Phekolo ea Boleng bo Holimo ka ho Fetisisa—Ke e Joang?
Dr. Michael Rose, mookameli oa tsa bongaka eo hape e leng ngaka e robatsang ka lithethefatsi, o ile a re: “Mokuli leha e le ofe ea sa tšeloeng mali ha a phekoloa, ha e le hantle, o buuoa ka tsela ea boleng bo holimo ka ho fetisisa e ka khonehang.” ‘Ho phekoloa ntle ho mali’ ho ka ’na ha akarelletsa mekhoa efe e sa hlokeng tšelo ea mali? Ho hlokahala hore u e tsebe e le hore u ka ba le kutloisiso pele u etsa liqeto tse amanang le phekolo le opereishene. Shebella video ea No Blood—Medicine Meets the Challenge. Ka mor’a moo, itlhahlobe ka lipotso tse latelang e le ho bona hore na u utloisisa hantle.—Hlokomela: Kaha video ena e na le litšoantšo tse khutšoanyane tse bontšang ha ho etsoa opereishene, batsoali ba lokela ho ba le temoho ha ba shebella video ena le bana ba banyenyane.
(1) Ke lebaka lefe le ka sehloohong le etsang hore Lipaki Tsa Jehova li hane ho tšeloa mali? (2) Lipaki Tsa Jehova li batla phekolo ea mofuta ofe? (3) Bakuli ba na le tokelo efe ea mantlha? (4) Ke hobane’ng ha e le ntho e utloahalang le e nang le kelello ho khetha phekolo e sa hlokeng hore motho a tšeloe mali? (5) Ha motho a lahleheloa ke mali a mangata, ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tseo lingaka li amehang ka tsona? (6) Litsela tse sa hlokeng tšelo ea mali li thehiloe melao-motheong efe e mene? (7) (a) Lingaka li ka fokotsa tahlehelo ea mali joang, (b) li ka thibela tahlehelo ea lisele tse khubelu tsa mali joang, (c) li ka thusa ’mele joang hore o hlahise mali a eketsehileng, (d) li ka khutlisa mali a lahlehileng joang? (8) Hlalosa mekhoa e tsejoang ka hore ke (a) ho hlapolla mali (hemodilution) le (b) ho potolohisa mali (cell salvage). (9) Ke eng seo ho hlokahalang hore u batle ho se tsebisoa mabapi le phekolo leha e le efe e sa hlokeng tšelo ea mali? (10) Na ho ka etsoa liopereishene tse khōlō le tse rarahaneng ho sa hlokahale tšelo ea mali? (11) Ke phetoho efe e molemo e etsahalang lefapheng la bongaka?
Motho o lokela ho iketsetsa qeto a itšetlehile ka letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele mabapi le hore na o tla amohela mekhoa e meng ea phekolo e bontšitsoeng videong eo kapa che. Na u se u entse qeto ea hore na ke mekhoa efe ea ho phekoloa ntle ho tšelo ea mali eo uena le bana ba hao le tla e amohela? U lokela ho fa litho tsa lelapa tseo e seng Lipaki boitsebiso bo feletseng mabapi le liqeto tseo u li entseng le mabaka ao u li entseng ka ’ona.—Bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa June 15, 2004 le oa October 15, 2000.