Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/10 leq. 3
  • Na Meso e Ntse e Tsoala Mesoana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Meso e Ntse e Tsoala Mesoana?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Meso e Ntse e Tsoala Mesoana?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Na U Itokiselitse Bokuli ba Tšohanyetso?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Na U Tseba Mekhoa e Fapaneng eo U ka Khethang ho Eona?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Na U Tseba Mekhoa e Fapaneng eo U ka Khethang ho Eona?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 1/10 leq. 3

Na Meso e Ntse e Tsoala Mesoana?

Tabeng ea eng? Ho tlatsa karete ea DPA (durable power of attorney) e etselitsoeng Lipaki tse kolobelitsoeng. Kaha ‘ha u tsebe hore na bophelo ba hao bo tla ba joang hosasane,’ ke habohlokoa hore u etse qeto esale pele ’me u ngole hore na u tla amohela phekolo efe boemong ba tšohanyetso. (Jak. 4:14; Lik. 15:28, 29) E le ho u thusa, ho lokiselitsoe video ea Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights. E shebelle, ebe ka mor’a ho etsa thapelo u hlahloba seo u ithutileng sona ka thuso ea lipotso tse tlaase mona.—Hlokomela: Kaha videong ena ho na le moo e bontšang ka bokhutšoanyane ha batho ba buuoa, batsoali ba lokela ho sebelisa temoho ha ba shebella video ena le bana ba banyenyane.

(1) Ke hobane’ng ha basebeletsi ba bang ba lefapha la bophelo ba se ba belaella ho tšela mali? (2) Fana ka mehlala e meraro ea liopereishene tse khōlō tse entsoeng ho sa tšeloe mali. (3) Ke lingaka tse kae tse phekolang mafu a tloaelehileng le tse buoang batho lefatšeng lohle tse bontšitseng hore li ikemiselitse ho phekola bakuli li sa ba tšele mali? Ke hobane’ng ha li ikemiselitse ho etsa joalo? (4) Morao tjee liphuputso tse entsoeng lipetlele li senotse eng ka ho sebelisa mali? (5) Ke likotsi life tse ka bakoang ke ho tšela mali? (6) Litsebi tse ngata li fihletse qeto efe ka melemo ea ho phekoloa ka mekhoa e meng ho fapana le ho tšela mali? (7) Ke eng e bakang khaello ea mali? ’Mele o ka tsoela pele ho sebetsa ho ea bohōleng bofe esita le ha motho a haelloa ke mali? Ho ka etsoa’ng ho thusa mokuli ea haelloang ke mali? (8) Ho ka etsoa’ng hore ’mele oa mokuli o hlahise lisele tse khubelu ka bongata? (9) Ho sebelisoa mekhoa efe e le hore mokuli a se ke a lahleheloa ke mali a mangata ha a buuoa? (10) Na mekhoa e meng ea ho phekola mokuli a sa tšeloe mali ea atleha baneng ba banyenyane kapa ho batho bao bophelo ba bona bo leng kotsing? (11) O mong oa melao-motheo e ka sehloohong ea ho fana ka phekolo e molemo ke ofe? (12) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba khethe esale pele hore na ba batla ho phekoloa ka tsela efe ba sa tšeloe mali? Re ka etsa see joang?

Hore na motho o tla amohela mekhoa e meng ea phekolo e bontšitsoeng videong ena kapa che ke taba eo a lokelang ho iketsetsa qeto ho eona ho latela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele. Na u se u entse qeto ea hore na ke mekhoa efe ea ho phekoloa u sa tšeloe mali eo uena le bana ba hao le tla e amohela ’me na u se u tlatsitse karete ea DPA? Bakeng sa lintlha tse feletseng, hlahlobisisa buka ea “Lerato la Molimo” khaolong ea 7 hammoho le litšupiso tse boletsoeng khaolong eo. Sheba le kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2007 eo sehlooho sa eona se reng “Pono ea ka ke Efe ka Likaroloana Tsa Mali le Mekhoa ea Bongaka eo ho Eona ho Sebelisoang Mali a Ka?” Ha u se u qetile, etsa bonnete ba hore u ngola ka nepo mekhoa eo u e khethang kareteng ea hao ea DPA. Batho bao u ba khethileng hore ba u buelle le litho tsa lelapa tseo e seng Lipaki ba lokela ho tsebisoa liqeto tsa hao ka botlalo.

[Lebokose le leqepheng la 3]

• Na u se u entse qeto ea hore na uena le bana ba hao le tla lumela ho phekoloa ka mekhoa efe?

• Na u tsamaea ka karete ea DPA e tlatsitsoeng e tla sebetsa boemong ba tšohanyetso?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela