Na U Tseba Mekhoa e Fapaneng eo U ka Khethang ho Eona?
Litsi tsa kokelo tse etsang liopereishene ntle ho tšelo ea mali li ntse li eketseha lefatšeng ka bophara. Na u tseba hantle hore na ho na le mekhoa efe e fapaneng eo u ka khethang ho eona litabeng tsa ho alafuoa ntle ho tšelo ea mali? Ho hlokahala hore u e tsebe e le hore u ka etsa qeto u e-na le kutloisiso litabeng tsa kalafo le opereishene. Shebella video ea No Blood—Medicine Meets the Challenge. Ebe ka mor’a ho etsa thapelo u hlahloba seo u ithutileng sona u sebelisa lipotso tse tlaase mona.—Hlokomela: Kaha videong ena ho na le moo e bontšang ka bokhutšoanyane ha batho ba buuoa, batsoali ba lokela ho sebelisa temoho ha ba shebella video ena le bana ba banyenyane.
(1) Ke lebaka lefe le ka sehloohong le etsang hore Lipaki Tsa Jehova li hane ho tšeloa mali? (2) Lipaki Tsa Jehova li batla phekolo ea mofuta ofe? (3) Bakuli ba na le tokelo efe ea mantlha? (4) Ke hobane’ng ha e le ntho e utloahalang le e nang le kelello ho khetha phekolo e sa hlokeng hore motho a tšeloe mali? (5) Ha motho a lahleheloa ke mali a mangata, ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tseo lingaka li amehang ka tsona? (6) Litsela tse sa hlokeng tšelo ea mali li thehiloe melao-motheong efe e mene? (7) (a) Lingaka li ka fokotsa tahlehelo ea mali joang, (b) li ka thibela tahlehelo ea lisele tse khubelu tsa mali joang, (c) li ka thusa ’mele joang hore o hlahise mali a eketsehileng, (d) li ka khutlisa mali a lahlehileng joang? (8) Hlalosa mekhoa e tsejoang ka hore ke (a) ho hlapolla mali (hemodilution) le (b) ho potolohisa mali (cell salvage). (9) Ke eng seo ho hlokahalang hore u batle ho se tsebisoa mabapi le phekolo leha e le efe e sa hlokeng tšelo ea mali? (10) Na motho a ka etsoa opereishene e khōlō le e rarahaneng a sa tšeloe mali? (11) Ke phetoho efe e molemo e etsahalang lefapheng la bongaka?
Hore na motho o tla amohela mekhoa e meng ea phekolo e bontšitsoeng videong ena kapa che ke taba eo a lokelang ho iketsetsa qeto ho eona ho latela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele. Na u se u entse qeto ea hore na ke mekhoa efe ea ho phekoloa u sa tšeloe mali eo uena le bana ba hao le tla e amohela, hona na u se u tlatsitse karete e ncha ea Advance Medical Directive (AMD)?a Bakeng sa lintlha tse feletseng litabeng tsena, hlahlobisisa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa June 15, 2004, le oa October 15, 2000. Ebe u etsa qeto ea hore na u tla amohela kapa u hane mekhoa efe, u sebelisa kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2007 eo sehlooho sa eona se reng “Pono ea ka ke Efe ka Likaroloana Tsa Mali le Mekhoa ea Bongaka eo ho Eona ho Sebelisoang Mali a Ka?” Qetellong, etsa bonnete ba hore u ngotse khetho ea hao ka nepo kareteng ea AMD. Batho bao u ba khethileng hore ba u buelle le litho tsa lelapa tseo e seng Lipaki ba lokela ho fuoa boitsebiso bo feletseng mabapi le liqeto tsa hao.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Linaheng tse ling, ka har’a lingoliloeng tsa rōna le ho Watchtower Library, karete ena e ntse e bitsoa DPA (durable power of attorney).