Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 6/1 maq. 30-31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Likaroloana Tsa Mali le Mekhoa ea ho Buoa
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 6/1 maq. 30-31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Na Lipaki tsa Jehova li amohela liente tsa karolo ea mali e arotsoeng, joaloka globulin kapa albumin tse sireletsang mafung?

Tse ling lia li amohela, li lumela hore Mangolo ha a thibele ka ho hlakileng ho amohela ente ea karolo e nyenyane, kapa motsoako, e nkiloeng maling.

Qalong ’Mōpi o ile a fa batho bohle tlamo ea ho qoba ho ja mali: “Lintho tsohle tse tsamaeang, tse phelang, e tla ba lijo tsa lōna; . . . Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba eona, ke ho re, mali a eona.” (Genese 9:3, 4) Mali a ne a halalela ’me a ne a ka sebelisoa feela ha ho etsoa sehlabelo. Haeba a ne a sa sebelisoe ka tsela eo, a ne a lokela hore a qhalloe fatše.—Levitike 17:13, 14; Deuteronoma 12:15, 16.

Hona e ne e se thibelo feela ea nakoana ho Bajode. Tlhokahalo ea ho tela mali e ile ea boela ea phetoa ho Bakreste. (Liketso 21:25) ’Musong oa Roma o neng o ba potolohile, molao oa Molimo o ne o tlōloa ka ho pharalletseng, kaha batho ba ne ba ja lijo tse entsoeng ka mali. O ne o boetse o tlōloa ka mabaka a “bongaka”; Tertullian o tlaleha hore banna ba bang ba ne ba ja mali ba nahana hore a ne a ka phekola sethoathoa. ‘Ka lenyora le meharo ba ne ba noa mali a batlōli ba molao ba neng ba bolaetsoe libakeng tsa boithabiso.’ O ile a phaella: “Soabelang litsela tsa lōna tse mpe pel’a Bakreste, ba se nang leha e le mali a liphoofolo lijong tsa bona.” Kajeno Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ka ho tšoanang hore li se ke tsa tlōla molao oa Molimo, ho sa tsotellehe hore na ho tloaelehile hakae hore ba bang ba je lijo tse entsoeng ka mali. Ka bo-1940, litšelo tsa mali li ile tsa sebelisoa ka ho pharalletseng, ’me Lipaki li ile tsa hlokomela hore ho utloa Molimo ho ne ho hloka hore hape li qobe litšelo tsa mali, esita le haeba lingaka li ne li li khothalletsa.

Qalong, litšelo tse ngata li ne li etsoa ka mali a sa aroloang ka metsoako ea ’ona. Hamorao, bafuputsi ba ile ba qala ho arola mali ka metsoako ea ’ona ea sehlooho, kahobane lingaka li ne li fihletse qeto ea hore mokuli ea itseng o ne a ka ’na a se ke a hloka likarolo tsohle tse khōlō tsa mali. Haeba li ne li mo file motsoako o le mong feela oa mali, ho ne ho ke ke ha e-ba kotsi haholo ho eena, ’me lingaka li ne li ka sebelisa mali a fumanehang ka ho eketsehileng.

Mali a motho a ka aroloa ka karolo e lefifi ea lisele le lero le batlang le le lesehla (karolo ea mali e mokeli-keli e se nang ’mala, kapa serum). Karolo ea lisele (e etsang volume ea karolo ea 45 lekholong) e entsoe ka hoo ka tloaelo ho bitsoang lisele tse khubelu tsa mali, lisele tse tšoeu tsa mali, le li-platelet. Karolo e ’ngoe ea 55 lekholong ke karolo ea mali e mokeli-keli e se nang ’mala. Ena e na le karolo ea 90 lekholong ea metsi, empa e nka likarolo tse nyenyane tsa lihaha-’mele tse ngata, maro a susumetsang ’mele, matsoai, le metsoako e thusang qaati ho sila. Kajeno, mali a mangata a fanoang a aroloa ka likarolo tsa ’ona tsa sehlooho. Mokuli e mong a ka ’na a tšeloa karolo ea mali e mokeli-keli e se nang ’mala (mohlomong FFP, fresh frozen plasma) hore ho phekoloe ho nyaroha. Empa mokuli ea haelloang ke lisele tse khubelu tsa mali a ka ’na a fuoa lisele tse khubelu tsa mali tse lutseng li bolokiloe, ke hore, lisele tse khubelu tsa mali tse neng li bolokiloe ’me eaba li tšeloa ka lerong le leng ebe li tšeloa ’meleng. Li-platelet le lisele tse tšoeu tsa mali le tsona li tšeloa ’meleng empa ha hoa tloaeleha hakaalo.

