Litokisetso Tse re Thusang ho Ila Mali
Bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba ’nileng ba tlatsa karete ea Advance Medical Directive/Release (md) kapa Identity Card (ic) e sa bontšeng letsatsi la khatiso kapa e ngotsoeng letsatsi la khatiso la 3/99 ho ke ke ha hlokahala hore ba tlatse e ’ngoe selemong sena. Bakeng sa Seboka sa Tšebeletso sa beke ea la 26 January, mongoli o lokela ho ba le likarete tse lekaneng bakeng sa bahoeletsi ba sa tsoa kolobetsoa, bana ba bona le bao ho hlokahalang hore ba tlatse tse ling. Haeba phutheho e se na likarete tse lekaneng, mongoli a ka buisana le phutheho e haufi kapa a kōpa likarete tse eketsehileng ka odara e latelang ea libuka ea phutheho.
Likarete tsena li lokela ho tlatsoa ka hloko lapeng empa LI SE KE tsa tekenoa. Thutong ea Buka ea Phutheho bekeng e latelang, likarete tsena li lokela ho tekenoa, li pakeloe ’me li ngoloe deiti, ’me molebeli oa thuto ea buka o tla thusa moo ho hlokahalang. Lipaki li lokela ho bona ka mahlo ha mong’a karete a e tekena.
Bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka ingolla likarete le bana ba bona ba itšetlehile ka mantsoe a kareteng ea Advance Medical Directive/Release le Identity Card.