Rua Molemo Videong ea No Blood—Medicine Meets the Challenge
U tseba ho le hokae ka likhetho tse teng tabeng ea ho phekoloa kantle le ho tšeloa mali? Na u utloisisa mekhoa e meng ea ho phekoloa kantle le ho tšeloa mali le kamoo e sebetsang kateng? Shebella video ena, ’me u hlahlobe tsebo ea hao ka ho araba lipotso tse latelang.—Hlokomela: Kaha video ena e na le litšoantšo tse khutšoanyane tse bontšang ha ho etsoa liopereishene, batsoali ba lokela ho etsa qeto hore na bana ba bona ba lokela ho e shebella kapa che.
(1) Lebaka le ka sehloohong le etsang hore Lipaki Tsa Jehova li hane ho tšeloa mali ke lefe, hona molao-motheo oo o fumanoa hokae ka Bibeleng? (2) Tabeng ea kalafo, re batla eng? (3) Bakuli ba na le litokelo life tsa mantlha? (4) Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang le ho loketseng ho hana ho tšeloa mali? (5) Ha motho a lahleheloa ke mali a mangata, ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tseo lingaka li amehang ka tsona? (6) Ho tšeloa mali ho na le likotsi life bophelong bo botle? (7) Ke lisebelisoa life tse ling tseo lingaka tsa liopereishene li ka li sebelisang ho fokotsa tahlehelo ea mali nakong ea opereishene? (8) Ke eng seo u ka ratang ho se bolelloa mabapi le phekolo leha e le efe e sa hlokeng hore motho a tšeloe mali? (9) Na ho ka etsoa liopereishene tse khōlō le tse rarahaneng ho sa sebelisoe litšelo tsa mali? (10) Lingaka tse eketsehileng li ikemiselitse ho etsetsa Lipaki Tsa Jehova eng, hona qetellong mokhoa o tloaelehileng oa ho hlokomela bakuli bohle e ka ’na ea e-ba ofe?
Motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto, a itšetlehile ka letsoalo la hae haeba a khetha ho amohela mofuta leha e le ofe oa phekolo o bontšitsoeng videong ena.—Bona Molula-Qhooa oa June 15, 2004, maq. 22-4, 29-31, le oa October 15, 2000, maq. 30-1.