Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 24 January
BEKE E QALANG KA LA 24 JANUARY
Pina ea 53 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cf khao. 16 ¶15-20, lebokose le ho leq. 171 (25 mets)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Esdrase 6-10 (10 mets)
No. 1: Esdrase 7:1-17 (4 mets kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Jesu o Bontšitse Joang Hore oa Tšoaneleha ho Busa e le Morena? (5 mets)
No. 3: Na Jesu Kreste Ehlile ke Molimo?—rs leq. 192 ¶2-3 (5 mets)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso. Bolela lingoliloeng tse tsamaisoang ka February, ’me u suthele pontšo e le ’ngoe ea ho li tsamaisa.
20 mets: “Bo Thusa Malapa.”—Karolo ea 1. (Serapa sa 1-6 le lebokose le leqepheng la 6.) Lipotso le likarabo. Khothalletsa bamameli hore ba leke tse ling tsa likeletso tse lebokoseng le leqepheng la 6 mantsiboeeng a latelang a Borapeli ba Lelapa. Bekeng e tlang, ha ho tšohloa karolo e setseng ea sehlooho sena, ba tla ba le monyetla oa ho bolela kamoo malapa a bona a ruileng molemo kateng.
10 mets: Lokisetsa ho Tsamaisa Limakasine ka February. Puisano. Ka motsotso o le mong kapa e ’meli, tšohla lihlooho tsa limakasine tseo. Ebe u khetha lihlooho tse peli kapa tse tharo, ’me u kōpe bamameli ho bolela hore na ba tla botsa lipotso life ’me ba bale mangolo afe ha ba buisana le batho. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
Pina ea 32 le Thapelo