Mehleng ea Bibele batho ba ne ba e-s’o sebelise mahlale a joalo a ho sebelisa metsoako ena. Molimo o ile oa laela tjena feela: ‘Telang mali.’ (Liketso 15:28, 29) Empa ke hobane’ng ha motho ofe kapa ofe a lokela ho nahana hore ho ne ho ka etsa phapang hore na mali a ne a sa aroloa kapa hore a ne a arotsoe ka metsoako ea ’ona? Le hoja banna ba bang ba ne ba noa mali, Bakreste ba ne ba hana esita le haeba hoo ho ne ho bolela lefu. Na u nahana hore ba ne ba tla itšoara ka ho fapaneng haeba motho e mong a ne a bokelletse mali, a a lumella hore a arohane, eaba joale o ba fa karolo ea ’ona e mokeli-keli e se nang ’mala feela kapa karolo e entseng mahloele feela, mohlomong borosong e entsoeng ka mali? Che! Ka hona, Lipaki tsa Jehova ha li amohele litšelo tsa mali a sa aroloang kapa tsa metsoako ea ’ona ea sehlooho (lisele tse khubelu tsa mali, lisele tse tšoeu tsa mali, li-platelet, kapa karolo e mokeli-keli e se nang ’mala ea mali) tse sebelisetsoang ho finyella morero o tšoanang.

Leha ho le joalo, joalokaha potso e hlahisa, bo-ramahlale ba ithutile ka likarolo tse khethehileng tsa mali le kamoo li ka sebelisoang ka teng. Khang e tloaelehileng e amana le lihaha-’mele tsa karolo e mokeli-keli e se nang ’mala ea mali—li-globulin, albumin, le fibrinogen. Mohlomong, e sebelisoang ka ho pharalletseng ka ho fetisisa bakeng sa ho enta ke globulin e sireletsang mafung. Ke hobane’ng ha ho etsuoa seo?

’Mele oa hao o ka hlahisa lithibela-mafu tse thibelang mafu a itseng, oa u fa tšireletso ea nako e telele mafung. Ona ke motheo oa tšireletso mafung o entsoeng esale pele ka ente (toxoid) e thibelang komello ea litho, manketea, rubella (’maselese), diphtheria-tetanus-pertussis, le feberu ea mala. Leha ho le joalo, haeba e mong a sa tsoa tšoaroa ke mafu a itseng a tebileng, lingaka li ka ’na tsa buella hore a fumane ente ea serum (antitoxin) hore e mo fe tšireletso ea nakoana e loantšang mafu hang-hang e nkiloeng ho motho e mong. Ho fihlela morao-rao tjena liente tse joalo li ’nile tsa etsoa ka ho arola globulin e sireletsang mafung, e tšetseng lithibela-mafu, ho tsoa ho motho ea seng a ntse a sireletsehile mafung.a Tšireletso ea nakoana e loantšang mafu e nkiloeng ho motho e mong e fumanoang enteng ha e tšoarelle nako e telele, kahobane lithibela-mafu tse hutsoeng ka ente li tsoela ka ntle ho ’mele oa hae ka mor’a nako e itseng.

Ka baka la taelo ea ho ‘tela mali,’ Bakreste ba bang ba ile ba ikutloa hore ha baa lokela ho amohela ente ea globulin e sireletsang mafung (e leng sehaha-’mele), le hoja e ne e le karolo feela ea mali e arotsoeng. Boemo ba bona ke bo hlakileng le bo itekanetseng—ho hana motsoako oa mali ka sebōpeho sefe kapa sefe kapa ka tekanyo efe kapa efe.

Ba bang ba ile ba ikutloa hore serum (antitoxin), e kang globulin e sireletsang mafung, e tšetseng karolo e nyenyane feela e arotsoeng karolong e mokeli-keli e se nang ’mala ea mali ao motho a faneng ka ’ona ’me e sebelisoa bakeng sa ho matlafatsa ho itšireletsa ha bona mafung, ha e tšoane le tšelo ea mali e fanang ka bophelo. Ka hona matsoalo a bona a ka ’na a se ke a ba thibela ho amohela globulin e sireletsang mafung kapa likarolo tse ling tse tšoanang tse arotsoeng maling.b Ba ka ’na ba fihlela qeto ea hore ho ea ka bona qeto e tla itšetleha haholo-holo ka hore na ba ikemiselitse ho amohela lintho life kapa life tse behang bophelo kotsing tse amanang le ho ntšoa ha mali a motho e mong ka ente.

Ke habohlokoa hore phallo ea mali a mosali oa moimana e arohane le ea lesea le ka pōpelong ea hae; hangata mofuta oa mali a bona o fapane. ’Mè ha a fetisetse mali a hae ka ho lesea le e-song ho hlahe. Metsoako (lisele) e entsoeng ka mali a ’mè ha e tšele mokoallo o entsoeng ke setho seo lesea le ka pōpelong le fumanang lijo ka sona ho kena ka maling a lesea, leha e le karolo e mokeli-keli e se nang ’mala ea mali ka boeona. Ha e le hantle, haeba ka baka la kotsi e itseng mali a ’mè le a lesea le e-song ho hlahe a kopana, mathata a bophelo a ka ’na a hlaha hamorao (ho se lumellane ha Rh kapa ABO). Leha ho le joalo, metsoako e meng e tsoang karolong e mokeli-keli e se nang ’mala ea mali e tšelela ka har’a phallo ea mali a lesea le e-song ho hlahe. Na lihaha-’mele tsa karolo e mokeli-keli e se nang ’mala ea mali le tsona lia tšela, joaloka globulin le albumin tse sireletsang mafung? E, tse ling tsa tsona lia tšela.

Mosali oa moimana o na le tšebetso e matla eo ka eona globulin e itseng e tlohang maling a ’mè ho ea ho a lesea le e-song ho hlahe. Kahobane motsamao ona oa tlhaho oa lithibela-mafu ho kena ka ho lesea le ntseng le le ka pōpelong o etsahala likemarong tsohle, masea a hlaha a e-na le tekanyo e itseng ea boitšireletso bo loantšang mafu khahlanong le ho tšoaetsoa ke mafu a itseng.

Hoa tšoana le ka albumin, eo lingaka li ka ’nang tsa e khetha e le phekolo ea ho nyaroha kapa maemo a mang a itseng.c Bafuputsi ba pakile hore albumin e tsoang karolong e mokeli-keli e se nang ’mala ea mali le eona e fetela ka ’ng̀ane ho setho seo lesea le ka pōpelong le fumanang lijo ka sona ho tloha ho ’mè ho ea ka ho lesea la hae le ntseng le le ka pōpelong, le hoja e le ka katleho e fokolang.

Ha e le hore likarolo tse ling tse arotsoeng maling tsa lihaha-’mele tse tsoang karolong e mokeli-keli e se nang ’mala ea mali li hlile li fetela ka phallong ea mali ea motho e mong (lesea le e-song ho hlahe) ka tlhaho e ka ’na eaba ntho e ’ngoe eo ho ka nahanoang ka eona ha Mokreste a etsa qeto ea hore na o tla amohela globulin e sireletsang mafung, albumin, kapa liente tse tšoanang tsa likarolo tsa mali tse arotsoeng tsa karolo e mokeli-keli e se nang ’mala ea mali. Motho e mong a ka ’na a ikutloa hore eena ka letsoalo le letle a ka ho etsa; e mong a ka ’na a fihlela qeto ea hore a ke ke a ho etsa. E mong le e mong o tlameha hore a etse qeto ka taba eo ka boeena ka pel’a Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka mahlale a etsang liphatsa tsa lefutso tse sa kang tsa e-ba teng ho batsoali tsa DNA, kapa lefapha la thuto ea bophelo le amanang le liphatsa tsa lefutso, bo-ramahlale ba ntse ba etsa lihlahisoa tse tšoanang tse sa etsoang ka mali.

b Mohlala o mong ke globulin e sireletsang mafung ea Rh, eo lingaka li ka ’nang tsa e buella ha ho e-ba le ho se lumellane ho itseng ha Rh pakeng tsa mosali le lesea le e-song ho hlahe. O mong ke Factor VIII, e fuoang batho bao mali a bona a liehang ho etsa mahloele ha ba tsoile kotsi.

c Bopaki bo bontša hore maro a mang ao eseng mali a nkelang tekanyo e itseng ea mokeli-keli sebaka (joaloka hetastarch [HES]) a ka sebelisoa ka katleho ho phekola ho nyaroha le maemo a mang ao motsoako oa albumin o ka beng o sebelisitsoe bakeng sa ’ona pejana.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela