Tokisetso e Ncha Bakeng sa ho re Thusa ho Ila Mali
Sehlopha se Busang se fane ka tumello ea hore karete ea Advance Medical Directive/Release e nkeloe sebaka ke tokomane ea molao ea durable power of attorney (DPA), eo re tla e bitsa karete ea DPA. Ho lokiselitsoe karete ea DPA bakeng sa Afrika e ka boroa.
Karete ea DPA e tla sebetsa mocha-o-chele kae kapa kae Afrika e ka boroa ’me e tla hlalosa seo u se batlang ha u etela linaheng tse ling. Nakong e tlang, u tla lokela ho tlatsa karete e ncha ea DPA haeba (1) u batla ho etsa liphetoho tse itseng kareteng ea hao ea DPA, joaloka ho fetola seo u se batlang, baemeli ba tlhokomelo ea bophelo bo botle, liaterese le linomoro tsa thelefono, kapa haeba (2) karete ea hao ea DPA e lahlehile kapa e senyehile.
U lokela ho nahanisisa ka thapelo pele u tlatsa karete ea DPA ’me u e tlatse hantle u le hae. Leha ho le joalo, pele e saenoa, ke habohlokoa hore mehato ea molao e lateloe ka nepo. Ka mohlala, haeba karete ea hao e re lipaki tse peli li tlameha ho u bona ha u e saena, li tlameha ho ba teng ha u e saena. Nako le nako balebeli ba thuto ea buka ba lokela ho bonana le ba e-s’o tlatse likarete tsena tse ncha e le hore ba ka ba thusa haeba ho hlokahala.
Pele u mena karete ea DPA, etsa likopi tsa boleng bo botle bakeng sa moemeli oa hao oa tlhokomelo ea bophelo bo botle, moemeli oa bobeli, ngaka ea hao le kopi eo u tla ipolokela eona. Hape u ka ’na ua etsa kopi bakeng sa litho tse ling tsa lelapa le mongoli oa phutheho. Likopi li lokela ho etsoa ka lehlakoreng le le leng la pampiri ea boholo bo tloaelehileng (A4 ea 210mm x 297mm) ’me u etse hore karete ea DPA e lule bohareng ba leqephe. Karete ea original ea DPA, eseng kopi ea eona, e lokela ho lula ho uena.
Identity Card e ngotsoeng letsatsi la khatiso la 3/99 e etselitsoeng bana ba sa kolobetsoang ba Lipaki eona ha e e-s’o fetohe. Batsoali ba lokela ho tiisa hore karete ea ngoana e mong le e mong e tlatsoa hantle le hore e saennoe ’me e lula ho ngoana ka linako tse loketseng.
Bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka ’na ba ipapisa le se ngotsoeng kareteng ea DPA le ho Identity Card ha ba ngola litaelo tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle bakeng sa bona le bana ba bona. Mongoli o lokela ho fa bahoeletsi bohle ba kolobetsoang har’a selemo likarete tsa DPA.