholong ea batho ba Canada e ka thabela mokhoa o mong oa phekolo ho e-na le mali a fanoeng. Journal of Vascular Surgery e re: “Hase bakuli bohle ba tla hana ho tšeloa mali a motho e mong joaloka Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, kotsi ea ho tšoaetsoa boloetse le ea ho fetola tšebetso ea tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e fana ka bopaki bo hlakileng ba hore re lokela ho fumana mekhoa e meng ea phekolo bakeng sa bakuli bohle ba rōna.”

Mokhoa o Buelloang

Ka lehlohonolo, ho na le mokhoa o mong—oa phekolo ea meriana le ho buoa ntle ho mali. Bakuli ba bangata ha ba o nke e le mokhoa oa ho qetela o ka sebelisoang empa ba o nka e le phekolo e buelloang, ’me e le ka lebaka le utloahalang. Stephen Geoffrey Pollard, eo e leng ngaka e khōlō ea ho buoa ea Lebrithani, o bolela hore palo ea ba tšoaetsoang maloetse le ba shoang ho ba buuoang ka ntle ho mali “bonyane e lekana le ea bakuli ba amohelang mali, ’me maemong a mangata ba qoba mafu a tšoaetsanoang ka mor’a ho buuoa le mathata a atisang ho amahanngoa le mali.”

Phekolo ea meriana e etsoang kantle ho mali e qalile joang? Ka kutloisiso e ’ngoe potso ena e batla e makatsa, kaha ha e le hantle phekolo ea meriana e etsoang kantle ho mali e qalile pele ho tšebeliso ea mali. Ha e le hantle, e bile feela ho tloha mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo moo theknoloji ea tšelo ea mali e neng e se e ntlafetse ho isa bohōleng ba hore e sebelisoe ka tsela e tloaelehileng. Leha ho le joalo, lilemong tse mashome morao tjena ba bang ba entse hore tšebetso ea ho buoa ntle ho mali e tloaelehe. Ka mohlala, lilemong tsa bo-1960 ngaka e tsebahalang ea ho buoa, Denton Cooley, e ile ea qala ho etsa tšebetso ea ho buoa pelo e sa sebelise mali.

Ka lebaka la ho ata ha lefu la sebete ho ba amohetseng tšelo ea mali lilemong tsa bo-1970, lingaka tse ngata li ile tsa qala ho batla mekhoa e meng ea phekolo ho e-na le ho sebelisa mali. Lilemong tsa bo-1980 lihlopha tse ’maloa tse khōlō tsa lingaka li ne li buoa ntle ho mali. Joale, ha seoa sa AIDS se qhoma, lihlopha tse ling tse neng li labalabela ho sebelisa mekhoa ena li ile tsa kōpa likeletso khafetsa ho lihlopha tsena. Lilemong tsa bo-1990 lipetlele tse ngata li ile tsa qapa mananeo a fang bakuli ba tsona menyetla e meng ea phekolo ntle ho mali.

Hona joale lingaka li atlehile ho sebelisa mekhoa e sa akarelletseng mali nakong ea ho buoa le maemong a tšohanyetso ao ka tloaelo a neng a hloka tšelo ea mali. Ho Canadian Journal of Anaesthesia, D.H.W. Wong o re: “Tšebetso e khōlō ea ho buoa pelo, methapo, mafu a basali le ho belehisa, ho lokisa masapo, le ho ntša metsi e ka etsoa ka katleho ka ntle le ho sebelisa mali kapa lihlahisoa tsa mali.”

Molemo o mong oa ho buoa ntle ho mali ke hore ho khothalletsa tšoaro e molemonyana. Dr. Benjamin J. Reichstein, eo e leng mookameli oa tšebetso ea ho buoa Cleveland, Ohio, o re: “Bokhoni ba ngaka e buoang ke ba bohlokoa haholo ho thibeleng tahlehelo ea mali.” Koranta e ’ngoe ea molao, Afrika Boroa, e bolela hore maemong a mang ho buoa ntle ho mali e ka ba “ho potlakang haholoanyane, ho hloekileng haholoanyane le ho nang le litšenyehelo tse tlaasana.” Ea phaella: “Ka sebele tlhokomelo ea ka mor’a phekolo maemong a mangata e ipakile e le litšenyehelo li tlaase hape e sa senye nako.” Ana e mpa e le mabaka a seng makae feela a etsang hore ebe hona joale lipetlele tse 180 lefatšeng ka bophara li na le mananeo a sebetsanang ka ho khetheha le phekolo ea meriana le ho buoa ntle ho mali.

Mali le Lipaki Tsa Jehova

Ka mabaka a thehiloeng Bibeleng, Lipaki tsa Jehova li hana tšelo ea mali.a Empa li amohela—le ho phehella ka matla—mekhoa e meng ea phekolo ea meriana e sa sebeliseng mali. Dr. Richard K. Spence, ha e sa le mookameli oa tšebetso ea ho buoa sepetleleng se seng sa New York, o ile a re: “Lipaki tsa Jehova li batla ka mafolofolo phekolo e molemo ka ho fetisisa ea meriana. E le sehlopha, ke bakuli ba rutehileng ka ho fetisisa bao ngaka e buoang e tla ke e kopane le bona.”

Lingaka li ntlafalitse mekhoa e mengata ea ho buoa Lipaki tsa Jehova ntle ho mali. Nahana ka phihlelo ea ngaka e buoang pelo le methapo Denton Cooley. Ka lilemo tse fetang 27, sehlopha sa hae se atlehile ho buoa Lipaki tsa Jehova tse 663 pelo. Liphello li bontša ka ho hlaka hore pelo e ka buuoa ka katleho ntle le ho sebelisa mali.

Ke ’nete hore ba bangata ba ’nile ba nyatsa Lipaki tsa Jehova ka ho hana ha tsona mali. Empa tataiso e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Litsebi Tsa ho Robatsa Bakuli ka Lithethefatsi oa Great Britain le Ireland e hlalosa boemo ba Lipaki “e le pontšo ea ho hlompha bophelo.” Ha e le hantle, boemo bo tiileng ba Lipaki e bile tšusumetso e matla e entseng hore phekolo e sireletsehileng ea meriana e fumanoe ke bohle. Moprofesa Stein A. Evensen, oa National Hospital ea Norway oa ngola: “Lipaki tsa Jehova tse hlokang ho buuoa li betlile khoro le ho fana ka tšusumetso bakeng sa lintlafatso lefapheng la bohlokoa la tšebeletso ea bophelo ea Norway.”

E le hore li thuse lingaka ho fana ka phekolo ntle le ho sebelisa mali, Lipaki tsa Jehova li thehile tšebeletso e thusang ea bohokahanyi. Hona joale, Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele tse fetang 1 400 lefatšeng ka bophara li hlomeletsoe ho fa lingaka le bafuputsi boitsebiso ba bongaka bo bolokiloeng k’homphieutheng ba lihlooho tse fetang 3 000 tse amanang le ho phekola le ho buoa ntle ho mali. Dr. Charles Baron, eo e leng moprofesa Sekolong sa Molao sa Koleche ea Boston, o re: “Hase Lipaki tsa Jehova feela kajeno tseo ka lebaka la mosebetsi oa Likomiti tsa Lipaki tsa Bohokahanyi le Lipetlele li ka ’nang tsa se ke tsa tšeloa mali ho sa hlokahale, empa ke bakuli ka kakaretso.”b

Boitsebiso bo mabapi le phekolo ea meriana le ho buoa ntle ho mali bo bokeletsoeng ke Lipaki tsa Jehova e ’nile ea e-ba bo molemo ho ba bangata lefapheng la bongaka. Ka mohlala, ha ba hlophisa boitsebiso ba buka e bitsoang Autotransfusion: Therapeutic Principles and Trends, bangoli ba eona ba ile ba kōpa Lipaki tsa Jehova hore li ba fe boitsebiso bo mabapi le mekhoa e meng ea phekolo e sa sebeliseng tšelo ea mali. Ka thabo Lipaki li ile tsa amohela kōpo ea bona. Hamorao ka kananelo bangoli bao ba ile ba re: “Linthong tsohle tseo re ileng ra li bala ka taba ena, ha re e-s’o bone lethathamo le tobileng, le feletseng joalo la mekhoa ea ho qoba ho tšela motho mali a motho e mong.”

Khatelo-pele lefapheng la bongaka e entse hore ba bangata ba hlahlobe phekolo ea meriana e sa sebeliseng mali. See se tla re lebisa hokae? Moprofesa Luc Montagnier, ea ileng a sibolla kokoana-hloko ea AIDS, o re: “Kutloisiso ea rōna e ntseng e tsoela pele lefapheng lena e bontša hore ka letsatsi le leng tšelo ea mali e lokela ho fela.” Ho sa le joalo, mekhoa e meng ea phekolo e sa sebeliseng mali e se e ntse e boloka bophelo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Levitike 7:26, 27; 17:10-14; Deuteronoma 12:23-25; 15:23; Liketso 15:20, 28, 29; 21:25.

b Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele li boetse li nehelana ka lipuo ho basebetsi ba bongaka ba sepetlele ha li menngoe. Ho phaella moo, haeba li kōpiloe thuso ka ho toba, li thusa bakuli ho buisana le ngaka e ikarabellang esale pele, ka tsela e tobileng le e tsoelang pele.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Seo Lingaka Tse Ling li se Bolelang

‘Tšebetso ea ho buoa ntle ho mali ha e molemong oa Lipaki tsa Jehova feela empa e molemong oa bakuli kaofela. Ke nahana hore ngaka e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho kenya letsoho ho eona.’—Dr. Joachim Boldt, moprofesa oa ho robatsa bakuli ka lithethefatsi, Ludwigshafen, Jeremane.

“Le hoja tšelo ea mali e batla e sireletsehile kajeno ha e bapisoa le nakong e fetileng, e ntse e hlahisa likotsi, tse akarelletsang ho hana ha ’mele mali a tšeloang ka lebaka la tsamaiso ea oona ea ho itšireletsa mafung le ho tšoaetsoa lefu la sebete le maloetse a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali.”—Dr. Terrence J. Sacchi, motlatsi oa moprofesa oa phekolo ea meriana tleliniking.

“Lingaka tse ngata li na le tšekamelo ea ho nka tšelo ea mali habobebe ’me li fana ka eona ka bolokolohi feela le ka ho se tsotelle. ’Na ha ke etse joalo.”—Dr. Alex Zapolanski, mookameli oa tšebetso ea ho buoa pelo Setsing sa Pelo, San Francisco.

“Ha ke bone eka ho na le tšebeletso leha e le efe e tloaelehileng ea ho buoa mpa ho mokuli ea itekanetseng e hlokang hore ho fanoe ka tšelo ea mali kamehla.”—Dr. Johannes Scheele, moprofesa oa ho buoa, Jena, Jeremane.

[Litšoantšo]

Dr. Joachim Boldt

Dr. Terrence J. Sacchi

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Ho Phekola le ho Buoa Ntle ho Mali

Mekhoa e Meng e Sebelisoang

Mekelikeli: Motsoako oa Ringer’s lactate, dextran, hydroxyethyl starch le e meng e sebelisetsoa ho boloka tekanyo ea mali, ho thibela shock e bakoang ke tahlehelo e ngata ea mali. Mekelikeli e meng e ntseng e hlahlojoa hona joale e ka tsamaisa oksijene.

Meriana: Liprotheine tse hlahisitsoeng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso li ka potlakisa tlhahiso ea lisele tse khubelu tsa mali (erythropoietin), li-platelet tsa mali (interleukin-11) le lisele tse sa tšoaneng tse tšoeu tsa mali (GM-CSF, G-CSF). Meriana e meng e fokotsa ho lahleheloa ke mali ka bongata nakong ea ho buuoa (aprotinin, antifibrinolytics) kapa e thusa ho fokotsa mali a tsoang ka bongata (desmopressin).

Lintho tse koalang methapo tse entsoeng ka lintho tse phelang: Li-pad tse lohiloeng ka collagen le cellulose li sebelisetsoa ho emisa mali a tsoang ka hore li behoe ka ho toba leqebeng. Likhomaretsi tsa fibrin le li-sealant li ka thiba maqeba a bulehileng kapa tsa koahela libaka tse khōlō tse tsoang mali.

Ho bokeletsa mali a tsoileng ’meleng: Mechine e bokeletsang mali a tsoileng ’meleng e khutlisa mali a lahlehang nakong ea ho buuoa kapa ea ha kotsi e etsahala. Mali ao aa hloekisoa ’me a ka khutlisetsoa ho mokuli ka potoloho e sa emiseng. Maemong a mang a feteletseng, ho ka khutlisoa lilithara tsa mali ho sebelisoa mokhoa ona.

Lisebelisoa tsa ho buoa: Lisebelisoa tse ling lia seha li bile li koala methapo ea mali ka nako e le ’ngoe. Lisebelisoa tse ling li ka thibela mali ho tsoa likarolong tse khōlō tsa lisele. Lisebelisoa tsa laparoscopy le tse ling tse nyenyane tse kenngoang ’meleng li lumella hore ho buoa ho etsoe ntle ho tahlehelo e khōlō ea mali e tsamaisanang le ho buuoa ho hoholo.

Mekhoa ea ho buoa: Tokisetso e feletseng ea tšebetso ea ho buoa, ho akarelletsa ho buisana le litsebi tse nang le phihlelo, e thusa sehlopha se buoang ho qoba mathata. Ho nka bohato bo potlakileng ba ho emisa mali a tsoang ke habohlokoa. Ho lieha ho nka khato ka nako e fetang lihora tse 24 ho ka eketsa monyetla oa hore mokuli a shoe haholo. Ho arola tšebetso e khōlō ea ho buoa ka methati e ’maloa e menyenyane ho fokotsa kakaretso ea mali a lahlehang.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Phekolo ea Meriana e sa Sebeliseng Mali—Na ke ‘Tekanyetso e Ncha ea Tlhokomelo’?

TSOHA! e ile ea buisana ka melemo ea phekolo ea meriana le ho buoa ntle ho mali le litsebi tse ’nè lefapheng lena.

Ntle ho bakuli ba hanang tšelo ea mali ka mabaka a bolumeli, ke bo-mang hape ba thahasellang phekolo ea meriana e sa sebeliseng mali?

Dr. Spahn: Hangata ba kōpang phekolo ea meriana e sa sebeliseng mali setsing sa rōna ke bakuli ba nang le tsebo haholo.

Dr. Shander: Ka 1998 palo ea bakuli ba ileng ba hana mali ka mabaka a botho e ne e feta palo ea bakuli ba ileng ba hana mali ka mabaka a bolumeli.

Dr. Boyd: Ka mohlala, ho na le bakuli ba tšoeroeng ke kankere. Ho ’nile ha bontšoa ka makhetlo a mangata hore haeba ba sa fuoe mali, ba hlaphoheloa hamolemonyana ’me ha ba tšoaroe ke boloetse boo khafetsa.

Dr. Spahn: Re atisa ho phekola liprofesa tsa univesithi le ba malapa a tsona re sa sebelise mali. Esita le lingaka tse buoang li kōpa hore re qobe tšelo ea mali! Ka mohlala, ngaka e ’ngoe e buoang e ile ea tla ho rōna mabapi le mosali oa eona, ea neng a lokela ho buuoa. E ile ea re: “Le mpe le etse bonnete ka ntho e le ’ngoe feela—hore ha a tšeloe mali!”

Dr. Shander: Litho tsa lefapha la ka la ho robatsa bakuli ka lithethefatsi li ile tsa re: ‘Bakuli bana ba sa fuoeng mali ba hlaphoheloa hantle ka ho tšoanang, mohlomong le ho feta ba bang. Ke hobane’ng ha re e-na le litekanyetso tse peli tsa tlhokomelo? Haeba ena ke eona tlhokomelo e molemo ka ho fetisisa, re lokela ho e sebelisa ho motho e mong le e mong.’ Kahoo hona joale re batla hore phekolo ea meriana e sa sebeliseng mali e fetohe tekanyetso ea tlhokomelo.

Mr. Earnshaw: Ke ’nete hore ho buoa ntle ho mali ho amana ka ho khetheha le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ena ke eona tsela eo re batlang ho phekola motho e mong le e mong ka eona.

Na mokhoa oa ho phekola o sa sebeliseng mali o na le litšenyehelo tse holimo kapa tse tlaase?

Mr. Earnshaw: O fokotsa litšenyehelo.

Dr. Shander: Phekolo ea meriana e sa sebeliseng mali e theola litšenyehelo ka karolo ea 25 lekholong.

Dr. Boyd: Esita le haeba ke ka lebaka leo feela, re lokela ho e sebelisa.

Re se re tsoetse pele ho isa bohōleng bofe ka ho sebelisa phekolo ea meriana e sa akarelletseng mali?

Dr. Boyd: Ke nahana hore e tsoela pele haholo. Ka sebele ha e e-s’o fihle moo e fellang teng. Nako le nako ha re reteleha, re fumana lebaka le leng le lecha le utloahalang la ho se sebelise mali.

[Litšoantšo]

Dr. Donat R. Spahn, moprofesa oa ho robatsa bakuli ka lithethefatsi, Zurich, Switzerland

Dr. Aryeh Shander, motlatsi oa moprofesa oa ho robatsa bakuli ka lithethefatsi tleliniking, United States

Mr. Peter Earnshaw, FRCS, ngaka e fanang ka boeletsi e buoang e sebetsanang le masapo ea London, Engelane

Dr. Mark E. Boyd, moprofesa oa ho belehisa le mafu a basali, Canada

[Lebokose le leqepheng la 11]

Karolo eo Mokuli a e Phethang

▪ Buisana le ngaka ea hao ka mekhoa e meng ea phekolo e sa sebeliseng mali pele ho hlokahala phekolo. Sena ke sa bohlokoa ka ho khetheha bakeng sa basali ba baimana, batsoali ba nang le bana ba banyenyane le batho ba hōlileng.

▪ Ngola litakatso tsa hao fatše, haholo-holo haeba ho e-na le tokomane ea molao e fumanehang bakeng sa morero o joalo.

▪ Haeba ngaka ea hao e sa ikemisetsa ho u phekola ntle ho mali, batla ngaka e ’ngoe e tla sebetsa tumellanong le litakatso tsa hao.

▪ Kaha mekhoa e meng ea phekolo e sa sebeliseng mali e hloka nako e itseng e le hore e tle e atlehe, u se ke ua lieha ho batla phekolo haeba u tseba hore ho hlokahala hore u buuoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela