Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb23 January leq. 7
  • Itokisetse Bokuli ba Tšohanyetso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itokisetse Bokuli ba Tšohanyetso
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Meso e Ntse e Tsoala Mesoana?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Na U Tseba Mekhoa e Fapaneng eo U ka Khethang ho Eona?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Tokisetso e Ncha Bakeng sa ho re Thusa ho Ila Mali
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Na U Tseba Mekhoa e Fapaneng eo U ka Khethang ho Eona?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
mwb23 January leq. 7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Itokisetse Bokuli ba Tšohanyetso

Ke hobane’ng ha u lokela ho itokisa? Motho a ka kula ka tšohanyetso a ba a kena sepetlele a sa lebella. Ka hona, etsa sohle seo u ka se khonang hona joale pele bothata bo hlaha, hore u fumane kalafo e loketseng pele maemo a tšohanyetso a hlaha. Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore u hlompha bophelo le molao oa Jehova mabapi le mali.​—Lik 15:28, 29.

U ka etsa’ng ho itokisa?

  • Rapela ebe ka hloko u tlatsa karete ea mali (DPA).a Bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba ka fumana karete ea mali ho mohlanka oa libuka ’me ba fumanela le bana ba bona ba lilemong tse tlase Identity Card (ic)

  • Haeba u imme kopa foromo ea Tlhahiso-leseling Bakeng sa Baimana (S-401) ho baholo. Foromo ena e tla u thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng ha u ntse u imme le ha ngoana a hlaha.

  • Haeba ho hlokahala mokhoa oa kalafo o amanang le mali kapa ho hlokahala hore u robale sepetlele, tsebisa baholo esale pele ’me u tsebise sepetlele hore e mong oa Lipaki Tsa Jehova o tl’o u etela.

Baholo ba ka thusa joang? Ba ka u thusa hore u tlatse karete ea hao ea mali (DPA). Leha ho le joalo, moo u lokelang ho iketsetsa khetho, baholo ba ke ke ba u etsetsa qeto. (Bar 14:12; Gal 6:5) Ha u tsebisa baholo hore ho ka ’na ha e-ba le bothata ba hore u tšeloe mali, ba tla tsebisa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (HLC).

Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele e ka thusa joang? Bara babo rona ba Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele ba koetliselitsoe ho thusa ba sebetsang lipetlele le makhotleng ho utloisisa seo re se lumelang ka tšebeliso ea mali. Ba ka buisana le ngaka ea hao ka mekhoa ea kalafo e sa sebeliseng mali. Haeba ho hlokahala, ba ka u thusa ho fumana ngaka e tla utloisisa boemo ba hao mabapi le ho tšeloa mali.

SHEBELLANG VIDEO EA RE KA ETSA LIQETO TSA PHEKOLO TSE AMANG MALI JOANG EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

  • U ithutile’ng videong ee e tla u thusa hore u itokisetse ho kula ka tšohanyetso ho ka hlokang hore u tšeloe mali?

a Khaolo ea 39 bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! e ka u thusa hore u etse liqeto mabapi le tšebeliso ea mali.

NA U ITOKISITSE?

Haeba u kula ’me u hloka ho tšeloa mali,

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela